Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
EA KHANNANG ka polokeho, ka kelohloko, kelohloko e khōlō, ea feto-fetolang mahlakore tseleng, ea bohlasoa, ea kotsi—tsena ke litlhaloso tsa bakhanni. Ke efe e sebetsang ho uena? Bakhanni ba bangata ba ba ka inahana e le bakhanni ba bolokehileng le ba kelohloko, empa bapalami le basebelisi ba bang ba tsela ba ka se tšehetse boitlhaloso boo ba bona.
Ntho e ’ngoe e hlokahalang ho khanneng ka polokeho ke koloi e loketseng tsela.
Na Koloi ea Hao e Loketse Tsela?
Linaha tse ling li hlahloba boemo bo akareletsang ba likoloi nako le nako. Hangata liphello ke tse makatsang. Ka mohlala, Fora, tlhahlobo ea haufinyana ea likoloi tse nang le lilemo tse hlano e senotse hore karolo ea 73 lekholong e ne e le boemong bo mahareng, bo fokolang haholo, kapa bo kotsi.
Ho u thusa ho hlahloba koloi ea hao, u tla fumana ho thusa ho latela mokhoa o tšoanang le oo bakhanni ba lifofane ba o sebelisang ho tiisa hore tsohle li lokile pele se fofa. Litlhahiso tsa ho hlahloba koloi li bontšitsoe leqepheng la 8.
Ha koloi ea hao e loketse tsela, e hlahlobiloe hantle ’me e le molaong, joale u hloka lengolo le sebetsang la ho khanna. Ho le fumana, u lokela ho ea tekong. Na u tla atleha kapa u tla hlōleha?
Teko ea ho Khanna
Batho ba bangata ba ithutang ho khanna ba nka teko ea ho khanna e le tšitiso. Ke moqoqo o moholo oa bona. Liteko li fapana ho ea ka linaha.
Fora, joaloka linaheng tse ling tse ngata, liithuti tsa ho khanna li etsa teko ea ho khanna ka likarolo tse peli, ho khanna tselang le ho ithuta ka hlooho. Jeremane, ho ithuta ho khanna ho kopanyelletsa koetliso ea thuso ea potlako ho ba tsoileng kotsi. Ho phaella moo, balaoli ba bea molao o qobellang oa ho ithuta ho khanna bosiu bonyane hora le halofo le ho khanna lihora tse fetang tse peli tseleng ea lebelo le phahameng. Haeba seithuti se feta liteko tsa mohlahlobi, se amohela lengolo le bontšang hore se sa le tekong ka lilemo tse peli. Haeba nako ena e ka feta se sa ka sa etsa kotsi, se fuoa lengolo la ho khanna.
Japane e hatella koetliso ea ho khanna tseleng ka lihora tse 30 ho ea ho tse 60 tlas’a barupeli ba tšoanelehang ba ho khanna, le teko e likarolo li tharo: ea lingaka (mahlo, ho se khetholle mebala, ho utloa), ho khanna (bakeng sa tsebo ea sebele ea ho khanna), le ho ngola (ka melao ea tsela.)
Ho ea ka The Times ea London, “teko e thata ea ho khanna ea Brithani e hlōla Maamerika a makholo a halefileng [a lulang moo].” Kahobane karolo ea 51 lekholong e hlōloa ke teko ena (ha e bapisoa le karolo ea 15 lekholong U.S.A.), ho lekanyetsoa hore “ke e boima ka ho fetisisa lefatšeng.”
Ho se tšoane ha liteko tse sebelisoang ho feta mekhoa ea sebele ea ho khanna. Ben Yoshida, ea nang le sekolo sa ho khanna New York, o itse: “Tokyo, mohlahlobi o leka [bakhanni] ho bona haeba ka sebele ba tseba ho khanna koloi, empa United States, ho lekoa ho bona kamoo ba ka khannang ka polokeho kateng.”
Ho sa tsotellehe liphapang tsena, bakhanni bohle ba lokela ho ikitlaetsa ka matla ho khanna ka polokeho. Ba ka etsa sena joang?
Mosali e mong oa Lenyesemane, ea entseng liteko tsa hae tsa ho khanna ha a le lilemo li 50 le ho atleha, o fumane ho thusa ho ithuta ka ho feletseng Highway Codea ea Brithani. Empa joaloka tsebo leha e le efe, o fumane hore ho hlokahala ho eketsehileng ho feta ho ithuta buka feela.
Ho ithuta ho bohlokoa. Haeba u mokhanni e mocha, ithute ho khanna ka polokeho tlas’a maemo a fapaneng. Ka mohlala, ha boemo ba leholimo bo fetoha, ho ba joalo le ka boemo ba tsela. Leha ho ka ba le mafafatsane a pula, mabili a koloi ea hao a ke ke a tšoara tsela joaloka nakong eo e omileng. Ka baka leo, u tlameha ho fokotsa lebelo le ho hlokomela likotsi tsa tsela haholoanyane. Lipula tse matla li tlisa mathata a eketsehileng, a kang ho se bone, hōle ka baka la metsi a phutloang ke koloi e ka pel’a hao. E, tloaelana le maemo a fapaneng a leholimo ’me u lumellanye ho khanna ha hao le ona.
Ho ka etsahala hore ha u molokise ea tšoanelehang oa koloi. Ha e le hantle, “ha se le mokhanni a le mong ho ba bahlano ea tsebang mabili a koloi ea hae a hloka moea o mokae kapa linako tsa ho ntša oli ea khale le ho tšela e ncha le tse joalo,” ho bolela Daily Mail ea London, e phaella: “Ha se le ea mong ho ba bararo ea balang bukana ea ho lokisa koloi ’me hoo e batlang e le bohle ba emisoa hlooho ke moetso oa mehleng ena oa enjine.” Ho thoe’ng ka uena?
Leha ho se bohlokoa ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka enjine ea koloi ea kajeno, ho tseba lintho tse itseng tsa metheo ho a thusa. Hona ho tla u nolofalletsa ho hōlisa ‘ho qenehela koloi.’
Ntlafatsa Tsebo ea Hao
Ho atleha tekong ea hao ea ho khanna ho tla u fa boikutlo bo botle, boikutlo ba katleho. Empa joale ho latela’ng? Na u tla lumella tekanyetso ea hao e theohe? “Hangata kamor’a ho atleha tekong, bakhanni ba bangata ba ba bohlasoa,” ho hlalosa morupeli oa ho khanna. O fana ka keletso ena: “Tseba moo matla a hao a fellang, ka ho tšoanang le matla a koloi maemong a fapaneng. Pele u tseba hoo, ho ka ba bonolo hore u etse kotsi. Mokhanni e mong o lumetse: “Haeba ke ne ke khanna ka tsela eo ke neng ke etsa ka eona libekeng tsa pele tse ’maloa kamor’a teko ea ka, ke ne ke tla ba mokhanni ea bolokehileng haholoanyane.” Hobane’ng? O a lumela: “Hona joale ke ipea likotsing haholoanyane.”
Ka ho atleha tekong ea hao, u bontša hore u hlile u mokhanni ea bolokehileng. Ho ba mokhanni ea molemo, u tlameha ho tsoela pele u ntlafatsa mokhoa oa hao oa ho khanna. U ka tseba ho ntlafatsa tsebo ea hao ka phihlelo le ho hlokomela tsela eo u khannang ka eona.
Falimehela likotsi tse ka bang teng. “Ho haelloa ke ho nahanela se etsahalang ka pele, kamorao le ho potoloha koloi ea hao ke phoso e khōlōhali ea bakhanni ba kajeno,” ho tlaleha mohlahlobi oa mapolesa a khannang oa Brithani, Alex Miller. Leka ho nahanela lintho tse sa lebelloang. Ho ‘ithuta tsela’ ho tla u thusa.—Bona lebokoso leqepheng lena.
Polokeho e Kopanyelletsa Boikutlo
“Boikutlo,” ho ea ka mohlahlobi oa ho khanna Miller, “ke ntho ea bohlokoa haholo.” Mokhanni ea nang le phihlelo ea lilemo tse 30 Afrika le Europa, o fana ka tlhokomeliso ena: “Ho khanna ho senola botho ba hao. Mekhoa ea motho ea ho khanna e bontša tsela eo a tšoarang ba bang ka eona bophelong ba letsatsi le letsatsi.”
Mokhanni oa Canada o lebisa tlhokomelo tholoaneng e molemo ea boikutlo bo nepahetseng, o itse: “Ha lengolo la ho khanna le talingoa e le ‘tlotla’ ho e-na le ‘tšoanelo,’ boitšoaro bo joalo bo botle bo tla ntlafatsa haholo polokeho ea rōna litseleng tsa lebelo le phahameng.”
