Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 3 maq. 14-15
  • Mangeloi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mangeloi
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke bo-mang?
  • Mosebetsi oa mangeloi e ne e le ofe nakong e fetileng?
  • Mosebetsi oa mangeloi ke ofe hona joale?
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bibele e re Mangeloi ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 3 maq. 14-15

Seo Bibele E Se Rutang Mangeloi

Mangeloi

Ho tloha nakong e fetileng, mangeloi a ’nile a hlaha libukeng, litšoantšong le lifiliming. Empa, ha ele hantle mangeloi ke bo-mang, hona mosebetsi oa ona ke ofe?

Mangeloi ke bo-mang?

SEO BIBELE E SE RUTANG

Pele Molimo ea Matla ’ohle a bopa lintho tsohle, o ile a bopa li bopuoa tse bohlale, e leng mangeloi. Ha e le hantle, a matla ho feta batho ’me a lula le Molimo leholimong. (Jobo 38:4, 7) Bibele e li bitsa “meea” kapa “mangeloi” .—Pesaleme ea 104:4.a

Mangeloi a makae ka palo? Lentsoe la Molimo le hlalosa hore mangeloi a potolohileng terone ea Molimo ke “limiriade tsa limiriade” kapa “likete tsa likete.” (Tšenolo 5:11) Haeba re nka tlhaloso ena ka tsela eo eleng ka teng, palo ea mangeloi ke limilione tse makholo.

“Ka talima. . . mangeloi a mangata ho pota terone . . . ,’me palo ea ona e ne e le limiriade tsa limiriade le likete tsa likete..”​—Tšenolo 5:11.

Mosebetsi oa mangeloi e ne e le ofe nakong e fetileng?

SEO BIBELE E SE RUTANG

Nakong e fetileng, Molimo o ne a sebelisa mangeloi ho fetisetsa molaetsa ho batho.b Bibele e boetse e re bolella hore Jehova o ne a a sebelisetsa ho etsa mehlolo. Ka mohlala, Jehova o ile a sebelisa lengeloi ho thiba Abrahama hore a se ke a etsa sehlabelo ka mora oa hae, Isaka. (Genese 22:11-18) Ka letsatsi le leng, ha Moshe a le thabeng ea Horebe lengeloi le ile hlaha ka pel’a hae le tlisitse molaetsa o neng o tsoa ho Jehova. (Exoda 3:1, 2) Ho feta moo, ha moprofeta Daniele a ne a lahletsoe ka sekoting sa litau, Jehova o ile a sebelisa lengeloi ho “koala melomo ea litau,” e le hore a ka sireletsa mohlanka oa hae.​—Daniele 6:22.

“Joale lengeloi la Jehova la hlaha ho eena le le lelakabeng la mollo har’a sehlahla se meutloa​—Exoda 3:2

Mosebetsi oa mangeloi ke ofe hona joale?

SEO BIBELE E SE RUTANG

Re ke ke ra tseba ka ho feletseng seo mangeloi a se etsang mehleng ena.Leha ho le joalo, Bibele e re bontša hore a kenya letsoho ho thusa batho ba lipelo li lokileng hore ba tsebe Jehova.​—Liketso 8:26-35; 10:1-22; Tšenolo 14:6, 7.

Jakobo o ile a lora mangeloi a ntse a ea holimo le tlase a palame “lere” pakeng tsa leholimo le lefatše. (Genese 28:10-12) Ka ha toro ena e ne etsoa ho Jehova, ho ka etsahala hore ebe Jakobo o ile a nahana hore toro ena, e ne e bontša tsela eo Jehova a romelang mangeloi a hae lefatšeng e le hore a tl’o thusa bahlanka ba hae.—Genese 24:40; Exoda 14:19; Pesaleme ea 34:7.

“Ho ne ho ena le lere e emeng lefatšeng tlhoro ea eona e fihla maholimong; ‘me, bonang! ho ne ho ena le mangeloi a Molimo a ntseng a nyoloha ‘me a theoha ka eona.”​—Genese 28:12.

a Bibele e hlalosa hore mangeloi a mang a ileng a fetohela bobusi ba Molimo, a bitsoa “bademona.”—Luka 10:17-20.

b Ha e le hantle lentsoe la Seheberu le la Segerike, “lengeloi” le hlalosoa e le morumuoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela