Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 1/8 maq. 5-6
  • Qoba Lebelo le Fetelletseng le Leqhoko!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qoba Lebelo le Fetelletseng le Leqhoko!
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlokomela Leqhoko!
  • Ntho ea Bohlokoa Haholo—Khanna ka Polokeho!
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
  • Likotsi Tsa Likoloi—Na U Sireletsehile?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 1/8 maq. 5-6

Qoba Lebelo le Fetelletseng le Leqhoko!

“HAEBA koloi e ne e qapiloe kajeno e ne e tla thibeloa,” ho bolela Geoff Large, motsamaisi oa mothusi oa polokeho tseleng oa mokhatlo oa RoSPA (Mokhatlo oa Brithani oa Thibelo ea Likotsi). “U ne u ke ke ua lumelloa ho rekisa ntho e tla bolaea le ho ntša batho ba etsang karolo ea boraro ea limillione kotsi selemo se seng le se seng naheng ena feela.”

Baetsi ba likoloi ba hlokomela kotsi e ka bang teng ea sehlahisoa sa bona. Ba sebelisa chelete e ngata le ho ea boholeng bo boholo ho ntlafatsa polokeho likoloing tsa kajeno. Empa joaloka ha Sunday Express Magazine ea London e hlalosa: “Bakhanni ba kelo-hloko ka tšireletseho ba tseba hore ho sireletsa koloi le ba ka har’a eona—ha ho bonolo.” Leha baphatlalatsi ba ka ’na ba bontša mekhoa ea polokeho, ke’ng se hapang tlhokomelo ea moreki? Hangata ke kamoo koloi e tsamaeang kateng, kamoo e finyellang lebelo le phahameng ka nako e khutšoanyane, matla a eona, le moetso oa eona o motle.

Moahloli ea seng a tlohetse mosebetsi Richard Spiegel o lumela hore bakhanni ba likoloi ba Jeremane ba bonahala “ba ena le methapo ea boko e amanang le lebelo . . . ho sa le joalo ba etsa likotsi tse ngata.” Ke boikutlo bona boo a lumelang hore bo ratoa ke “baphatlalatsi ba likoloi.” Na ho joalo le naheng ea heno?

Mabaka a mang, a kang ho eketseha ha sephethephethe tseleng le boleng bo theohang ba litsela, a etsa hore ho khanna ho be kotsi haholo linaheng tse ngata. Litlaleho tsa Brazil li qolla likotsi tsa mateanyetso a litsela a sa tšoauoang. “Maemong ana,” ho hlalosa Brazil Herald, “mokhanni a le mong kapa ba bangata ba ferekana ka tšohanyetso, le ho tsila-tsila ho ka lebisang kotsing.”

Leseling la likotsi tse joalo, ke tlameho hore bakhanni ba likoloi tsa kajeno tse lebelo ba be le boikarabelo, thupelo e ntle, le ho tsotella batho. Buka ea Sweden Trygg i trafiken? (Na u Sireletsehile Tseleng?) e fana ka tekanyetso ena: “Kamor’a tokelo ea ho vouta, lengolo la ho khanna ke ntho ea bohlokoa haholo eo sechaba se ka u neang eona.”

Hlokomela Leqhoko!

Lebelo le a bolaea. Bakhanni ba noeleng baa bolaea. ‘Empa ke khomarela litekanyetso tsa lebelo, ’me ha ke noe joala ha ke khanna. Ke hlokomela hore ho khanna e ka ba taba ea bophelo le lefu. Ke’ng hape seo nka se etsang?’

“Koloi e eketsa matla a motho a ho tsamaea, e mo nolofaletsa ho koahela libaka ka potlako ho feta ka maoto,” ho ngola seithuti sa kelello Zulnara Port Brasil, a eketsa: “Hoo ha se phoso.” Kahona, bothata bo hokae? Ho ea ka Zulnara, bo “itšetlehile ka mokhoa oo mokhanni ka mong a sebelisang matla ao.”

Ha ho pelaelo hore u lumellana le koranta ea letsatsi le letsatsi ea Fora Le Monde e hlalositseng: “Boikutlo ba kelello bo tletseng hohle, le bo hlaoleloang bo etsa hore re nke . . . lebili e le letšoao la matla . . . Haeba motho a hlōleha ho qoba bothoto bo etsoang ke bakhanni ba bang . . . , bonyane a ka tseba ho laola mokhoa oa hae oa ho khanna.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ho khanna ha kajeno ho boima ’me ho kotsi haholo ka lebaka la seo Glasgow Herald a se bitsang “boemo bo hōlang ba leqhoko le bakhanni ba hlokang mamello.” Kopanyelletsa le mokhoa oa ho khanna ka ho se tsotelle polokeho le ho kena koloi e ’ngoe ka pele ka tsela e kotsi,” e leng ho fetohileng “mokhoa o tloaelehileng o qholotsang ntoa le ho thulana,” ’me u tla fumana se bakang likotsi tsena tsa litseleng. Mookameli oa mapolesa oa Canada Ken Cocke oa hlalosa: “Batho ba lebetse melao kaofela—’me e mong le e mong o potlakile. Re khannoa ke leqhoko; e mong le e mong o a sututsa ’me ha ho ea batlang ho ba kamorao.”

Boikutlo bona ba leqhoko, bo khethollang mokhanni oa kajeno, bo hlile bo qholotsa khathatso. “Phoso e mpehali,” ho tlaleha Rheinischer Merkur, “ke ea ho khanna haufi haholo le koloi e ’ngoe. . . . Ke basebelisi ba ’maloa ba tsela ba ananelang kamoo ba bang ba ikutloang kateng. Ka mohlala, bakhanni ba likoloi tse lebelo ba atisa ho ikutloa hore bapalami ba lithuthuthu ba ba halefisa. Ba ikutloa ba phephetsoa, ba le mōna, ’me mōna o ka susumetsa leqhoko.” Mokhoa ona o ja setsi hoo “motho a le mong ho ba bararo ba botsitsoeng a ileng a lumela hore o ikutloa a ferekana kapa a nyelisehile haeba a fetoa ke koloi e ’ngoe tseleng.”

Ntho ea Bohlokoa Haholo—Khanna ka Polokeho!

Pefo e eketsehang litseleng tsa United States e bontša tšusumetso ea ho ba leqhoko. Tlaleho ho The Wall Street Journal, Phato 3, 1987, tlas’a sehlooho “Bakhanni ba Fetoha ba Befileng ka ho Eketsehileng,” e re: “Metseng eohle ea naha, mapolesa a hlokomela ho phahama ha ho thunyana litseleng tse khōlō, ho loana ka litebele, le mabefi a mang, tseo tse ngata li qalang ka ho kenella ha koloi e ’ngoe. Mabakeng a mangata bakhanni ba likoloi ba ’nile ba bolaoa.” The New York Times, Phato 6, 1987, e tlalehile: “Ho tloha mahareng a Phuptjane, litseleng tse khōlō tsa California pefo e bolaile batho ba bane . . . ’me ea siea ba 15 ba tsoile likotsi.”

Ka lebaka leo, ha ho na qea-qeo: ho khanna ka polokeho ke tlameho, molemong oa rōna le oa ba bang. Kamor’a ho tletleba ka batho ba shoang selemo ka seng litseleng tsa Brithani, mongoli oa pele oa lipalangoang John Moore oa phehella: “Polokeho tseleng . . . e lokela ho ba ntho ea bohlokoa haholo har’a basebelisi bohle ba tsela.”

Joale, ke joang u ka khannang ka polokeho? Ke’ng seo u lokelang u be u se lebelletse? Ke keletso efe eo bakhanni ba seli ka polokeho le ba nang le phihlelo ba fanang ka eona? Sehlooho sa rōna se latelang, “Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho,” se tla arabela lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela