Bademona ke Babolai!
Haesale Satane le bademona ba le sehlōhō ebile ba le kotsi. Mehleng ea pele Satane o ile a bolaea mohlape oa Jobo ea tšepahalang le bahlanka ba hae. Eaba o bolaea bana ba leshome ba Jobo ka ho etsa hore “moea o moholo” o senye ntlo eo ba neng ba le ka har’a eona. Ka mor’a moo Satane o ile a otla Jobo ka “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hloho.”—Jobo 1:7-19; 2:7.
Mehleng ea Jesu, bademona ba ne ba etsa hore batho ba bang e be limumu le lifofu. (Mattheu 9:32, 33; 12:22) Ba ile ba hlokofatsa monna e mong ’me ba etsa hore a itšehe ka majoe. (Mareka 5:5) Hape ba ile ba etsa hore moshanyana e mong a hoeletse, ba mo tabanya fatše, ’me ba mo “akhehisa.”—Luka 9:42, BPN.
Kajeno, Satane le bademona ba na le morero oa ho bolaea ho feta leha e le neng pele. Ha e le hantle, mosebetsi oa bona o mobe o tōtile ho tloha haesale ba lahleloa ka ntle ho leholimo. Litlaleho tse tsoang lefatšeng ka bophara lia tiisa hore ba sehlōhō. Ba hlokofatsa batho ba bang ka ho ba kulisa. Ba tšoenya ba bang bosiu, ba ba hlobaetsa boroko kapa ba ba lorisa litoro tse tšosang. Ba hlekefetsa ba bang botoneng kapa botšehaling. Ho sa le joalo ba susumelletsa ba bang hore ba hlanye, ba bolaee, kapa ba ipolaee.
Lintina, ea phelang Suriname, o tlaleha hore modemona, kapa moea o mobe, o ile oa bolaea litho tsa lelapa labo tse 16 ’me eena oa mo hlokofatsa ’meleng le kelellong ka lilemo tse 18. Kaha o na le phihlelo ea sebele o tlaleha hore bademona “ba thabela ho hlokofatsa batho bao ba ba hlasetseng ho fihlela ba e-shoa haeba ba le manganga.”
Empa Jehova a ka sireletsa bahlanka ba hae litlhaselong tsa Satane.—Liproverbia 18:10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Nakong e fetileng, bademona ba ne ba kulisa batho ba bang ’me ba akhehisa ba bang
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Kajeno bademona ba etsa hore batho ba bang ba be mabifi; ba tšoenya ba bang bosiu, ba ba lorisa litoro tse tšosang