Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/14 maq. 10-11
  • E Mahlo a Maholo​—⁠E ’Mele o Monyenyane!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Mahlo a Maholo​—⁠E ’Mele o Monyenyane!
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ananela Limpho Tse Ikhethang Tseo U li Fuoeng
    Tsoha!—2011
  • Libapali tsa ’Mino tse Qhomang tsa Lefatše la Likokoanyana
    Tsoha!—1993
  • Libōpeho Tse Fapaneng le Boholo bo sa Tšoaneng ba Li-dinosaur
    Tsoha!—1990
  • Ka Tumelo
    Binelang Jehova le Thabile
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 12/14 maq. 10-11

E Mahlo A Maholo—E ’Mele O Monyenyane!

BATHO ba bangata ba ka re e ntle; ha ba bang bona ba ka re ea tšosa. E na le maoto a masesaane, boea bo bonolo le mahlo a maholo a phatsimang. E bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 12, 5 ’me e boima ba ligrama tse ka bang 114. Re bua ka’ng? Ka phoofolo e bitsoang tarsier!

A re ke re hlahlobeng e ’ngoe ea liphoofolo tsena, e leng tarsier ea Philippine. Mahlo, litsebe, matsoho, meomo, maoto le mohatla oa eona, kaofela li khōlō ho ’mele oa eona o monyenyane. Empa ha u hlahloba phoofolo ena e makatsang ka hloko, u tla hlolloa ke kamoo e bōpiloeng ka bohlale kateng.

HO UTLOA: Litsebe tsa tarsier tse bosesaane ba pampiri li khona ho imena le ho iphutholla ’me li lethoethoe. Kaha litsebe tsa eona li lethoethoe, e khona ho baleha liphoofolo tse kotsi tse kang likatse tse hlaha, hape e khona ho utloa moo nyamatsana ea eona e leng teng. Ha ho le lefifi, tarsier e khona ho utloa melumo ea marutle, likokobele, likhola-bolokoe, linonyana le linqanqane. Ebe hlooho ea eona e lebisa mahlo moo nyamatsana e leng hona teng.

HO NGOAPARELA: Matsoho a tarsier a entsoe ka tsela e e thusang hore e itšoarelle ka makala a masesaane. Menoana ea eona e mahoashe e e thusa hore e se ke ea thella. Esita leha e robetse, e hloka ho lula e ntse e itšoareletse ka thata. Mahoashe a karolong e ka tlaase ea mohatla oa eona o molelele a e thusa hore e lule e tsitsitse ho fihlela e tsoha.

PONO: Ha ho na phoofolo leha e le efe e anyesang e nang le mahlo a maholo joalo ha a bapisoa le boholo ba ’mele oa eona. Ha e le hantle, leihlo le le leng la tarsier le leholo ho feta boko ba eona! Tarsier ha e khone ho tsamaisa mahlo a eona; a lula a shebile pele feela. Na tsela ee eo e bōpiloeng ka eona e e bakela bothata? Che. E thusoa ke hore molala oa eona o khona ho tsamaisa hlooho ho fihlela e shebile morao.

LEBELO: Maoto a malelele a tarsier a e thusa hore e qhomele sebakeng se bohōle ba limithara tse tšeletseng—e leng sebaka se seholo ho feta ’mele oa eona ka makhetlo a 40! Ha e tsoma lefifing, e otlolla menoana ea eona ebe e qhautsa phofu.

Li-tarsier ha li khone ho phela ha li ruuoe, hobane li rata ho ja likokoanyana tse ntseng li phela hape ha li rate ho tšoaroa. Ho ntse ho le joalo, Mafilipino a ntse a hlolloa ha a bona liphoofolo tsena tse ikhethang. Hoo e ka bang setho se seng le se seng sa phoofolo ena e ratehang e mahlo a maholo e phelang morung, sea hlolla.

Ho Sireletsa Li-tarsier

Tarsier e lutseng ka letsohong

Ka 1997, ’muso oa Philippines o ile oa phatlalatsa hore li-tarsier tsa Philippine li hloka “tšireletso e ikhethang.” Ke kahoo e leng tlōlo ea molao ho li tsoma, ho senya moo li lulang kapa ho li rua malapeng. Mafilipino a rata li-tarsier haholo ’me li hohela bahahlauli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela