Thaba e “Tsamaeang”
KA BOPHIRIMELA ho Ireland, thaba e ikhethang e motsu ea Croagh Patrick e hlahelletse ka holimo-limo ho lithaba tse e pota-potileng. Selemo le selemo, ka Sontaha sa ho qetela sa July, tlhōrō ea thaba eo e bonahala eka ea tsamaea ha batho ba bangata ba ka bang 30 000, ba bacha le ba hōlileng ka ho tšoanang, ba hloella tlhōrōng ea eona (e bophahamo ba limithara tse 765) ba nka leeto la bolumeli la selemo le selemo.
Letsatsing lena, ba nkileng leeto ba hloa le ho theoha ka tselana e tšesaane, e mokurutlane, le e kotsi libakeng tse ling. Ha e le hantle, moepa oa ho qetela (o ka bang limithara tse 300) ke o moholo haholo ’me o batla o na le majoe a sa tsitsang kaofela, kahoo o etsa hore ho o hloa e be ho kotsi le ho khathatsang haholo.
Ba bang ba hloa moepa ona ba sa roala lieta, ’me ba seng bakae ba bile ba qetella ho hloa likarolo tse itseng ba se ba khasa. Linakong tse fetileng, leeto lena la bolumeli le ne le qala lefifing la bosiu.
Ke hobane’ng ha ho hloa Croagh Patrick e le phihlelo ea bohlokoa hakaale ho ba bangata?
Ke Khale e Entsoe Sebaka sa Leeto la Bolumeli
Karolong ea pele ea lekholo la bohlano la lilemo C.E., Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea romela Patrick e le mobishopo oa moromuoa Ireland. Sepheo sa hae se seholo e ne e le ho sokollela Mairishe Bokresteng, ’me nakong ea lilemo tsa hae tsa ho bolela le ho sebetsa har’a batho, Patrick o fuoe tlotla ka hore e be o ralile motheo oa Kereke e K’hatholike sebakeng seo.
Mosebetsi oa hae o ile oa mo susumelletsa ho ea libakeng tse ngata ho pholletsa le naha eo. Se seng se ne se le ka bophirimela ho Ireland moo, ho ea ka mehloli e meng, a ileng a qeta matsatsi le masiu a 40 tlhōrōng ea thaba e ileng ea rehelloa ka eena—Croagh Patrick (e bolelang “Leralla la Patrick”). Ha a le moo, o ile a itima lijo le ho rapella hore thomo ea hae e atlehe.
Ho theosa le lilemo ho ’nile ha hlaha litšōmo tse ngata mabapi le liketso tsa hae. E ’ngoe ea tse tummeng ka ho fetisisa ke ea hore eitse ha a ntse a le thabeng eo, Patrick o ile a leleka linoha tsohle Ireland.
Neano e tiisa hore o ile a haha kereke e nyenyane tlhōrōng eo. Le hoja mohaho oo o sa ka oa ba teng ka nako e telele, motheo oa pele o ntse o le teng, ’me setša seo hammoho le thaba eo e ’nile ea e-ba sebaka sa leeto la bolumeli ho pholletsa le lilemo.
Litšobotsi Tsa Leeto la Bolumeli
Bakeng sa motho ea seng a hōlile kapa ea sa tloaelanang le ho hloa lithaba, ho phetha leeto la lik’hilomithara tse hlano feela a nyoloha le ho theoha a sireletsehile ke ho finyella ntho e khōlō ka bohona.
Libakeng tsa bohlokoahali tseleng, lihlopha tse sebetsanang le likotsi tsa tšohanyetso li eme e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho sebetsana le likotsi tse fapaneng.
Ho na le libaka tse tharo, kapa liteishene tseleng, moo baeti ba etsang liketso tsa tšoabo tse fapa-fapaneng. Tsena li hlalosoa ka botlalo lematjaneng la litsebiso qalong ea leeto lena la ho hloa.—Bona lebokose.
Ke Hobane’ng ha ba E-hloa?
Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba nka leeto lee la bolumeli le boima? Ke hobane’ng ha ba bang ba ea hōle ka ho fetisisa hakaalo ha ba e-hloa?
Ha e le hantle, ba bang ba lumela hore ha ba rapela nakong ea leeto leo la bolumeli, ho na le monyetla o moholoanyane oa hore likōpo tsa bona li ka utluoa tsa hore ba rue molemo ka bobona. Ba bang ba ho etsa ka lebaka la ho batla tšoarelo bakeng sa liphoso tse itseng. Ho ba bang, ena ke tsela ea ho leboha. Ka sebele, ba bangata ba ela boithabiso. Molaoli e mong ea phahameng o ile a bolela hore e ne e le ‘pontšo ea moea oa tšebelisano-’moho le lerato sechabeng.’ O ile a boela a re ho hloa Croagh Patrick “e ne e le tsela ea bona ea ho latela mokhoa oa bophelo oa Mohalaleli Patrick le ea ho hlokomela kamoo ba mo kolotang kateng tumelong.” O ile a phaella ka hore habohlokoa ka ho fetisisa, ho hloa hoo ke “mokhoa oa ho bontša tšoabo hobane ho ikitlaetsa ka matla hoo ke ketso ea tšoabo ea sebele. Ho hloa thaba eo butle ho ea fihla tlhōrōng ke ketso ea tšoabo ea nako e telele.”
Monna e mong ka motlotlo o ile a bolela hore o e hloele ka makhetlo a 25! O re o entse joalo “ho etsa ketso ea tšoabo e itseng!” Monna e mong o ile a hlalosa habonolo feela, “Ha u sa utloe bohloko, ha u fumane molemo oa letho!”
Le hoja ho sa hlokahale, ba bangata ba hloa thaba eo ba sa roala lieta. Ke hobane’ng ha ba etsa joalo? Taba ea pele, ba nka hore tikoloho eo ea “halalela” ’me kahoo ba rola lieta tsa bona. Ea bobeli, ho tumellanong le sepheo sa bona sa ‘ho etsa ketso ea tšoabo e itseng.’ Ke ka lebaka lena ba bang ba bileng ba etsang liketso tsa tšoabo tse sa tšoaneng ba khumame.
Ho Susumetsoa ho Ananela ’Mōpi
Empa ho thoe’ng haeba e mong a ne a sa kopanele maikutlong a bolumeli a baeti ba hloang ka letsatsi le khethehileng? Ha maemo a leholimo a le matle le lieta li le matla, thaba ena e ka hlooa ka nako leha e le efe. Ha rea ka ra hloa ka letsatsi leo letšoele la baeti le neng le phethesela ho nyoloha moo. Nakong ea ho khefutsa ha rōna ka makhetlo-khetlo, re ile ra khona ho nahanisisa ka ho hloa ka bohona le ka phello eo ho bileng le eona ho ba bangata-ngata. Ha re nahana ka baeti ba likete-kete ba ’nileng ba hloa mona ka thata le ho etsa liketso tsa tšoabo tse fapa-fapaneng, re ile ra ikutloa re tlameha ho ipotsa, ‘Na see ke seo Molimo a se hlokang? Na ka sebele tloaelo ea ho hloa kapa ho tsamaea pel’a liemahale tse itseng ho ntse ho etsoa thapelo ka ho pheta-pheta ho atametsa motho leha e le ofe ho Molimo?’ Ho thoe’ng ka keletso ea Jesu mabapi le lithapelo tse pheta-phetoang ho Mattheu 6:6, 7?
Ka sebele, re ne re sa hloe thaba eo hore re be le phihlelo e itseng ea bolumeli. Ho ntse ho le joalo, re ile ra ikutloa re le haufi le ’Mōpi oa rōna hobane re ne re ka ananela pōpo ea hae, lithaba tse fumanehang sebakeng leha e le sefe ke karolo ea limakatso tsa lefatše. Ha re le tlhōrōng re ne re khona ho thabela ho bona naha e ntle re sa siroa ke letho, esita le ho bona moo lefatše le neng le teana le Leoatle la Atlantic. Lihleke-hleke tse nyenyane tse phatsimang koung e tlas’a rōna ka lehlakoreng le leng li ne li fapane ka ho hlakileng le sebaka se lithaba tse matsutla-tsutla le se se nang limela ka lehlakoreng le leng.
Re ile ra nahana ka liteishene tse tharo. Ra hopola mantsoe a Jesu ka boeena ha a ne a bolella balateli ba hae ba ’nete: “Ha le rapela, le se ke la bua lintho tse tšoanang ka ho pheta-pheta, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, hobane ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa ha bona mantsoe a mangata.”—Mattheu 6:7, NW.
Re ile ra hlokomela hore thaba eo e ne e fetohile karolo ea neano e tlammeng batho ba likete-kete ka tloaelo e sehlisang. Re ile ra nahana kamoo seo se fapaneng kateng le tokoloho eo moapostola Johanne a buileng ka eona ha a ne a re: “Re boloka litaelo tsa oona [Molimo], ’me litaelo tsa oona ha li boima.”—1 Johanne 5:3.
Re ile ra thabela ho intša ha rōna, ho kopanyelletsa ho hloa Croagh Patrick. Ho ile ha re susumelletsa ho lebella ka thabo nakong ea ha moloko oohle oa batho o tla lokoloha lineanong tse sa tšehetsoeng ke Bibele ’me o khone ho rapela Mōpi oa lefatše ea lerato “ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Litšobotsi Tse Khōlō Tsa Leeto la Bolumeli
Moeti e mong le e mong ea hloang thaba ka Letsatsi la Mohalaleli Patrick kapa nakong ea matsatsi a robeli a mokete, kapa nakong leha e le efe likhoeling tsa June, July, August le September, ’me A RAPELLA KA NTLONG EA THAPELO KAPA PEL’A EONA bakeng sa merero ea Mopapa a ka ’na a fumana tefelo ea libe haeba a ea Maipolelong le ho ea Amohela Sakramente Tlhōrōng ea thaba kapa pele beke e fela.
LITEISHENE TSA NEANO
Ho na le “liteishene” tse tharo (1) Motheong oa thaba kapa Leacht Benain, (2) Tlhōrōng, (3) Roilig Muire, sebaka se selelele ho theohela Lecanvey [toropo] e lehlakoreng la thaba.
Seteishene sa Pele – LEACHT BENAIN
Moeti o potoloha qubu ea majoe ka makhetlo a supileng a ntse a etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a supileng, le Ahe Maria ka makhetlo a supileng le Tumelo ea Baapostola hanngoe
Seteishene sa Bobeli – TLHŌRŌNG
(a) Moeti oa khumama e be o etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a supileng, Ahe Maria ka makhetlo a supileng le Tumelo ea Baapostola hanngoe
(b) Moeti o rapella merero ea Mopapa a le pel’a Ntlo ea thapelo
(c) Moeti o potoloha Ntlo ea thapelo ka makhetlo a 15 a ntse a etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a 15, le Ahe Maria ka makhetlo a 15 le Tumelo ea Baapostola hanngoe
(d) Moeti o potoloha Leaba Phadraig [Bethe ea Patrick] ka makhetlo a supileng a ntse a etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a supileng, Ahe Maria ka makhetlo a supileng le Tumelo ea Baapostola hanngoe
Seteishene sa Boraro – ROILIG MUIRE
Moeti o potoloha qubu ka ’ngoe ea majoe ka makhetlo a supileng a etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a supileng, Ahe Maria ka makhetlo a supileng le Tumelo ea Baapostola hanngoe qubung ka ’ngoe [ho na le liqubu tse tharo] ’me qetellong o potoloha lesakana leo la Roilig Muire kaofela ka makhetlo a supileng a ntse a rapela.