Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 34
  • Mofuta o Mocha oa Lijo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mofuta o Mocha oa Lijo
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rua Molemo ka “Lijo-thollo Tsa Leholimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Noha ea Koporo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 34

PALE EA 34

Mofuta o Mocha oa Lijo

NA UA tseba hore batho ba thonaka eng fatše? E tšoana le serame se letseng. E tšoeu, e tšesaane, ebile e makhapetla. Empa hase serame se letseng; ke lijo.

Ke nako e ka etsang khoeli feela Baiseraele ba tsoile Egepeta. Ba lefeelleng. Ha ho lijo tse ngata tse melang mona, joale batho baa belaela ba re: ‘Hoja Jehova a re bolaela Egepeta. Bonyane teng re ne re fumana lijo tsohle tseo re li hlokang.’

Joale Jehova o re: ‘Ke tla nesa lijo leholimong.’ Sena ke sona seo Jehova a se etsang. Hoseng ha Baiseraele ba bona ntho ena e tšoeu e neleng, baa botsana ba re: ‘Ke eng ntho ee?’

Moshe o re: ‘Ke lijo tseo Jehova a le fileng tsona hore le li je.’ Batho ba e bitsa MANNA. E latsoeha joaloka likuku tse tšesaane tse entsoeng ka mahe a linotši.

Moshe o bolella batho o re: ‘Le nke a lekaneng hore le a je.’ Joale ba etsa joalo hoseng ho hong le ho hong. Joale, ha letsatsi le futhumala, manna a setseng fatše aa qhibiliha.

Hape Moshe o re: ‘Ho se be ea bolokelang manna letsatsi le latelang.’ Empa batho ba bang ha ba mamele. Na ua tseba hore ho etsahala’ng? Hoseng manna ao ba a bolokileng a tletse liboko, ’me a qala ho nkha!

Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng bekeng, Jehova o re batho ba bokelle manna a matsatsi a mabeli. Ke ka letsatsi la botšelela. Jehova o re a mang a bolokeloe letsatsi le latelang, hobane a ke ke a nesa manna ka letsatsi la bosupa. Ha ba bolokela manna letsatsi la bosupa, ha a tlale liboko ’me ha a nkhe hampe! Ona ke mohlolo o mong!

Lilemo tsohle tseo Baiseraele ba leng lefeelleng ka tsona, Jehova o ba fepa manna.

Exoda 16:1-36; Numere 11:7-9; Joshua 5:10-12.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela