Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g18 no. 3 maq. 6-13
  • U ka Etsa’ng ha U Siame?​—Lintho Tseo U ka li Etsang Hona Joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng ha U Siame?​—Lintho Tseo U ka li Etsang Hona Joale
  • Tsoha!—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1: AMOHELA TŠEHETSO E TSOANG HO BA LELAPA LE METSOALLE
  • 2: E-ja Hantle ’Me U Ikoetlise
  • 3: E-BA LE NAKO E LEKANENG EA HO ROBALA
  • 4: UTLOISISA HORE BATHO HA BA TŠOANE
  • 5: QOBA MEKHOA E KOTSI
  • 6: LEKA-LEKANYA NAKO
  • 7: LULA U ETSA LINTHO TSEO U NENG U TLOAETSE HO LI ETSA
  • 8: U SE KE OA POTLAKELA HO ETSA LIQETO
  • 9: U SE KE OA LEBALA BARATUOA BA HAO BA HLOKAHETSENG
  • 10: U KA HAHLOA KE MOEA
  • 11: U KA THUSA BATHO BA BANG
  • 12: U KA HLAHLOBA MAEMO A HAO BOCHA
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahalloa Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • “Ke Joang Nka Mamellang Bohloko ba ho Shoeloa?”
    Tsoha!—1987
  • U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?
    Tsoha!—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2018
g18 no. 3 maq. 6-13
Batho ba lebopong la leoatle ba ntse ba fofisa lik’haete, ba bang ba nka lifoto

U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

U Ka Etsa’ng Ha U Siame? Lintho Tseo U Ka Li Etsang Hona Joale

Ho na le likeletso tse ngata tse ka u thusang ha u siame ’me tse ling li bohlokoa haholo ho feta tse ling. Mohlomong ke hobane batho ba siama ka litsela tse fapaneng joalokaha ho boletsoe pejana. Keletso e thusitseng motho e mong e ka ’na ea se ke ea thusa batho kaofela.

Leha ho le joalo, ho na le likeletso tsa bohlokoa tse thusitseng batho ba bangata. Tse ling li tsoa ho bahlabolli ba eletsang batho ba siameng. Likeletso tseo li lumellana le melao-motheo e sa felloeng ke nako eo re e fumanang ka Bibeleng.

1: AMOHELA TŠEHETSO E TSOANG HO BA LELAPA LE METSOALLE

  • Batho ba lebopong la leoatle ba ntse ba fofisa lik’haete, ba bang ba nka lifoto

    Batho ba bang ba ithutileng ka se etsahalang ha motho a siame ba re ho bohlokoa haholo ho amohela tšehetso e tsoang ho ba lelapa le metsoalle. Ka linako tse ling u ka ikutloa u tenehile ha ba leka ho u thusa. Ha se phoso ha u ikutloa joalo.

  • Ha se hore u lokela ho lula u e-⁠na le batho empa haeba ba batla ho u thusa u se ke oa ba leleka hobane u ka hloka thuso ea bona ka moso. Bolella batho ba bang ka lintho tseo u li hlokang le tseo u sa li hlokeng.

  • Leka-lekanya nako ea ho ba mong le ea ho ba le batho ba bang.

MOLAO-MOTHEO: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”​—Moeklesia 4:​9, 10.

2: E-ja Hantle ’Me U Ikoetlise

  • Ho ja lijo tse nepahetseng ho tla u thusa ho fokotsa khatello ea kelello e bakiloeng ke ho siama. Leka ho ja litholoana, meroho le lihaha ’mele.

  • E-noa metsi khafetsa.

  • Haeba u se na takatso ea lijo, leka ho ja hanyane empa ebe khafetsa. Hape,u ka ’na oa botsa ngaka hore na ke’ng e ka u thusang hore u be le takatso ea lijo.a

  • Ho ikoetlisa ho ka fokotsa khatello ea maikutlo. Ho ka boela ha u thusa hore u se ke ua lula u nahana ka motho eo ea hlokahetseng.

MOLAO-MOTHEO: “Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.”​—Baefese 5:29.

3: E-BA LE NAKO E LEKANENG EA HO ROBALA

  • Bethe

    Hangata batho ba siameng ba lula ba khathetse kahoo ho bohlokoa hore ba robale ka ho lekaneng.

  • U se ke oa sebelisa tahi haholo le lintho tse ka etsang hore u felloe ke boroko.

MOLAO-MOTHEO: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”​—Moeklesia 4:6.

4: UTLOISISA HORE BATHO HA BA TŠOANE

  • ’Mè ea siameng o bua le motsoalle oa hae

    Hopola hore batho ba siama ka litsela tse fapaneng. Qetellong u tla fumana tsela e tla u thusa.

  • Batho ba bangata ba siameng ba utloa ho le betere ha ba phetlela motho e mong sefuba empa ba bang bona ba khetha ho se bue ho hang. Batho ba ithutileng ka se etsahalang ha motho a siame ba na le maikutlo a fapaneng hore na motho o ikutloa a le betere ha a phetletse motho e mong sefuba kapa che. Haeba u sa khone ho ntša maikutlo a hao, e ka ba bohlale hore hanyane ka hanyane u bue le motsoalle.

  • Batho ba bang ha ba siame ba utloa ho ba betere ha ba lla haholo, athe ba bang bona ba ntse ba e-⁠ba betere le ha ba sa lle hakaalo.

MOLAO-MOTHEO: “Pelo e hlokomela bohloko ba moea oa motho.”​—Liproverbia 14:10.

5: QOBA MEKHOA E KOTSI

  • Ntate ea noang joala

    Batho ba bang ha ba siame ba sebelisa lithethefatsi le joala hampe hore ba itebatse mathata a bona. Ba utloa ba le betere ka nakoana empa hamorao li ba tlisetsa mathata a mangata. Ka hona, qoba mekhoa eo e kotsi.

MOLAO-MOTHEO: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”​—2 Bakorinthe 7:1.

6: LEKA-LEKANYA NAKO

  • Batho ba bang ha ba siame ba iphathahanya ka mesebetsi e meng e le hore ba se ke ba lula ba nahana ka motho ea hlokahetseng.

  • U ka ikutloa u le betere ha u etsa setsoalle le batho ba bang, u ithuta ho etsa mesebetsi e meng kapa u ikhatholla.

  • Hanyane ka hanyane u tla utloa u ntse u hlaphoheloa. Ha nako e ntse e ea u ka qeta nako e telele u sa nahane haholo ka motho ea hlokahetseng.

MOLAO-MOTHEO: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe . . . nako ea ho lla le nako ea ho tšeha; nako ea ho bokolla le nako ea ho tlōla-tlōla.”​—Moeklesia 3:​1, 4.

7: LULA U ETSA LINTHO TSEO U NENG U TLOAETSE HO LI ETSA

  • ’Mè ea ntseng a ngola merero ea hae k’halendareng

    Hang ha u ba betere, qalella ho etsa lintho tseo u neng u tloaetse ho li etsa.

  • Ha u lula u etsa lintho ka tsela eo u neng u tloaetse ho li etsa ka eona, mohlomong u tla u imoloha kelellong.

  • Ho lula u phathahane ka ho etsa lintho tseo u li ratang ho ka u thusa hore u fokotse ho imeloa kelellong.

MOLAO-MOTHEO: “Hase hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Molimo oa ’nete o etsa hore a tšoarehe ka ho thaba ha pelo ea hae.”​—Moeklesia 5:20.

8: U SE KE OA POTLAKELA HO ETSA LIQETO

  • Boholo ba batho ba etsa liqeto hang ha ba qeta ho hlokahalloa ke moratuoa oa bona ’me ba ikoahlaee ha morao.

  • U se ke oa potlakela ho falla, ho chencha mosebetsi kapa ho lahla lintho tsa motho ea hlokahetseng.

MOLAO-MOTHEO: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”​—Liproverbia 21:5.

9: U SE KE OA LEBALA BARATUOA BA HAO BA HLOKAHETSENG

  • Ntate ea bontšang metsoalle lifoto tsa mosali oa hae ea hlokahetseng

    Batho ba bang ba siameng ba nka hore ho etsa lintho tse tla lula li ba hopotsa motho ea hlokahetseng ke ntho ea bohlokoa.

  • Baa tšeliseha ha ba sheba lifoto tsa motho ea hlokahetseng.

  • Boloka lintho tse tla lula li u hopotsa linako tse monate tseo le bileng le tsona le motho ea hlokahetseng, ’me u li shebe ha maikutlo a kokobetse.

MOLAO-MOTHEO: “Hopolang matsatsi a khale.”​—Deuteronoma 32:7.

10: U KA HAHLOA KE MOEA

  • U ka chakela sebakeng se seng hore u hahloe ke moea.

  • Haeba u sa khone ho nka leeto le le lelele, u ka etsa lintho tse tla u thabisa tse kang ho ea bona liphoofolo tse hlaha, ho ea leoatleng kapa ho intša le metsoalle ea hao.

  • Esita le ho etsa lintho tseo u sa li etseng kamehla ho ka u thusa ha u siame.

MOLAO-MOTHEO: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.”​—Mareka 6:31.

11: U KA THUSA BATHO BA BANG

  • ’Mè ea ntseng a le mocha o thusa ea holileng ho reka lintho tseo a li hlokang

    Hopola hore ha u thusa batho ba bang le uena u tla thuseha ’me u tla ikutloa u le betere.

  • U ka ’na oa qala ka ho thusa batho ba anngoeng ke lefu la motho eo, ba kang metsoalle kapa beng ka uena ba ka ’nang ba hloka motho eo ba ka buang le eena ea utloisisang tsela eo ba ikutloang ka eona.

  • Ho thusa le ho tšelisa batho ba bang ho ka u thusa hore u thabe.

MOLAO-MOTHEO: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

12: U KA HLAHLOBA MAEMO A HAO BOCHA

  • Ho siama ho ka u thusa hore u utloisise hore na lintho tsa bohlokoa ke life.

  • Hlahloba tsela eo u phelang ka eona ’me u bone hore na u ka etsa liphetoho hokae bophelong ba hao.

  • Haeba ho hlokeha hore u etse liphetoho, e ka ba hantle hore u li etse.

Molao-Motheo: “Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete, hobane eo ke pheletso ea moloko oohle oa batho; ’me ea phelang o lokela ho e tebisetsa pelong ea hae.”​—Moeklesia 7:2.

KAKARETSO EA LINTHO TSEO U KA LI ETSANG HA U SIAME

  • 1: AMOHELA TŠEHETSO E TSOANG HO BA LELAPA LE METSOALLE

    Leka-lekanya nako ea ho ba mong le ea ho ba le batho ba bang.

  • 2: E-JA HANTLE ’ME U IKOETLISE

    Leka ho ja lijo tse nepahetseng, ho noa metsi a mangata le ho ikoetlisa.

  • 3: E-BA LE NAKO E LEKANENG EA HO ROBALA

    Hangata batho ba siameng ba lula ba khathetse kahoo ho bohlokoa hore ba robale ka ho lekaneng.

  • 4: UTLOISISA HORE BATHO HA BA TŠOANE

    Hopola hore batho ba siama ka litsela tse fapaneng. Qetellong u tla fumana tsela e tla u thusa.

  • 5: QOBA MEKHOA E KOTSI

    Qoba ho sebelisa tahi le lithethefatsi hampe hobane li ka u bakela mathata a mangata hamorao.

  • 6: LEKA-LEKANYA NAKO

    Iphathahanye ka mesebetsi e meng u be u etse setsoalle le batho ba bang e le hore u se ke oa qeta nako e ngata u nahana ka motho ea hlokahetseng.

  • 7: LULA U ETSA LINTHO TSEO U NENG U TLOAETSE HO LI ETSA

    Ho lula u phathahane ka ho etsa lintho tseo u li ratang ho ka u thusa hore u fokotse ho imeloa kelellong.

  • 8: U SE KE UA POTLAKELA HO ETSA LIQETO

    U se ke oa potlakela ho etsa liqeto ha motho a qeta ho hlokahala kaha u ka ’na oa ikoahlaea hamorao.

  • 9: U SE KE OA LEBALA BARATUOA BA HAO BA HLOKAHETSENG

    Boloka lintho tse tla lula li u hopotsa ka linako tse monate tseo le bileng le tsona le motho ea hlokahetseng ’me u li shebe ha maikutlo a kokobetse.

  • 10: U KA HAHLOA KE MOEA

    U ka chakela sebaka se seng kapa u etse lintho tse tla u thabisa e le hore u ka ikutloa u imolohile.

  • 11: U KA THUSA BATHO BA BANG

    Ho thusa batho ba bang ba anngoeng ke lefu leo ho ka u tsoela molemo.

  • 12: U KA HLAHLOBA MAEMO A HAO BOCHA

    Hlahloba tsela eo u phelang ka eona ’me u bone hore na u ka etsa liphetoho hokae bophelong ba hao.

Ka linako tse ling re tla lula re utloa bohloko ha re hopola baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba fetileng boemong bona baa lumela hore ho sebelisa likeletso tse fanoeng sehloohong sena hoa thusa. Ke ’nete hore ha se lintlha tse hlahang sehloohong sena feela tse ka thusang motho ea siameng. Empa haeba u ka li leka, li ka u tsoela khomo.

a Makasine ena ea Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela