Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/1 maq. 3-4
  • Meeli ea Tokoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meeli ea Tokoloho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao ea Hlaho e Etsetsa Motho Moeli
  • Melao e Sehelang Boitšoaro ba Rōna Meeli
  • Mpho e Hlollang ea Boikhethelo
    Tsoha!—1990
  • Mpho e Tsotehang ea Boikhethelo
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/1 maq. 3-4

Meeli ea Tokoloho

“Makhoba a maholo ke batho bao ka phoso ba lumelang hore ba lokolohile.”—Goethe.

TOKOLOHO! Lentsoe leo le ipiletsa hakaakang. Empa le bolela eng ho uena? Na tokoloho e bolela hore u na le tokelo e sa ineheleng ea ho etsa seo u se ratang, ka nako eo u e ratang kapa sebakeng leha e le sefe seo u se ratang, u sa tsotelle batho ba bang? Che! Makhotla a etsang molao a bea meeli e laolang liketso tsa hao e le hore ho sireletsoe litokelo le lithahasello tsa ba bang. Na sena ha se bohlokoa haholo ha batho ba phela sebakeng se le seng?

Ka mohlala, ho ka etsahala hore u na le tokoloho ea ho nka leeto, empa u ka khanna koloi ea hao feela har’a meeli ea melao e beiloeng. Meeli, kapa melao ena, ha ea etsetsoa ho sireletsa ba bang feela empa hape le uena. Ka baka leo, tokoloho ea ’nete ha e bolele ho lahla lithibelo tsohle, taeo, le boitelo; hape ha e bolele ho se be teng ha melao e loketseng le e molemo. Ka tsela e khahlisang Black’s Law Dictionary e hlalosa tokoloho tjena:

“Boemo ba ho ba ea lokolohileng . . . ho se hlokomelo, tšitiso, kapa thibelo ntle le haeba e le melao e hlokahalang le e nepahetseng le litšoanelo tsa sechaba.”

Haeba re lakatsa ho thabela tokoloho, re lokela ho phela har’a meeli e ’meli—melao ea hlaho le ea boitšoaro.

Melao ea Hlaho e Etsetsa Motho Moeli

Ho ke ke ha etsahala hore motho leha e le ofe a lokolohe ka ho feletseng esita le haeba a ne a ka ikarola ’me a ea phela sehleke-hlekeng se har’a leoatle le leholo. Lipatlahalo tsa hlaho tsa ’mele oa hae le ho itšetleha ha hae ka tikoloho li ne li tla etsetsa bolokolohi ba hae meeli. ’Mopi, Jehova Molimo, o hlomme meeli ena ea hlaho ’me e meng ke melao ea hae le metheo.—Liketso 17:26-28.

Molimo o beile melao ea hlaho e bolokang bokahohle bo le tumellanong e hlollang. Melao ena e sebeletsa molemong oa rōna. Ka mohlala, na u ikutloa u hateletsoe ka likhoka ke molao oa hlaho oa Molimo o hulelang lintho fatše? Che! Ke matla a hlokahalang a tšoereng bokahohle hammoho ’me a u bolokile hore u se fofe.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ka boomo u n’o u ka hlokomoloha molao ona o hulelang lintho fatše ’me u tlōla u le selomong se phahameng ka limethara tse mashome a mararo? U ne u tla shoa kapa u tsoe kotsi e tšabehang. Phello ea seo ke ena: e ke ke ea ba tokoloho empa meeli e eketsehileng. Re ke ke ra qhelela melao ea hlaho kathoko ntle ho kotlo. Empa leha ho le joalo, haeba re sebetsa har’a meeli, re kotula melemo.

Melao e Sehelang Boitšoaro ba Rōna Meeli

Lilemo tse 300 tse fetileng, mofilosofi oa Lenyesemane John Locke o akarellelitse taba eo mohlomong le uena u e hlokometseng mabapi le tokoloho le molao oa batho. O ngotse: “Moo ho se nang molao ha ho tokoloho. Kahobane tokoloho ha e na lithibelo le pefo, ha e fumanehe moo ho se nang molao; ’me kamoo re boleletsoeng kateng, tokoloho hase ‘tokoloho bakeng sa motho e mong le e mong ho etsa seo a se ratang.’ Hobane ke mang ea lokolohileng, ha ntho e qabolang motho e mong e etsa hore a ikutloe a hatelehile?”

Mantsoe ao a nepile hakaakang ha a sebelisoa melaong ea batho e sehelang boitšoaro bo kotsi meeli! Haeba motho a hlokomela hore ho hlokahala molao ho laola boitšoaro ba sechaba, na ’Mopi oa motho o ne a ke ke a bona patlahalo e tšoanang? Na re ka nahana ka Molimo o entse hore ho be le melao ea hlaho empa o siile batho ba se na melao e tataisang boitšoaro ba bona? Le hanyenyane.—Mattheu 6:8.

Melao ea ’Mopi bakeng sa batho e ngotsoe le ho bolokoa e le hore re ka tseba tsela e molemo ea ho sebetsana le litaba tsa rōna. (2 Timothea 3:16, 17) The Bible in Living English e hlalosa boleng ba melao eo tjena: “Litaelo tsa Jehova ha li fose, li tsosolosa bophelo; lithuto tsa Jehova lia tšepahala, li hlalefisa ea se nang kutloisiso; melao ea Jehova e-ea amoheleha, e thabisa lipelo; taeo ea Jehova ea tšepahala, e bula mahlo.”—Pesaleme ea 19:7, 8.

Motho ea lekang ho itokolla meeling e nepahetseng ea boitšoaro o joalo ka sekepe se lahlehetsoeng ke lesiba le se bontšang tsela le lebeli le se khannang. O felletsoe ke morero le tataiso ’me o hloka ho bontšoa tsela e sireletsehileng kapa ho seng joalo phello e tla ba kotsi e khōlō. Ka baka leo sena se phahamisa potso e tebileng ka ho fetisisa. Na re ka tataisa bophelo ba rōna ka tsela e sireletsehileng re lokolohile ho Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela