Li Ntle Ebile Lia Khahleha
“Kapele feela ke ile ka iphumana ke rata lipere. Li ntle haholo ebile li khahleha ka tsela e ikhethang.”—TOMASZ, EO E LENG SETSEBI SA TSOALISO EA LIPERE.
BATHO ba bangata ba nka hore lipere ke liphoofolo tse ntle ka ho fetisisa, ba li ratela hore lia khahleha le hore li bontša matla ka tsela e hlollang ha li ema ka maoto a morao, li tila fatše ka litlhako, li kurutla ka boikhantšo ’me li koatola ka sebete. Ka sebele, li ntle ka tsela e hlollang.
Ho theosa le lilemo tse makholo, ho ’nile ha hlahisoa mefuta e sa tšoaneng ea lipere, libakeng tse sa tšoaneng tse nang le maemo a sa tšoaneng a leholimo. Ho nkoa hore pere ea Arabia e sa kopanang le mefuta e meng ke eona e ntle ka ho fetisisa. E talingoa e le bohale haholo, hobane e matla, e lebelo, e mokoka ebile e bohlale, e leng se etsang hore e be e loketseng lipapaling.
Ho thahasellisang ke hore ke khale ho tsoalisoa lipere tsena tse lebelo Poland, e leng naha e Europe Bohareng. Batsoalisi le litsebi tsa liphoofolo ba lumela hore lipere tse ling tsa Arabia tse khahlehang ka ho fetisisa li amana le Poland. Hobane’ng? Re ile ra botsa batsoalisi ba lipere le litsebi potso ena le tse ling.
Kamoo Batho ba Ratang Lipere Tsena ba li Talimang Kateng
A re qale ka ho hlahloba lintlha tse seng kae ka lipere tsena tsa Arabia tse sa kopanngoang le mefuta e meng. Esale lipere tsena li amahanngoa le Bochabela bo Hare. Tomasz, eo e leng setsebi sa tsoaliso ea lipere, o re: “Ka lilemo tse makholo, merabe ea Maarabo ea bo-hloma-u-hlomole e ’nile ea rua le ho sireletsa lipere tsa Arabia hore li se ke tsa kopana le mefuta e meng. Lipere tsena tse ratoang haholo tsa Arabia, li ile tsa hlahisoa ka hore batsoalisi ba khethe ka hloko mefuta eo ba e nyalisang le hore ba li hlokomele. Hangata lipere tsena li thokoa, li khunong kapa li thokoa bo isitseng ho bokhunong; ka linako tse ling li ba ntšo.”
Żaneta ea ratang lipere tsa Arabia, o re: “Li ntle ka tsela e ikhethang ’me ho nahanoa hore ke oona mofuta oa khale ka ho fetisisa lipereng o sa kopanang le mefuta e meng.” Li tsebahala ka hore li bohale, li sebete li bile li mokoka. Matšoafo a tsona a matla—a sefubeng se sephara, se tebileng—a etsa hore e be tse loketseng ho tsamaea sebaka se selelele.
Ho Tloha Arabia ho ea Poland
Re ile ra botsa Tomasz, ea nang le polasi ea lipere moo: “Ho tlile joang hore lipere tsee tsa Arabia li tle Poland?” O ile a re: “E ka ’na eaba qalong li ile tsa tla le lenģosa la morena le neng le tsoa lekhotleng la ’musi oa Mamosleme la lekholong la bo16 la lilemo le neng le le Stambul ’me lenģosa leo le ne le etela moo hangata. Empa seo re se tsebang hantle ke hore lenaneo la ho li tsoalisa Poland le qalile lekholong la bo18 la lilemo.” Izabela Pawelec-Zawadzka, eo e leng setsebi sa ho tsoalisa lipere tsa Arabia, o hlalosa karolo e ileng ea phethoa ke motho e mong ea bitsoang Count Wacław Rzewuski. Kaha o ne a tseba mekhoa ea batho ba Bochabela, “o ile a khothalletsa le ho hlophisa khoebo ea lipere tse tsoang Arabia,” ’me a tlisa lipere tse 137 tsa mofuta oo Europe.
Ho phehella ha Rzewuski le cheseho ea hae ho ile ha etsa hore ho be le polasi ea pele ea lipere tsa Arabia sebakeng se Poland se bitsoang Janów Podlaski, Poland Bochabela, ka selemo sa 1817. Tomasz o re: “Qalong, ho ne ho bonahala lintho li tsamaea hantle. Batsoalisi ba tšoanelehang ba ne ba hlokomela lipere tsena. Empa lintoa tse peli tsa lefatše, tse ileng tsa loaneloa Europe, li ile tsa senya mapolasi ao a lipere a Poland. Lipere tse ngata li ile tsa bolaoa, tse ling tsa baleha kapa tsa utsuoa.” Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, lenaneo la ho li tsoalisa le ile la tsosolosoa ka katleho.
Hona joale ho na le bonyane mapolasi a ka bang 30 a lipere tsa Arabia, Poland. Kaha batho ba moo ba qetile lilemo tse 200 ba li hlokomela, ba khona ho hlahisa lipere tsa boleng bo botle haholo. Kahoo, Poland e se e le se seng sa litsi tse hlaheletseng ka ho fetisisa tse tsoalisang lipere tsa Arabia, ’me litsebi le barati ba tsona ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše ba tla ka bongata lipontšong tse tsebahalang tse tšoareloang moo selemo le selemo le lifantising.
Tsela ea ho li Hlokomela Letsatsi ka Leng
E le hore batsoalisi ba hlahise lipere tsa boleng bo holimo tse nang le litšobotsi tse ikhethang, ho hlokahala hore ba hlokomele liphoofolo tseo hantle. Małgorzata, eo le eena a nang le polasi, o re: “Ha ho bonolo ho hlokomela lipere tsena. Re lokela ho li fepa ka tsela e nepahetseng e le hore li lule li le boemong bo botle li bile li shebahala hantle. Lipere tse seng li le haufi le ho tsoala li hloka tlhokomelo e khethehileng.”a Ke lijo tsa mofuta ofe tse loketseng lipere tsa Arabia?
Małgorzata o tsoela pele, o re: “Re qala letsatsi ka ho fa lipere tsena furu, e nang le limatlafatsi tsohle tsa bohlokoa, tse akarelletsang livithamine le liminerale tse hlokahalang. Habore e kopantsoeng le ’mōkō kapa joang e na le limatlafatsi tse ikhethang; harese le litlheferetsi tsa koro le tsona li molemo haholo. Empa ha e le hantle, lipere tsena li rata furu e tala e ntseng e le metsi—joang kapa lesere hammoho le litapole, lihoete le beterute. Mariha, batsoalisi ba atisa ho reka furu e kopantsoeng le lintho tse ling, e nang le liprotheine tse ngata. Ho boetse ho hlokahala hore lipere tsena li fuoe lenyekethe—e leng letsoai le nang le liminerale kapa litlama tse li fokotsang bohale. Empa re lokela ho elelloa hore esita le furu e molemo ka ho fetisisa e ke ke ea tšoana le ho fula makhulong a matala. Ntlha e ’ngoe ea ho qetela ke hore lipere tsena li lokela ho fuoa metsi a hloekileng ka linako tsohle—ho hang ha li noe metsi a litšila.”
Ho hlokomela lipere tsena ka tsela e loketseng ho akarelletsa ho hlokomela letlalo le boea ba tsona. Seo se bolela hore motho o lokela ho li hloekisa, ho li kama ka borashe bo khethehileng le ho li pholla ka letsoho. Empa joalokaha Tomasz a hlalosa, ho na le taba e ’ngoe hape: “Ke habohlokoa ho hloekisa litlhako tsa tsona kamehla, kaha seo se ka thibela maloetse a itseng, a akarelletsang kankere. Re lokela ho ba hlokolosi ka ho khetheha ha re hlahloba mahlo, linko, melomo le litsebe tsa lipere tsena.” Żaneta o phaella ka ho re: “E le hore pere ena e phele hantle e be e shebahale hantle, ho hlokahala hore ho be le sebaka seo e ka mathang ho sona le lehlabathe, seretse, kapa joang moo e ka ipitikang teng. Ha pere e fufuletsoe, ka mor’a hore e hlehle kapa e kheme, e lokela hore e koaheloe ka kobo ebe joale ea hloekisoa.”
Litsebi li hatisa bohlokoa ba ho ela hloko seo pere ka ’ngoe e se hlokang. Małgorzata o re: “Ho lumeloa hore lipere tsa Arabia li khona ho lemoha lintho ka tsela e ikhethang—li ananela ha batho ba li bontša botsoalle, ba li tšoara ebile ba li kopa ka matsoho. Ha motho a e bontša lerato joalo, seo se etsa hore pere e tšepe mopalami oa eona hoo e mo ratang ka ho feletseng. Li tsejoa ka hore li lla ka thabo ha motho a bososela le tsona, a li haka kapa a li fa lijo tse monate—tse kang sehoete kapa ntho e tsoekere. Batho ba ratang lipere ba thabela ho li hlokomela.” Ha Tomasz a hlalosa tsela eo a ratang lipere ka eona o re: “Kapele feela ke ile ka iphumana ke rata lipere. Li ntle haholo ebile li khahleha ka tsela e ikhethang. Empa ha ho bonolo ho etsa hore li u tšepe. Ho nkile lilemo tse ngata hore li ntšepe.”
Bokamoso ba Lipere
Haesale batho ba rata lipere ka lebaka la botle, lebelo, matla le bohlale ba tsona, haholo-holo lipere tsa Arabia ’me seo se entse hore ba thehe maqhama a ikhethang le tsona. Ka masoabi, ba ile ba sebelisa maqhama ao hampe ho phetha merero e mebe lintoeng, moo lipere tse makholo li ileng tsa shoella teng. Leha ho le joalo, pusong ea ’Muso oa Molimo, batho ba tla sebelisetsa lipere merero e metle feela—thorisong ea ’Mōpi oa bona, e leng Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Motsoalisi a ka ikhethela hore na pere e tla tsoala neng. Ka tloaelo, e tsoala selemo le selemo, empa hangata seo ha se etsahale. Ka lilemo tse 25 ho isa ho tse 30 tseo pere ena e li phelang, e tla ba le lipetsana tse 15 ho isa ho tse 18.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pere e tšehali le petsana
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Ho Hlokomela Pere ea Arabia Letsatsi ka Leng, ho Akarelletsa
1. Ho e kama ka hloko ka borashe
2. Ho e hloekisa litlhako
3. Ho e bontša lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipere tse tona li bapalla lehloeng