“Haeba polokeho e le boikutlo ba kelello,” ho hlalosa bukana ea ho khanna ea Lefapha la Brithani la Lipalangoang, “boikokobetso ke e ’ngoe ea likarolo tsa bona tsa sehlooho.” Ho ba bangata, sena se tla bolela ho fetola boikutlo. Na hoo ho ka etsahala? E. Ho kopanyelletsa ho ba ea tsotellang ba bang, le ho hloka boithati. Molao o moholo oa Bibele o bontša sena hantle hakaakang: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.
Empa ke joang sena se ka etsoang? “Haeba ba bang ba u halefisa tseleng, ho hlile ho boima ho hlaolela litšoaneleho tse ntle,” ho boletse mokhanni e mong Engelane. Ha ho pelaelo hore u lumellana le hoo. Takatso ea ho iphetetsa e ba matla. “Leha ho le joalo, ke ’nile ka sebelisa lik’hasete tsa ’mino ho felisa takatso ena. Matla a tsona a khutsisang a makatsa.”—Bona lebokoso leqepheng la 9.
“Leka ka matla ho laola maikutlo leha e le afe a ho halefa,” ke keletso ea Mojapane e mong ea nang le phihlelo. “Haeba u ferekantsoe ke ho hong, bina.”
Se ke ua lebella ho hongata ho ba bang. Lipalo-palo tsa likotsi li lemosa ka ho hlaka ka bakhanni ba kotsi. Ikemisetse ho khanna ka ho itšireletsa, kapa joaloka ha mokhanni e mong a bolela: “Khanna joaloka ha eka e mong le e mong ke kotsi tseleng.”
Hape, hlokomela hore u ka ithuta ho ba bang. Hlahloba boleng ba ho khanna ha bona.—Bona lebokose leqepheng lena.
“Ho ba Mokhanni ea Hloahloa hase taba ea mohlolo,” ho bolela Jim Kenzie, ha a ngola ho The Toronto Star. “Seo u se hlokang feela ke tsebo, kelello, [le] ho nahanela motho e mong.” Ebang u mokhanni e mocha kapa ea nang le phihlelo, hopola hore tsela hase sebaka sa ho se mamelle kapa sa boithati.
Ka ho hōlisa ‘ho qenehela koloi,’ ‘ho ithuta tsela,’ ho bea khopolo koloing ha u khanna, ho nahanela se ka hlahang, le ho hlaolela boikutlo bo ikokobelitseng, u tla atleha ha u khanna—ka polokeho!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bukana ea ’muso e hlahileng ka lekhetlo la pele ka 1931, le ho ntlafatsoa ka makhetlo a mangata, eo hape e leng buka ea “Bobeli e rekisoang haholo kamor’a Bibele” Brithani, e fana ka litataiso tse hlakileng ka polokeho bakeng sa basebelisi bohle ba tsela.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Na Koloi ea Hao e Loketse Tsela?
Lintho tseo motho a lokelang ho li hlahloba ka leeto le leng le le leng:
Fenstere e ka pele le tse ling: Na li hloekile? Na botlolo ea polasitiki ea metsi a fenstere e ka pele e tletse metsi? Na lihlakola-fenstere e ka pele li boemong bo botle?
Mabone, mabone a mariki, le a ho thinya: Na a sebetsa?
Mabili: Na a na le masoba a tebileng kapa ho patsoha, a bululoha, kapa a senyehile?
Mariki: Kapelenyana ha u qeta ho lumisa koloi, bona haeba a sebetsa.
Tlhahlobo e etsoang ke mokhanni hang kamor’a nako:
Enjine: Na oli e kaholimo ho mola oa “ADD”? Se ke ua e tlatsa haholo.
Radiator (haeba e le teng): Na e chesa haholo? Na ho na le tšireletso e lekaneng.
Mabili: Na a na le moea o lekaneng, botebo bo loketseng ba mela, le ho fela ka tsela e tšoanang?
Battery: Na boemo ba metsi a eona bo nepahetse ka seleng e ’ngoe le e ’ngoe? Se ke ua e tlatsa haholo.
[Lebokose le leqepheng la 9]
Tšitiso ho Mokhanni
Liea-le-moea tsa likoloi le libapala lik’hasete li fana ka litaba tse nakong le ’mino. Na li kena-kenana le monahano oa mokhanni? Likhopolo li a fapana. Bakhanni ba bang ba bolela hore ba ka bea monahano hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe e hasoang moeeng. Ba bang ba khetha ho fokotsa tšebeliso ea lintho tse joalo ka hore ba mamele feela ’mino o llelang tlaase ha ba khanna sephethephetheng se seholo. Sena se tumellanong le temoso ea buka ea Driving: “Ho mamelisa ho ka ama matla a ho bea monahano lebiling.” Joale, ho thoe’ng ka tšebeliso ea thelefono ea likoloi? Ea eletsa: “Emisa koloi pele u letsa kapa u amohela molaetsa oa thelefono.”b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bakhanni ba Brithani ba ’nile ba eletsoa ho sebelisa feela thelefono “e sa hlokeng ho tšoaroa” ha ba khanna leha feela e ke ke ea sitisa monahano.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Ithute Tsela
Letotong la libukana tse etselitsoeng ho thusa liithuti le bakhanni ba tšoanelehang, RoSPA (Mokhatlo oa Brithani oa Thibelo ea Likotsi) pele o ananela litšenyehelo tse sebelisoang ke sebaka se etsang likoloi ka ho hlahisa likoloi tse finyellang tekanyetso e phahameng ea polokeho. Empa o hopotsa bakhanni hore “koloi e ka bolokeha joalo ka mokhanni oa eona.” O khothalletsa hore bakhanni bohle ba ‘ithute tsela.’ Sena se ka etsoa joang? Ke’ng se kopanyelletsoang?
1. Ithute matšoao a tsela le maemo a sephethe-phethe. Ka linako tse ngata, mokhanni o lokela ho sheba pele, a batla boitsebiso bo tla mo falimehisa likotsi tse ka bang teng. Leha ho le joalo, o tla hlokomela se etsahalang ka lehlakoreng la tsela.
2. Hlokomela sebaka, boemo ba leholimo, nako, le basebelisi ba bang ba tsela. Moo u leng teng, toropong kapa litseleng tse ka ntle ho toropo, ho lokela ho susumetsa tsela ea hao ea ho khanna. Litsela tse metsi, tse leqhoa, le tse lehloa li kotsi haholo. Moholi o koahetseng hohle o kotsi haholo. Meea e matla e ka ntša koloi ea hao tseleng. Mahlaseli a matla a letsatsi kapa a mabone a hlabang a koloi e tlang, a ka u foufatsa ka nakoana kapa bonyane a fokotse pono ea hao ka potlako. Nako ea phomolo ea sechaba e etsa hore bakhanni ba bangata ba hlokang phihlelo ba khanne tseleng. Hlokomela batsamai ba maoto le liphoofolo. Hlokomela liriti tse u lemosang ka batsamai ba maoto ba tšelang ka pel’a bese eo u e fetang.
3. Nahanela kamoo seo u se lemohang ka pele se tlang ho ama ho khanna ha hao. Rera ka hloko kamoo u ka sebetsanang le boemo boo, ’me maemong ana u khanne ka polokeho.
“Mokhoa ona,” ho bolela RoSPA, “o sebelisoa kamehla ke litsebi tsa ho khanna. . . . O lokela ho ntlafatsa boemo ba hao ba ho khanna.” Ho feta moo, “o thusa ho fokotsa likotsi tse ka etsahalang.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Likeletso Tse Tsoang ho Litsebi
Thabela ho khannela bapalami ba hao ha monate.
Nka ho khanna e le tsebo e lokelang ho phethahatsoa.
Tiisa hore koloi ea hao e boemong bo botle.
Sheba pele, mahlakoreng, le haufinyana.
Sheba ka liiponeng ho bona se etsahalang kamorao le ka mahlakoreng a koloi ea hao.
Hlokomela libaka tseo ho tsona u hlōlehang ho bona hantle se etsahalang.
Pele u thinya kapa u khelohela ka lehlakoreng le leng la tsela, sheba ka seiponeng ’me u bontše ka nako e lekaneng.
Ha ho hlokahala, sheba ka bouena pele u khelohela ka lehlakoreng le leng ho e-na le ho itšetleha ka seipone feela.
E ba le mamello. Lula u khutsitse.
Ho khanna ka polokeho ho bolela ho boloka melao ea tsela.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Teko ea ho khanna ke ho tiisa hore u tla khanna ka polokeho.