Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ecuador
  • Japane
  • Zimbabwe
  • Australia
  • Ho Batla Tharollo
    Tsoha!—1997
  • Ho Sekaseka Litšenyehelo Tsa Liqhomane Tsa Fatše
    Tsoha!—2000
  • Na Mali a Hlahlobetsoeng HIV a Sireletsehile?
    Tsoha!—2008
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 11/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

Ecuador

Karolo ea moru oa Amazon

Ka 2007, Ecuador e ile ea phatlalatsa hore e rera ho fana ka chelete bakeng sa ho sireletsa sebaka se boholo ba lisekoere k’hilomithara tse 10 000 se hloekileng se morung oa Amazon, ho e-na le ho rafa oli ea sona. Morero oo o ile oa nyopa hobane linaha tse ling ha lia ka tsa o tšehetsa ka lichelete. Karolo ena e morung oa Amazon, ke e ’ngoe ea libaka tse nang le lintho tse ngata ka ho fetisisa tse phelang lefatšeng.

Japane

Ngaka e tšoereng mali a bolokiloeng

Koranta ea The Japan News e re ho thata ho bona mali a nang le likokoana-hloko nakong eo a hlahlojoang. Sena se ile sa tlalehoa ka mor’a hore monna ea lilemo tse ka holimo ho 60 a fumane tšoaetso ea HIV ka mor’a hore a tšeloe mali, ka 2013. Ha mali a e-na le tšoaetso ea HIV, kokoana-hloko eo e bonahala ka mor’a likhoeli tse itseng.

Zimbabwe

Monna ea holofalitsoeng ke qhomane e epetsoeng fatše Zimbabwe

Le hoja ntoa e pakeng tsa Zimbabwe le Mozambique e neng e loaneloa meeling ea linaha tsena tse peli e ile ea fela lilemo tse ka holimo ho tse 30 tse fetileng, liqhomane tse neng li epetsoe fatše ka nako eo, li ntse li tsoela pele ho holofatsa le ho bolaea batho. Komiti ea Machaba ea Sefapano se Sefubelu, e tlaleha hore “ho tloha ka 1980, liqhomane tse epetsoeng haufi le meeli ea Zimbabwe, li se li bolaile batho ba fetang 1 500 le liphoofolo tse 120 000 ’me li holofalitse batho ba 2 000.”

Australia

Ntja e pakeng tsa banyalani ba arohanang

Ho ea ka phuputso e entsoeng, palo ea banyalani ba arohanang, ba tsekang ho lumelloa ka molao ho lula le liphoofolo tseo ba neng ba li ruile e ntse e eketseha. Har’a tse ling tsa lintho tseo banyalani ba arohanang ba li tsekang ke matlo, chelete hammoho le liphoofolo tse ruiloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela