Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 maq. 10-11
  • Mokhoa oa ho Thibela Likotsi Tsa Likoloi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oa ho Thibela Likotsi Tsa Likoloi
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebelo le Lumeletsoeng, ho Tlama Lebanta le ho se Ngole Melaetsa ka Fono
  • Maemo a Tsela le ho e Hlokomela
  • Ho Khanna Motho a Noele
  • Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
    Tsoha!—2002
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 7/11 maq. 10-11

Mokhoa oa ho Thibela Likotsi Tsa Likoloi

MABILI a etsa molumo, litšepe lia otlana, likhalase lia pshatleha, batho baa lla . . . Mohlomong batho ba kileng ba ameha likotsing tsa likoloi ba hopola melumo ena. Mokhatlo oa Population Reference Bureau o tlaleha hore “selemo le selemo, batho ba ka bang limilione tse 1,2 baa shoa likotsing tsa likoloi ’me ba ka bang limilione tse 50 ba tsoa likotsi.”

Empa ha u ela hloko melao ea tšireletso ’me u sebelisa kahlolo e molemo, seo se ka u thusa ho qoba likotsi tse ngata. A re bone hore na u ka etsa seo joang.

Lebelo le Lumeletsoeng, ho Tlama Lebanta le ho se Ngole Melaetsa ka Fono

Lebelo leo bakhanni ba lumeletsoeng ho khanna ka lona litseleng tse ling le ka ’na la bonahala eka le tlaase haholo. Empa hangata ho khanna ka lebelo le fetang leo, ha ho fokotse hakaalo nako eo u e nkang ho ea sebakeng seo u eang ho sona. Ka mohlala, ha u ea bohōleng ba lik’hilomithara tse 80, ’me u eketsa lebelo ho tloha ho lik’hilomithara tse 100 ka hora ho ea ho tse 130 ka hora, seo se tla u fokoletsa feela metsotso e ka tlaase ho e robong. Na u ka ipeha kotsing hobane feela u batla ho fumana nakoana eo?

Mabanta a pholoso a etselitsoe ho sireletsa batho. Mokhatlo o mong oa ’muso, United States, o ile oa phetha ka hore mabanta a pholoso a sirelelitse batho ba fetang 72 000 pakeng tsa 2005 le 2009 naheng eo. Na mokotla oa moea o nkela lebanta la pholoso sebaka? Che. O thusa lebanta la pholoso ho fana ka tšireletso e eketsehileng. Ha u sa tlame lebanta la pholoso, mokotla oa moea o ke ke oa u thusa hakaalo ’me o ka ba oa u ntša kotsi. Kahoo, itloaetse ho tlama lebanta la pholoso, ’me u khothalletse le bapalami hore ba etse joalo. Tlhokomeliso e ’ngoe: U se ke ua leka ho bala kapa ho ngola melaetsa ea fono ha u ntse u khanna.

Maemo a Tsela le ho e Hlokomela

Mabili ha a tšoare hantle ha tsela e le metsi kapa e koahetsoe ke mobu, lehlabathe kapa lehlohlojane. Ha u khanna ka lebelo le tlaase, koloi e ka ’na ea se ke ea chipiritsa ha u hata mariki. Haeba u atisa ho khanna litseleng tse letseng leqhoa kapa tse nang le lehloa, mohlomong mariha u ka reka mabili a etselitsoeng ho tsamaea lehloeng. A na le mela e tebileng ’me a tšoara ho feta mabili a mang.

Mateano a litsela a kotsi ho bakhanni bohle. Setsebi se seng se eletsa ka hore: Ha liroboto li u bulela, ema pele u kena mateanong a litsela. Ka ho ema ho se hokae, u ka qoba ho chaisoa ke koloi e fetang liroboto li le khubelu.

Ntho e ka sehloohong e ka u thusang hore u qobe likotsi, ke ho boloka koloi e le boemong bo botle. Ak’u nahane ka se ka etsahalang haeba koloi e ka felloa ke mariki u ntse u khanna. Batho ba bang ba nang le likoloi ba hlophisa hore nako le nako bo-mak’henike ba nang le bokhoni ba li hlahlobe, e le hore li lule li le boemong bo botle. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang bona ba khetha ho itlhahlobela lintho tse itseng likoloing tsa bona. Ho sa tsotellehe hore na u khetha ho etsa’ng, netefatsa hore koloi ea hao ea hlahlojoa le ho lokisoa ka tsela e loketseng.

Ho Khanna Motho a Noele

Bakhanni ba nang le boikarabelo le ba hlokolosi, ba ka ’na ba etsa lintho tse kotsi ha ba khanna ba noele. Ka 2008, ho ile ha shoa batho ba fetang 37 000 likotsing tsa likoloi, United States. Ba etsang karolo ea ’ngoe borarong ba shoeletse likotsing tseo ho tsona ho neng ho ameha bakhanni ba noeleng. Esita le ha motho a noele qapi feela ea seno se tahang, seo se ka mo sitisa ho khanna hantle. Batho ba bang ba etsa qeto ea hore ba se ke ba noa ho hang haeba ba tlil’o khanna.

Ho mamela melao ea tsela, ho itlama ka lebanta la pholoso, ho boloka koloi e le boemong bo botle le ho qoba ho khanna u noele, ho ka u sireletsa ha ba ha sireletsa le batho ba bang. Litlhahiso tsena li ka u thusa hore u qobe likotsi ha u khanna, empa li ka u thusa hafeela u li sebelisa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

U SE KE UA KHANNA HA U TŠOEROE KE BOROKO

“Batho ba lokela ho hopola hore ha motho a khanna a tšoeroe ke boroko ho tšoana le ha a khanna a noele.” Mantsoe ao, a builoeng ke ofisiri ea mokhatlo oa United States o bitsoang National Sleep Foundation, a bontša kotsi ea ho khanna motho a tšoeroe ke boroko. Matšoao a latelang a bontša hore ho kotsi hore u khanne:a

● Ho thatafalloa ho tsepamisa mohopolo, ho panya khafetsa le ho otsela

● Ho thibasela

● Ho elimola khafetsa

● Ho thatafalloa ho hopola lintho tseo u sa tsoa li feta

● Ho se lemohe tsela e khelohang kapa matšoao a tsela

● Ho tsoa tseleng, ho atamela haufi haholo le likoloi tse ling, kapa ho tsamaea holim’a lintho tse kentsoeng fatše ho lemosa mokhanni ha a tsoa tseleng

Haeba u e-na le matšoao ana, kōpa motho e mong hore a khanne kapa u emise koloi sebakeng se sireletsehileng e le hore u ka robala ho se hokae. Ho molemo hore u liehe ho fihla moo u eang teng, e le hore u fihle u sireletsehile le ba bang ba sireletsehile!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lethathamo lena le fanoe ke mokhatlo oa National Sleep Foundation.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela