Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 114
  • Bofelo ba Bobe Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofelo ba Bobe Bohle
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Ntle Ebile Lia Khahleha
    Tsoha!—2011
  • Paradeise e Ncha Lefatšeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Se Boleloang ke Bibele Esale Pele Sea Phethahala
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 114

Pale ea 114

Bofelo ba Bobe Bohle

U BONA’NG moo? Ke lebotho la lipere tse tšoeu. Empa bona hore na li hlaha hokae. Lipere tsena li matha ka lebelo li hlaha holimo marung! Na ho na le lipere tsa ’nete leholimong?

Che, tsena hase lipere tsa ’nete. Rea tseba hobane lipere li ke ke tsa matha marung, na ha ho joalo? Empa Bibele e bua ka lipere tse leholimong. Na u tseba lebaka?

Ke hobane lipere li kile tsa sebelisoa haholo lintoeng. Kahoo Bibele e bua ka batho ba palameng lipere ba theoha leholimong ho bontša hore Molimo o tla loantša batho lefatšeng. Na ua tseba hore na sebaka seo ntoa ee e tla loaneloa ho sona se bitsoa’ng? Se bitsoa Armagedone. Ntoa eo e tla felisa bobe bohle lefatšeng.

Jesu ke Eena ea tla etella pele ho loana ntoeng ena ea Armagedone. Hopola hore Jesu ke eena eo Jehova a mo khethileng hore e be morena pusong ea Hae. Ke ka lebaka leo Jesu a roalang moqhaka oa morena. Sabole e bontša hore o tla bolaea lira tsohle tsa Molimo. Na re lokela ho makala hore ebe Molimo o tla felisa batho bohle ba babe?

Khutlela Paleng ea 10. U bona’ng moo? Moroallo o moholo o ileng oa bolaea batho ba babe. Ke mang ea ileng a tlisa Moroallo oo? Ke Jehova Molimo. Joale sheba Pale ea 15. Ho etsahala’ng moo? Sodoma le Gomora li felisoa ka mollo oo Jehova a ileng a o romela.

Phetla Pale ea 33. Bona se etsahallang lipere le likoloi tsa ntoa tsa Baegepeta. Ke mang ea entseng hore metsi a koahele batho bao? Ke Jehova. O entse seo e le hore a sireletse batho ba hae. Bona Pale ea 76. Ua bona hore Jehova o ile a tlohella esita le batho ba hae, Baiseraele, hore ba felisoe ka lebaka la bobe ba bona.

Kahoo, ha re makale hore ebe Jehova o tla romela lebotho la hae la leholimo ho tla felisa bobe bohle lefatšeng. Empa ak’u nahane hore na seo se tla bolela eng! Phetla leqephe le latelang re bone.

Tšenolo 16:16; 19:11-16.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela