Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 3 maq. 8-9
  • Ho ba le Metsoalle le Malapa a Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba le Metsoalle le Malapa a Thabileng
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U SE KE OA INAHANA BOUENA
  • KHETHA METSOALLE KA BOHLALE
  • MELAO-MOTHEO E MENG
  • Ho Rekolohela ke Senotlolosa ho Bontša Mosale Qenehelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Nahanela
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • E-ba le Kutloelo-bohloko
    Tsoha!—2020
  • Na Molimo oa re Qenehela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 3 maq. 8-9
Lelapa le memetse metsoalle ’mesong

Ho ba le Metsoalle le Malapa a Thabileng

Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho ba le litšebelisano tse ntle le ba malapa a bona le metsoalle. U tl’o bona melao-motheo ea Bibele e ka u thusang hore u sebelisane hantle le batho ba bang.

U SE KE OA INAHANA BOUENA

MOLAO-MOTHEO: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

HO BOLELOA’NG? Re tla ba le metsoalle ea ’nete haeba re thusa batho ba bang ka pelo eohle re sa lebella hore ba re buseletse. Haeba u inahana bouena u ke ke oa ba le metsoalle ea ’nete. Mohlala, motho ea ikhohomosang a ka qetella a tsoile molekane oa hae tlaase. Hape ha ho na motho ea batlang ho ba motsoalle oa motho ea lulang a ikotla sefuba ka lintho tseo a li tsebang kapa tseo a nang le tsona. Buka ea The Road to Character e re: “Hangata batho ba ikhohomosang ba qetella ba e-na le mathata a mangata.”

U KA ETSA’NG?

  • Thusa ba bang. Metsoalle ea ’nete ea thusana ebile ea tšepana. Lipatlisiso li bontša hore ha ngata ha motho a sa thuse ba bang a ka ba le khatello ea maikutlo kapa a lula a ikhalala.

  • Utloela batho ba bang bohloko. U ka bontša hore u utloela batho bohloko ka ho ikenya lieteng tsa bona. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u se ke oa ba soma, oa bua mantsoe a hlabang kapa oa soasoa ka tsela e utloisang bohloko.

    Ha u utloela batho ba bang bohloko u tla khona ho ba mamella. Hape ha u na ho ba khetholla ebile u tla ba le metsoalle e fapaneng e tsoang litsong tse sa tšoaneng.

  • Iphe nako ea batho ba bang. U tla tseba batho haholoanyane haeba feela u qeta nako e ngata u e-na le bona. E tla ba metsoalle ea hao ea ’nete haeba u qoqa le batho ka lintho tse ba amang, tseo ba li nkang li le bohlokoa. Hape u be tsebe-thoe-thoe ha ba bua. U bontše hore u feela u amehile ka bona. Lipatlisiso tse entsoeng morao tjena li bontša hore “ho qoqa ka lintho tse hahang hoa thabisa.”

KHETHA METSOALLE KA BOHLALE

MOLAO-MOTHEO: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”​—1 Bakorinthe 15:33.

HO BOLELOA’NG? Batho bao u qetang nako e ngata u na le bona ba ka u susumetsa hantle kapa hampe. Litsebi li bontša hore hangata liqeto tseo motho a li etsang li susumetsoa ke metsoalle. Mohlala, ha u tloaelane le batho ba tsubang kapa ba hlalaneng u ka ’na oa utloa eka le uena u se u batla ho tsuba kapa ho hlala molekane oa hao.

U KA ETSA’NG? Khetha metsoalle e nang le makhabane ao u a ratang le ao u batlang ho ba le ’ona. Mohlala, u ka khetha batho ba bohlale, ba hlomphang, ba fanang le ba ratang batho.

MELAO-MOTHEO E MENG

’m’e o bapalla ngoana video e thehiloeng Bibeleng

Shebella livideo tse buang ka Bibele tse ka thusang banyalani, bacha le bana hore ba thabe ho jw.org/st.

U SE KE OA HLABA BA BANG KA MANTSOE.

“Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.”​—LIPROVERBIA 12:18.

E-BA SEATLA SE BULEHILENG.

‘Ea fanang ka seatla se bulehileng o tla nona.’​—LIPROVERBIA 11:25.

TŠOARA BATHO BA BANG KA TSELA EO U BATLANG HORE LE UENA BA U TŠOARE KA EONA.

“Lintho tsohle . . . tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.”​—MATHEU 7:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela