Libapali tsa ’Mino tse Qhomang tsa Lefatše la Likokoanyana
REA lumela hore re libōpuoa tse meharo lijong. E, takatso ea rōna ea lijo e ka halefisa lihoai tse re talimang re le likhathatso ka lebaka la ho senya lijalo tsa tsona. Leha ho le joalo, rōna litsie re na le litšobotsi tse thahasellisang—kamoo re qhomang ka teng, kamoo re fofang ka teng, kamoo re hloang ka teng, le kamoo re letsang “’mino.”
Ka mohlala, na u ne u tseba hore re na le mahlo a mahlano? Ho e-na le ho roala likhalase tsa mahlo tse thusang ho bona haufi le hōle joaloka batho ba bangata, re na le mahlo a manyenyane a mararo liphatleng bakeng sa ho sheba lintho tse haufi. Mahlo a mang a rōna a mabeli a maholo ’me a batla a le morao hloohong, a re lumella ho bona se etsahalang ho re potoloha. Ka hona re khona ho qhoma le pele le re ama. Na u ke ke ua rata ho ba le mahlo a khonang ho bona joalo?
Bokhoni ba rōna ba ho qhoma bo botle hakae? Re ka qhoma bophahamo bo phetang bophahamo ba rōna ha leshome ’me ra fihla ra lula bohōle ba limithara tse 0,9. Hore motho a khone ho etsisa seo, a ka lokela ho qhoma bophahamo ba moaho oa mekato e tšeletseng. Lekunutu la rōna ke mesifa ea rōna e matla haholo ea maoto a rōna a morao. E re fa matla a ho raha ao re khonang ho phetha liketso tse joalo ka ’ona.
Esita le ka mor’a ho qhoma ka lekhetlo la pele re tsoa tseleng ea hao, re ka etsa hore ho be thata haholo hore u re tšoare ka ho sebelisa lipara tse peli tsa mapheo tseo kaofela ha rōna re nang le tsona. Mapheo a ka holimo a thata a sebetsa mosebetsi o tšoanang le oa mapheo a sefofane, ha mapheo a ka tlaase a bonojana haholo a sebelisetsoa ho re fa matla a eketsehileng. Kahoo, ka ho kopanya bohlale ba rōna ba ho qhoma le ho fofa, ka tloaelo re ka fofa sebaka se bohōle bo lekaneng ho ka u khathatsa matla ha u re lelekisa.
Na u fumana ho le thata ho hloella palong e mafura? Rōna ha re na bothata. Ha e le hantle, re ka hloella ka lebelo lehlaku la joang ntle le ho thella ka lebaka la mokhoa oo ’Mōpi a entseng maoto a rōna a tšeletseng. Likarolo tse nyenyane tse sephara tse leotong ka leng li na le boea bo bonyenyane bo ntšang lero le khomarelang le re thusang ho tšoarella hantle linthong. Ho phaella moo, leoto ka leng le na le lihokelo tse peli tse motsu tse matla tse re thusang hore re se thelle meepeng e meholo. E, le pele batho ba ka nahana ka ho hloa lithaba, re ne re se re loketse ho hloa.
Ba batona ke bona ba bapalang ’mino. Litsie tse tšehali li hlolloa haholo ke seo ’me li talima litsie tse tona li na le mpho e khōlō. E, re utloa le ho fetola melumo e fapaneng. Litsebe tsa rōna li maphakong. Kahoo, ha tsie e tona e rata, e beha leoto la morao le hoashang holim’a methapo e phahameng ea lepheo ka tsela e tšoanang le eo sebapali sa violin se behang bow ea sona likhoeleng tsa violin ea sona. Ho khatholla hakaakang ka letsatsi le chesang la lehlabula ho lula lekhulong le tletseng joang re mametse ho lumellana ha ’mino oa litsie tse likete le matjeketjane. Ke molumo oa lehlabula!