Na ke Lokela ho Khaotsa ho Khanna?
U SE u e-na le lilemo tse ngata u khanna. Haesale u thabela ho khanna koloi ea hao le ho ea hohle moo u batlang, ka nako eo u e batlang. Empa metsoalle ea hao le ba lelapa ba tšoenyehile, ’me ba ka thaba ha u ka nahana habeli ka taba ena ea ho tsoela pele u khanna. Empa ha u utloisise hore na ke hobane’ng ha ba tšoenyehile.
Na u boemong bo tšoanang? Haeba ho joalo, ke’ng e ka u thusang hore u etse qeto ea hore na u tla tsoela pele u khanna kapa che?
Linaheng tse ling, bakhanni ba lilemong tse itseng ba lokela ho fumana tumello ea ngaka e le hore ba ka tsoela pele ba khanna. Bakreste ba lulang linaheng tseo ba mamela melao ea naha. (Bar. 13:1) Empa le haeba ho se na melao e tšoanang moo u lulang, ho na le mekhoa eo u ka e sebelisang ho hlahloba bokhoni ba hoa ba ho khanna ka tsela e sireletsehileng.
HLAHLOBA TSELA EO U KHANNANG KA EONA
Websaete ea mokhatlo o mong o bitsoang National Institute on Aging (NIA) oa Amerika, e khothalletsa hore u ipotse lipotso tse latelang pele:
Na ke thatafalloa ke ho bala matšoao a tsela kapa ho bona ha e le bosiu?
Na ke se ke thatafalloa ke ho tjekisa hlooho e le hore ke bone liipone le libaka tseo ke sa khoneng ho li bona ka liipone?
Na ke thatafalloa ke ho nka khato kapele, joaloka ho tlosa leoto lefureng ke le isa mariking?
Na ke khanna butle hoo ke bakang sephethephethe?
Na e se e le ka makhetlo ke batla ke e-ba le kotsi ea koloi, kapa na koloi ea ka e khobehile ebile e na le mengoapo hobane ke thutse lintho tse ling?
Na nkile ka emisoa ke mapolesa ka lebaka la tsela eo ke khannang ka eona?
Na nkile ka otsela ke ntse ke khanna?
Na ke noa meriana kapa lipilisi tse ka etsang hore ke se ke ka khona ho khanna hantle?
Na ba lelapa kapa metsoalle ba mpolelletse hore ba tšoenyehile ka tsela eo ke khannang ka eona?
Haeba u arabetse ka e! potsong e le ’ngoe kapa tse peli ho tse ka holimo, u ka nahana ka ho etsa liphetoho. Ka mohlala, u ka ’na oa fokotsa makhetlo ao u khannang ka ’ona, haholo ha e le bosiu. Lula u hlahloba tsela eo u khannang ka eona. U ka kopa e mong oa lelapa kapa motsoalle hore a u bolelle hore na o ikutloa joang ka tsela eo u khannang ka eona. U ka boela oa nahana ka ho ea sekolong ho e’o ithuta ho khanna ka tsela e sireletsehileng. Leha ho le joalo, haeba u arabetse ka e! lipotsong tse ’maloa tse hlahang ka holimo, ho ka ba molemo hore u khaotse ho khanna ka ho felletseng.a
TATAISOA KE MELAO-MOTHEO EA BIBELE
Re ka ’na ra se ke ra hlokomela hore bokhoni ba rona ba ho khanna bo ntse bo fokotseha, ’me ho ka ba thata hore re nahane kapa re bue ka taba ea ho khaotsa ho khanna. Kahoo, ke melao-motheo efe ea Bibele e ka u thusang hore u nahane hantle le ho etsa qeto e nepahetseng? Nahana ka ena e ’meli.
Tseba moo matla a hao a fellang teng ’me u inyenyefatse. (Liprov. 11:2) Ha re ntse re hola, ha re sa khona ho bona le ho utloa hantle, ho nka bohato kapele le mesifa ea rona ea fokola. Ka mohlala, batho ba bangata ba khaotsa ho bapala lipapali tse itseng ha ba ntse ba hola, kaha baa hlokomela hore ho bonolo hore ba ka lemala. Ho etsahala ntho e tšoanang le ka ho khanna. Ho na le nako eo motho a lokelang ho inyenyefatsang ’me a etse qeto ea ho khaotsa ho khanna hobane a hlokomela hore ha a sa bolokehile. (Liprov. 22:3) Haeba batho ba bang ba bontša hore ba tšoenyehile ka taba ea hore u ntse u khanna, ikemisetse ho ba mamela.—Bapisa le 2 Samuele 21:15-17.
Qoba ho ba le molato oa mali. (Deut. 22:8) Koloi ke sebetsa se kotsi haeba e sa khannoe hantle. Motho ea tsoelang pele ho khanna le hoja bokhoni ba hae bo ntse bo fokotseha, o beha bophelo ba hae le ba batho ba bang kotsing. Hape ha a ka baka kotsi eaba motho oa hlokahala, a ka ba molato oa mali.
Haeba u lokela ho etsa qeto e boima ea ho khaotsa ho khanna, u se ke oa nahana hore seo se tla etsa hore batho ba se ke ba u hlompha. Jehova o u rata hobane u e-na le makhabane a matle, a akarelletsang ho inyenyefatsa, boikokobetso le ho ameha ka bophelo ba batho ba bang. Hape o tšepisa hore o tla u tšehetsa le ho u tšelisa. (Esa. 46:4) A ke ke a u lahla le ka mohla. Kahoo, mo kope hore a u thuse hore u be bohlale le ho ba le temoho ha u etsa qeto ea hore na u tla khaotsa ho khanna kapa che.
a Bala sehlooho se reng “Likotsi Tsa Koloi—Na U Sireletsehile?” se hlahang ho Tsoha! ea September 8, 2002, e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng.