Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • dg karolo 5 maq. 10-12
  • Mpho e Tsotehang ea Boikhethelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho e Tsotehang ea Boikhethelo
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re Entsoeng ka Teng
  • Qalo e Molemo Haholo
  • Tokoloho e Sehetsoeng Meeli
  • Melao ea Mang?
  • Mpho e Hlollang ea Boikhethelo
    Tsoha!—1990
  • Meeli ea Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ananela Bolokolohi ba Hao ba ho Ikhethela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Tokoloho e Thabeloang ke Barapeli ba Jehova
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
dg karolo 5 maq. 10-12

Karolo 5

Mpho e Tsotehang ea Boikhethelo

1, 2. Ke mpho efe e tsotehang eo e leng karolo ea ho bōptjoa ha rōna?

BAKENG sa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bohloko le seo o tla se etsa ka bona, ho hlokahala hore re utloisise kamoo o re bōpiloeng ka teng. O entse ho fetang feela ho re bōpa re e-na le ’mele le boko. O boetse o re bōpile re e-na le litšobotsi tse khethehileng tsa kelello le maikutlo.

2 Karolo ea bohlokoa ea ho bōptjoa ha rōna kelellong le maikutlong ke boikhethelo. E, Molimo o kentse ka hare ho rōna tokoloho ea boikhethelo. Ka sebele ebile ke mpho e tsotehang e tsoang ho oona.

Kamoo re Entsoeng ka Teng

3-5. Ke hobane’ng ha re thabela boikhethelo?

3 A re hlahlobeng kamoo boikhethelo bo amehang ka teng tabeng ea ho lumella ha Molimo bohloko. Pele nahana ka sena: Na u thabela ho ba le tokoloho ea ho khetha seo u tla se etsa le seo u tla se bua, seo u tla se ja le ho se apara, mofuta oa mosebetsi oo u tla u etsa, le kamoo u tla phela ka teng e hore na u tla phela joang? Kapa na u batla hore motho e mong a ’ne a u bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe le seo u tšoanetseng ho se etsa motsotso o mong le o mong oa bophelo ba hao?

4 Ha ho motho ea phetseng hantle ea batlang hore bophelo ba hae bo laoloe ke motho e mong ka ho felletseng. Hobane’ng? Ke ka baka la tsela eo Molimo o re bōpileng ka eona. Bibele e re bolella hore Molimo o bōpile motho ka ‘setšoantšo sa oona le ka ho tšoana le oona,’ ’me e ’ngoe ea litšobotsi tseo Molimo o nang le tsona ke tokoloho ea boikhethelo. (Genese 1:26; Deuteronoma 7:6) Ha o ne o bōpa batho, o ile oa ba neha tšobotsi eo e tsotehang—mpho ea boikhethelo. Leo ke le leng la mabaka a etsang hore re ho fumane e le ho ferekanyang ho ba tlas’a bokhoba ba babusi ba bahatelli.

5 Kahoo takatso ea ho batla tokoloho hase ntho e tlileng ka kotsi feela, hobane Molimo ke Molimo oa tokoloho. Bibele e re: “Moo ho nang le moea oa Jehova, ho na le tokoloho.” (2 Ba-Korinthe 3:17, NW) Kahoo, Molimo o re nehile boikhethelo joaloka karolo ea ho bōptjoa ha rōna. Kaha o ne o tseba tsela eo likelello tsa rōna le maikutlo li tla sebetsa ka eona, o ne o tseba hore re tla thabela boikhethelo haholo.

6. Ke joang Molimo o bōpileng boko ba rōna ho sebetsa tumellanong le boikhethelo?

6 Hammoho le mpho ea boikhethelo, Molimo o re nehile matla a ho nahana, ho lekanyetsa lintho, ho etsa liqeto le ho tseba ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. (Ba-Heberu 5:14) Ka hona, boikhethelo bo ne bo tla lokela ho theoa khethong e bohlale. Ha rea bōptjoa joaloka liroboto tse sa nahaneng tse se nang boikhethelo boo e leng ba tsona. Ha rea bōptjoa hore re laoloe ke bohlale bo bōpelletsoeng ka hare joaloka liphoofolo. Ho e-na le hoo, boko ba rōna bo tsotehang bo ne bo bōpetsoe ho sebetsa tumellanong le tokoloho ea rōna ea boikhethelo.

Qalo e Molemo Haholo

7, 8. Ke qalo efe e molemo eo Molimo o ileng oa e neha batsoali ba rōna ba pele?

7 Ho bontša kamoo Molimo o neng o tsotella ka teng, hammoho le mpho ea boikhethelo, batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba filoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho leha e le ofe a neng a ka e batla. Ba ne ba behiloe serapeng se seholo se kang paradeise. Ba ne ba e-na le lijo tse ngata. Ba ne ba e-na le likelello le ’mele tse phethahetseng, kahoo ho ne ho sa hlokahale hore ba tsofale kapa ba kule kapa ho shoa—ba ne ba ka phela ka ho sa feleng. Ba ne ba tla ba le bana ba phethahetseng bao le bona ba neng ba tla ba le bokamoso bo thabileng le bo sa feleng. Lenane le eketsehang la batho le ne le tla ba le mosebetsi o khotsofatsang oo qetellong o neng o tla fetola lefatše lohle ho ba paradeise.—Genese 1:26-30; 2:15.

8 Mabapi le seo ho fanoeng ka sona, Bibele e re: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:31) Bibele e boetse e re ka Molimo: “Mosebetsi oa hae o phethahetse.” (Deuteronoma 32:4, NW) E, ’Mōpi o ile a neha lelapa la motho qalo e phethahetseng. E ne e le molemo haholo. Molimo o ipakile e le o tsotellang hakaakang!

Tokoloho e Sehetsoeng Meeli

9, 10. Ke hobane’ng ha boikhethelo bo lokela ho laoloa ka mokhoa o nepahetseng?

9 Leha ho le joalo, na Molimo o ne o rerile hore boikhethelo e be bo sehetsoeng meeli? Ak’u nahane ka motse o phetheselang o se nang melao leha e le efe ea sephethe-phethe, moo motho e mong le e mong a neng a ka khanna ka lehlakoreng leha e le lefe la tsela ka lebelo leha e le lefe. Na u ne u ka rata ho khanna tlas’a maemo a joalo? Che, seo se ne se tla baka mofere-fere oa sephethe-phethe ’me ka sebele se ne se tla fella ka likotsi tse ngata.

10 Ho joalo le ka mpho ea Molimo ea boikhethelo. Tokoloho e sa seheloang meeli e ne e tla baka mofere-fere sechabeng. Ho tlameha ho ba le melao e laolang mesebetsi ea batho. Lentsoe la Molimo le re: “Itšoareng joaloka batho ba lokolohileng, ’me le ka mohla le se sebelise tokoloho ea lōna e le lebaka la ho etsa bokhopo.” (1 Petrose 2:16, JB) Molimo o batla hore boikhethelo bo laoloe hore bo tsoele bohle molemo. O ne o rerile hore re se be le tokoloho e felletseng, empa tokoloho e lekanyelitsoeng, e laoloang ke molao.

Melao ea Mang?

11. Re bōpetsoe ho mamela melao ea mang?

11 Re bōpetsoe ho mamela melao ea mang? Karolo e ’ngoe ea temana ho 1 Petrose 2:16 (JB) e re: “Ha le bahlanka ba e mong haese ba Molimo.” Sena ha se bolele bokhoba bo hatellang, empa ho e-na le hoo, se bolela hore re bōpetsoe ho ba batho ba thabileng ka ho fetisisa ha re ikokobelletsa melao ea Molimo. (Mattheu 22:35-40) Melao ea oona, ho feta melao leha e le efe e entsoeng ke batho, e fana ka tataiso e molemo ka ho fetisisa. “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang [“se tla u tsoela molemo,” NW], ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.

12. Ke tokoloho efe ea boikhethelo eo re nang le eona ka har’a meeli ea melao ea Molimo?

12 Ka nako e tšoanang, melao ea Molimo e lumella tokoloho e khōlō ea ho ba le khetho har’a meeli ea eona. Sena se fella ka lintho tse ngata tse fapaneng ’me se etsa hore lelapa la batho e be le thahasellisang. Nahana ka mefuta e fapaneng ea lijo, liaparo, ’mino, boqapi, le matlo hohle lefatšeng. Ka sebele re rata ho ba le khetho ea rōna linthong tse joalo ho e-na le hore motho e mong a re etsetse liqeto.

13. Ke melao efe ea matla a tlhaho eo re lokelang ho e mamela molemong oa rōna?

13 Ka hona re bōpetsoe ho ba ba thabileng ka ho fetisisa ha re ikokobelletsa melao ea Molimo bakeng sa boitšoaro ba batho. Ho tšoana le ho ikokobelletsa melao ea Molimo ea matla a tlhaho. Ka mohlala, haeba re hlokomoloha molao oa matla a tlhaho oa khoheli ’me re itihela fatše ho tsoa sebakeng se phahameng, re tla tsoa kotsi kapa re shoe. Haeba re hlokomoloha melao e ka hare ea ’mele ea rōna le ho khaotsa ho ja lijo, ho noa metsi kapa ho phefumoloha moea, re tla shoa.

14. Re tseba joang hore batho ba ne ba sa bōpeloa ho itsamaisa ka ntle ho Molimo?

14 Ka sebele ha e le mona re bōpiloe re e-na le tlhoko ea ho ikokobelletsa melao ea Molimo ea tlhaho, re bōpiloe re e-na le tlhoko ea ho ikokobelletsa melao ea Molimo ea boitšoaro le ea kahisano. (Mattheu 4:4) Batho ba ne ba sa bōpeloa hore ba itsamaise ka ntle ho Moetsi oa bona ’me ka ho etsa joalo ba atlehe. Moprofeta Jeremia o re: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.” (Jeremia 10:23, 24) Kahoo ka litsela tsohle batho ba ne ba bōpetsoe ho phela tlas’a puso ea Molimo, eseng ea bona.

15. Na melao ea Molimo e ne e tla ba boima ho Adama le Eva?

15 Ho utloa melao ea Molimo ho ka be ho sa ba boima ho batsoali ba rōna ba pele. Ho e-na le hoo, ho ka be ho sebelelitse boiketlo ba bona le ba lelapa lohle la moloko oa batho. Lintho tsohle li ne li tla tsamaea hantle hoja batho ba babeli ba pele ba ile ba lula har’a meeli ea melao ea Molimo. Ha e le hantle, hona joale re ka be re phela paradeiseng e tsotehang ka thabo joaloka lelapa le kopaneng la moloko oa batho! Ho ka be ho se na bokhopo, bohloko, le lefu.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

’Mōpi o nehile batho qalo e phethahetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na u ne u tla rata ho khanna har’a sephethe-phethe se sengata haeba ho ne ho se na melao ea sephethe-phethe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela