Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 5 maq. 4-5
  • Bibele e re Mangeloi ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e re Mangeloi ke Bo-mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 5 maq. 4-5
Lengeloi le ka sehloohong le mangeloi a mang

SEHLOOHO SE KANTLE | NA MANGELOI A HLILE A TENG?

Bibele e re Mangeloi ke Bo-mang?

Mohlomong u ee u ipotse hore na mangeloi a tsoa hokae le hore na mosebetsi oa ’ona ke ofe. Ke Bibele feela e ka arabang lipotso tseo. (2 Timothea 3:16) Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na e re’ng ha e bua ka mangeloi.

  • Mangeloi a tšoana le Molimo kaha Molimo ke moea o se nang “nama le masapo.” Mangeloi a tšepahalang a lula leholimong le Molimo.—Luka 24:39; Matheu 18:10; Johanne 4:24.

  • Ka linako tse ling mangeloi a ne a ee a hlahe eka ke batho ebe ka mor’a hore a phethe seo a se rometsoeng a khutlela sebopehong sa ’ona.—Baahloli 6:11-23; 13:15-20.

  • Bibele e bua ka ’ona a le matona empa ha e le hantle ha a na litho tsa botona kapa tsa botšehali. Ha a nyale ebile ha a na mokhoa oa ho ikatisa. Jehova o bopile mangeloi le batho kahoo ha batho ba hlokahala ha ba fetohe mangeloi. Ebile ha Bibele e bua ka mangeloi e re ke “bara ba Molimo oa ’nete.”—Jobo 1:6; Pesaleme ea 148:2, 5.

  • Bibele e bua ka “maleme a batho le a mangeloi” ho paka hore mangeloi a khona ho bua. Molimo ha a batle ha batho ba rapela mangeloi le hoja a ne a a sebelisa ho bua le batho.—1 Bakorinthe 13:1; Tšenolo 22:8, 9.

  • Ho na le mangeloi a mangata haholo, a limiriade tse imenneng ka makhetlo a limiriade.a—Daniele 7:10; Tšenolo 5:11.

  • Mangeloi a matla a bile a bohlale haholo ho feta batho. A khona ho fofa ka lebelo le fetang leo motho a ka le nahanang, a ka fihla moo a eang ka ho panya ha leihlo.—Pesaleme ea 103:20; Daniele 9:20-23.

  • Ke ’nete hore mangeloi a matla a bile a bohlale haholo empa ho ntse ho e-na le lintho tseo a sa li tsebeng.—Matheu 24:36; 1 Petrose 1:12.

  • A bopiloe a tšoana le Molimo a bile a e-na le bolokolohi ba ho khetha hore na a batla ho etsa’ng. A mang a ile a ba a khetha ho khopisa Molimo.—Juda 6

a Miriade e le ’ngoe ke likete tse leshome, miriade e le ’ngoe ka makhetlo a miriade ke limilione tse lekholo. Lengolo la Tšenolo le bua ka mangeloi a “limiriade tsa limiriade,” e leng se bolelang hore a mangata haholo hoo palo ea ’ona e ka fihlang libilioneng.

Lihlopha Tsa Mangeloi

Lengeloi le ka sehloohong: Mikaele ke lengeloi le phahameng le le matla ho feta mangeloi ’ohle. Bibele e hlalosa hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu Kreste.—1 Bathesalonika 4:16; Juda 9.

Lirafime: Ke mangeloi a etsang mosebetsi o phahameng, a bile a sebetsa teroneng ea Molimo.—Esaia 6:1-3.

Likerubime: Mangeloi ana le ’ona a sebetsa mosebetsi o phahameng, a bile a na le boikarabello ba ho bona hore lebitso la Molimo lea halaletsoa. Hangata ho buuoa ka ’ona a sebetsa haufi le Molimo.—Genese 3:24; Ezekiele 9:3; 11:22.

Manģosa a limiriade: mosebetsi oa mangeloi ana ke ho bolela molaetsa oa Molimo le ho etsa bonnete ba hore thato ea hae ea phethoa.b—Baheberu 1:7, 14.

b Haeba u batla ho ithuta haholoanyane ka mangeloi u ka bala khaolo ea 10 ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le sehlooho se reng “Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?” sehlomathisong sa eona buka eo. U ka boela oa fumana buka eo ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela