Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/12 maq. 19-21
  • Lithabeng Tsa Caucasus—“Sebaka sa Lipuo Tse Ngata Haholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithabeng Tsa Caucasus—“Sebaka sa Lipuo Tse Ngata Haholo”
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse Hlollang Tse sa Tšoaneng
  • Batho “ba Tsoang Lipuong Tsohle” ba Utloa Litaba Tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Pakela Motho ea Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Ho Bokella Batho ba Tsoang Lipuong Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Na Lipuo Tsa Rōna li Tsoa “Toreng ea Babele”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 12/12 maq. 19-21

Lithabeng Tsa Caucasus—“Sebaka sa Lipuo Tse Ngata Haholo”

AK’U nahane u le sebakeng se lithaba se batlang se lekana le naha ea Spain. Ua makala ha u fumana hore ho na le lichaba tse ngata sebakeng seo, ’me sechaba ka seng se na le puo ea sona. Ho makatsang le ho feta ke hore libakeng tse ling, batho ba lulang metseng e mabapi ha ba utloane ka puo! E tlameha ebe litsebi tsa jeokrafi tsa mehleng e bohareng li ile tsa makala ka tsela e tšoanang, kaha setsebi se seng se ile sa hlalosa Lithaba tsa Caucasus e le sebaka se joalo—‘se nang le lipuo tse ngata haholo.’

Sebaka sena sa Lithabeng tsa Caucasus, se pakeng tsa leoatle le Letšo le la Caspian, se kopanya lik’honthinente le lichaba tse ngata, ’me se na le histori ea khale le setso sa bohlokoa. Batho ba teng ba tsebahala ka ho hlompha batho ba hōlileng, ho rata tantši le ho amohela baeti ka mofuthu. Empa ntho e makatsang baeti ba bangata ka ho fetisisa ka sebaka sena sa Caucasus, ke hore se na le merabe e mengata e sa tšoaneng e buang lipuo tse ngata—ha e le hantle, lipuo tsa teng li ngata ho feta tse buuoang karolong leha e le efe ea Europe e lekanang le sona.

Lintho Tse Hlollang Tse sa Tšoaneng

Lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., rahistori oa Mogerike Herodotus o ile a re: “Sebakeng sa Caucasus ho lula lichaba tsa mefuta ena kaofela.” Hoo e batlang e le qalong ea lekholo la pele la lilemo C.E., rahistori e mong oa Mogerike ea bitsoang Strabo, o ile a ngola hore tikolohong eo ho na le merabe e 70. Morabe ka mong o ne o e-na le puo ea ’ona ’me o ea Dioscurias ho ea etsa khoebo, moo hajoale e leng motse oa kajeno oa Sukhumi, o haufi le le Leoatle le Letšo. Lilemo tse mashome hamorao, Pliny e Moholo, eo e neng e le setsebi sa Moroma, o ile a ngola hore Baroma ba ne ba hloka batho ba tolokang ba 130 e le hore ba etse khoebo Dioscurias.

Kajeno, merabe e fetang 50 e ntse e talima sebaka sa Caucasus e le ha habo eona. Morabe ka mong o na le meetlo ea oona, ebile hangata o na le liaparo tsa oona, setso le mehaho e o khethollang. Sebakeng sena ho buuoa lipuo tsa matsoalloa a teng tse ka bang 37—tse ling li buuoa ke batho ba limilione ha tse ling tsona li buuoa metseng e itseng feela. Karolo e nang le lipuo tse ngata haholo tse sa tšoaneng tikolohong ena ke Riphabliki ea Dagestan, e Russia, moo ho nang le merabe e ka bang 30. Ho fihlela joale, litsebi li ntse li sa tsebe hantle hore na lipuo tsena kaofela li amana joang le hore na li amana le lipuo tse ling joang.

Na u ka rata ho bona hore na lipuo tsa sebakeng sa Caucasus li ngoloa joang? Websaete ea molao ea Lipaki Tsa Jehova ea www.pr418.com/st, e phatlalatsa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 400. Tse ling tsa tsona ke tse buuoang sebakeng sa Caucasus, e leng tikoloho e hlollang, eo ka tšoanelo e hlalosoang e le ea ‘lipuo tse ngata haholo.’

LITLHAKU LE MELUMO E SA TŠOANENG

Lipuo tsa Caucasus li ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng. Searmenia le Segeorgia li na le alfabeta ea tsona e ikhethang. Lipuo tse ling li ngoloa ka mokhoa o thehiloeng litlhakung tsa Secyril kapa alfabeta e nchafalitsoeng ea Selatine.

Lipuo tsa Caucasus tse buuoang karolong e ka leboea-bophirima li na le lilumisoa tse ngata ho feta tsa puo leha e le efe lefatšeng, empa li na le lilumi tse fokolang. Ho ea ka encyclopedia e ’ngoe, lipuo tseo li na le lilumisoa “hoo e batlang e le hohle moo molomo le qoqotho ea motho li mo lumellang ho li kenya.” Ho boleloa hore Seubykh, e leng puo ea Caucasus eo letsoalloa la ho qetela le neng le e bua le ileng la shoa ka 1992, e na le lilumisoa tse sa tšoaneng tse ka bang 80 le liluma-nosi tse ka bang peli feela.

Pale e ’ngoe e bolela hore ’musi e mong oa Moturkey o ile a romela setsebi sebakeng sa Caucasus ho ea ithuta Seubykh. Eitse ha setsebi seo se khutla, se hlalosa lebaka leo se hlōlehileng ho ithuta puo eo ka lona, se ile sa nka mokotlana o tšetseng majoana a chitja eaba sea tšela fulurung ea ’mabole ka pel’a ’musi eo. Setsebi seo se ile sa re: “Ak’u mamele melumo e hlahang mona. Ho thata hore motho ea tsoang naheng e ’ngoe a ithute Seubykh feela joalokaha ho le thata ho utloisisa melumo e hlahang mona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela