Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/13 maq. 8-10
  • Ke Hobane’ng ha re Reka Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Reka Hakaale?
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo ea ho Susumetsa
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?—Karolo ea 1: Banana
    Bacha Baa Botsa
  • Kamoo U ka Qobang ho Reka Haholo
    Tsoha!—2013
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?—Karolo ea 2: Bashanyana
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 6/13 maq. 8-10

SEHLOOHO SE KA NTLE: NA RE REKA HAHOLO?

Ke Hobane’ng ha re Reka Hakaale?

Sephetho sa phuputso e entsoeng lefatšeng lohle ka 2012, se bontša hore halofo ea batho bao ho buisanoeng le bona ba ile ba lumela hore ba kile ba reka lintho tseo ba neng ba sa li hloke. Batho ba babeli ho ba bararo ba nahana hore bareki ba reka ho feta tekano. Eka ’na eaba ho loketse ho nahana ka tsela ena. Bareki ba bangata ba hlōleha ho lefa mekitlane ea bona e ntseng e eketseha. Bafuputsi ba bolela hore ho reka haholo ho ekeletsa motho khatello kelellong ho e-na le ho mo thabisa! Joale ke hobane’ng ha re reka hakaale?

JOALOKA bareki, re angoa ke lipapatso tse ngata tsa barekisi. Morero oa barekisi ke ofe? Ke ho etsa eka lintho tseo re li batlang ke litlhoko tsa bohlokoa. Barekisi baa tseba hore hangata bareki ba susumetsoa ke maikutlo. Kahoo, lipapatso tse bontšang eka batho ba rekang ba thabile, li etselitsoe ho phahamisa maikutlo a moreki.

Buka ea Why People Buy Things They Don’t Need e re: “Ha motho a rera ho reka ntho e ncha, o ipona a se a e batla, a e fumana ’me e se e le ea hae.” Litsebi tse ling li lumela hore batho ba bang ba ka thabisoa ke ho reka hoo ba bang sehlahlo ka tsela e sa tloaelehang. Setsebi sa litaba tsa khoebo, Jim Pooler o re: “Haeba morekisi a ka hlokomela boikutlo ba moreki ba ho batla ho reka le ho hlōleha ho ithiba, a ka nka monyetla ka boemo boo.”

U ka itšireletsa joang hore u se ke ua ba phofu ea barekisi ba masene? U se ke ua nkeha maikutlo, bapisa seo ba u tšepisang sona le se hlileng se ka etsahalang bophelong.

SEO BA SE TŠEPISANG: “E Tla Ntlafatsa Bophelo ba Hao”

Ka tlhaho re batla bophelo bo molemo. Barekisi ba re foqa lipapatso tse bontšang hore lintho tsohle tseo re li batlang tse kang—bophelo bo botle, ho sireletseha, ho se be le khatello ea kelello le ho atamelana haholoanyane le batho bao re ba ratang—re ka li fumana ha re reka ka ho nepahala.

NAHANISISA:

Ha re e-ba le lintho tse eketsehileng, bophelo ba rōna bo ka ’na ba ameha hampe. Ho hlokahala nako e eketsehileng le chelete e le hore motho a hlokomele lintho tse ngata tseo a nang le tsona. Motho a ka ba le khatello ea kelello ka lebaka la likoloto, ’me nako eo a e qetang le litho tsa lelapa le metsoalle ea fokotseha.

Molao-motheo: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”​—Luka 12:15.

SEO BA SE TŠEPISANG: “U Tla Tuma U be U Hlomphehe”

Ke batho ba ’maloa feela ba ka lumelang hore ba reka lintho e le hore ba khahlise ba bang. Leha ho le joalo, Jim Pooler o re: “Ha batho ba reka, ntho e ka sehloohong eo ba amehileng ka eona ke ho hlōlisana le metsoalle, baahisani, basebetsi-’moho le ba leloko.” Ka lebaka leo, lipapatso li atisa ho bontša lihlahisoa tse itseng li sebelisoa ke batho ba atlehileng le ba ruileng. Molaetsa oo lipapatso tsena li o fetisang ke ho re: “Ka le leng e ka ba uena!”

NAHANISISA:

Ho lekanya boleng ba rōna ka ho ipapisa le batho ba bang ho ka etsa hore re lule re sa khotsofala. Ha u atleha ho fumana ntho eo u neng u ntse u e labalabela, u ikutloa u batla e ’ngoe hape.

Molao-motheo: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera.”​—Moeklesia 5:10.

SEO BA SE TŠEPISANG: “U Tla ba Motho oa Maemo”

Buka e bitsoang Shiny Objects e re: “Tsela e tloaelehileng eo ka eona re ka batlang ho bontša ba bang hore na re bo-mang (kapa seo re batlang ho ba sona) e akarelletsa mokhoa oo re sebelisang le ho pepesa lintho tseo re nang le tsona.” Babapatsi ba tseba sena, ’me ba etsa hore lihlahisoa tse itseng tsa mabitso—haholo-holo tsa boemo bo phahameng—li amahanngoe le mokhoa o itseng oa bophelo le boitšoaro.

U italima joang, ’me u batla hore batho ba bang ba u talime joang? U le motho ea khemang le linako? U le motho ea koenneng? Ho sa tsotellehe hore na u batla ho ba joang, babapatsi ba tšepisa hore u ka ba joalo hafeela u reka lihlahisoa tsa lebitso le itseng.

NAHANISISA:

Ha ho sehlahisoa se ka fetolang seo re leng sona kapa sa etsa hore re be le litšobotsi tse ratehang tse kang botšepehi le ho itlhompha.

Molao-motheo: “Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa . . . ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo.”​—1 Petrose 3:3, 4.

Ho Talima Maruo ka Tsela e Leka-lekaneng

Lintho tseo lipapatso li li tšepisang ke litoro feela. Leha ho le joalo, ho na le tataiso e tšepahalang e ka re thusang hore re phele bophelo bo leka-lekaneng ’me re thabe. Melao-motheo e sehloohong sena e thehiloe Lentsoeng la Molimo, Bibele. Bibele ha e nyatse hore motho a be le leruo, empa e ruta hore thabo e eketsehileng e ka fumanoa haeba re phela ka mokhoa “o se nang lerato la chelete.”​—Baheberu 13:5.

Mekhoa ea Morao-rao ea ho Bapatsa

Ntle le ho bapatsa ka thelevishene, lingoliloeng le Inthanete, babapatsi ba mehleng ena ba sebelisa mekhoa e meng e tsoetseng pele.

Lihlahisoa kapa mabitso a tsona li bontšoa ka bohlale mananeong a thelevishene, lifiliming le lipapaling tsa video.

Ka mahlahahlaha, baemeli ba lefshoang ba sebelisa le ho buella lihlahisoa hohle moo ba le teng le hoja ba sa batle hore batho ba tsebe hore baa lefshoa.

Babapatsi ba hiriloeng ba khothalletsoa ho eletsa metsoalle ea bona ho sebelisa lihlahisoa le ho li bapatsa mecheng ea puisano ea Inthanete. Ka linako tse ling babapatsi bana ba fuoa lihlahisoa kapa litsiane ho ba khothatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela