Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g23 no. 1 maq. 3-5
  • Metsi a Hloekileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsi a Hloekileng
  • Tsoha!—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metsi a Ntse a Silafala
  • Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng
  • Ho Etsoa’ng Hore ho Lule ho E-na le Metsi a Hloekileng?
  • Bibele e Fana ka Tšepo Efe?
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2023
g23 no. 1 maq. 3-5
Mosali o kha metsi ka matsoho nokaneng.

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATŠE KA HO FELETSENG?

METSI A HLOEKILENG

HA HO letho le neng le ka khona ho phela lefatšeng ha ho ne ho se na metsi, haholo-holo metsi a hloekileng. Ha e le hantle karolo e kholo ea lintho tse phelang e entsoe ka metsi. Metsi a tsoang matamong, linokeng, mekhoabong le metsi a chekiloeng fatše a nooa ke batho le liphoofolo ebile batho ba nosetsa lijalo ka ’ona.

Metsi a Ntse a Silafala

Karolo e kholo ea lefatše e tletse metsi. Leha ho le joalo, World Meteorological Organization e re: “Metsi a hloekileng le a ka nooang ke a manyenyane haholo, ke liphesente tse 0.5 feela.” Le hoja ho utloahala eka metsi ana a manyenyane, a ka khona ho thusa lintho tsohle tse phelang lefatšeng. Bothata ke hore boholo ba ona a ntse a silafala ebile ho ntse ho e-ba thata hore a fumanehe hobane lintho tse phelang tse hlokang metsi a hloekileng, lia eketseha hape batho ba ntse ba tsoela-pele ho senya lefatše. Sena se etsa hore metsi a hloekileng a sokolehe le ho feta. Litsebi li hakanya hore ka mor’a lilemo tse 30, batho ba ka bang libilione tse hlano ba tla sokola metsi a hloekileng.

Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng

Lefatše le etselitsoe ho lula le e-na le metsi. Lintho tse kang mobu, liphoofolo tse phelang ka metsing le khanya ea letsatsi li sebelisana ’moho ho hloekisa metsi. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Mobu o ka hloekisa metsi. Libakeng tse mokhoabo, ho na le limela tse tlosang lintho tse kotsi metsing, tse kang nitrogen le phosphorus tse sa hlokahaleng hammoho le chefu e bolaeang likokoanyana lijalong.

  • Bo-rasaense ba ithutile hore na metsi a itlhoekisa joang. Ba hlokometse hore ha litšila li kopana le metsi a phallang, ho na le likokoana tse jang litšila tseo.

  • Ho na le liphoofolo tse nang le li-shell [likhetla] tse fumanehang metsing a hloekileng tse bitsoang li-clam le li-mussel. Liphoofolo tsena li ka khona ho tlosa lik’hemik’hale tse kotsi metsing ho feta mechine e entsoeng ke batho.

  • Potoloho ea metsi e thusa hore a lule a le teng lefatšeng. Haeba ho ne ho se na potoloho ena ea metsi le lintho tse ling tse thusang hore metsi a lule a le teng, a ne a tla fela.

    NA U NE U TSEBA?

    Mobu o Hloekisa Metsi

    Ha mobu o monya metsi, o khona ho a hloekisa ka hore o tlose lik’hemik’hale tse kotsi, manyolo le lintho tse ling tse ka silafatsang metsi. Ha metsi ana a fihla ka fatše mobu o se o a hloekisitse, a ka khona le ho nooa.

    Setšoantšo se bontšang hore na mobu o hloekisa metsi joang ka tlas’a lefatše.

    Mahlohlojane le Lehlabathe

    Mahlohlojane le lehlabathe li hloekisa metsi joalokaha eka ke sefe e tšoarang lintho tse silafatsang metsi.

    Likokoana

    Li ja lintho tse ka etsang hore metsi a be kotsi ho batho. Ho na le likokoana tse ling tse khonang ho ja oli e kotsi ebe qetellong li e etsa moea le metsi.

    Lik’hemik’hale Tse Kotsi ha li Khone ho Feta Mobung

    Mobu o khona ho tšoara lik’hemik’hale tse ka bang kotsi e le hore metsi a fete a hloekile. Ka mohlala, letsopa le khona ho tšoara lintho tse kotsi tse kang ammonium e le hore metsi a fete a hloekile.

Ho Etsoa’ng Hore ho Lule ho E-na le Metsi a Hloekileng?

Litšoantšo: 1. Monna o lokisa koloi ea hae e lutlang oli. Oa e khakeletsa hore e se ke ea qhalanela fatše. 2. Monna o isa libotlolo tse neng li tšetse lik’hemik’hale tse kotsi moo ho qhalloang toti.

Haeba re lokisa likoloi hore li se ke tsa qhala oli, re bile re lahla lintho tse kotsi ka tsela e nepahetseng, sena se tla thusa hore ho lule ho e-na le metsi a hloekileng

Litsebi li re khothaletsa ho sebelisa metsi hantle. Li khothaletsa hore likoloi li lokisoe hore li se ke tsa qhala oli le hore meriana e se ke ea lahleloa ka matloaneng kapa ha qhalloa lintho tse chefo ka metsing a tsamaisoang ka liphaephe hore metsi a lule a hloekile.

Lienjiniere li fumane mekhoa e mecha ea ho tlosa letsoai metsing a leoatle. Morero oa bona ke ho etsa hore ho be le metsi a mangata a hloekileng.

Leha ho le joalo, lintho tsena ha lia lekana. Ho tlosa letsoai metsing a leoatle ha ho rarolle bothata ka ho feletseng hobane ho hloka chelete le motlakase o mongata. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ha o bua ka ho boloka metsi a hloekileng tlalehong e ’ngoe e ileng ea etsoa ka 2021, o ile oa re: “Lefatšeng ho hlokahala boiteko bo eketsehileng ho feta bo ntseng bo etsoa hona joale ho boloka metsi.”

Bibele e Fana ka Tšepo Efe?

“Molimo . . . o hulela marotholi a metsi holimo ebe marotholi ao a fetoha maru. Ka mor’a moo, pula ea na. E nesetsoa batho.”—Jobo 36:​26-28.

Molimo o entse hore ho be le potoloho ea metsi e le hore a se ke a fela lefatšeng.—Moeklesia 1:7.

Nahana ka sena: Haeba ’Mopi o entse lefatše le e-na le bokhoni ba ho boloka metsi a hloekile, na ha se ho utloahalang ho lumela hore o na le matla ebile o ikemiselitse ho lokisa mathata a bakiloeng ke batho? Sheba sehlooho se reng: “Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng” leqepheng la  15.

ITHUTE LINTLHA TSE EKETSEHILENG

Metsi a hlahileng tlas’a microscope.

Metsi a na le lintho tse ikhethang tse etsang hore ho be le bophelo. Shebella video e reng: The Wonders of Creation Reveal God’s Glory—Water ho jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela