Thuto ea 15
Ho Thusa ba Bang ho Etsa Thato ea Molimo
Ke hobane’ng ha u lokela ho bolella ba bang ka seo u ithutang sona? (1)
Ke bo-mang bao u ka arolelanang litaba tse molemo le bona? (2)
Boitšoaro ba hao bo ka ba le phello efe ho ba bang? (2)
U ka bolela hammoho le phutheho ea sebakeng sa heno neng? (3)
1. Ho fihlela joale, u ithutile lintho tse ngata tse molemo tse tsoang Bibeleng. Tsebo ena e lokela ho u tataisetsa ho hlaoleleng botho ba Bokreste. (Baefese 4:22-24) Tsebo e joalo ke ea bohlokoa e le hore u ka fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ba bang le bona ba utloe litaba tse molemo e le hore le bona ba ka pholoha. Bakreste bohle ba ’nete ba tlameha ho pakela ba bang. Ke taelo ea Molimo.—Baroma 10:10; 1 Bakorinthe 9:16; 1 Timothea 4:16.
2. U ka qala ho arolelana lintho tse molemo tseo u ithutang tsona le batho ba haufi le uena. Li bolelle ba lelapa la hao, metsoalle, bao u kenang sekolo le bona le bao u sebetsang le bona. E-ba le mosa le mamello ha u etsa joalo. (2 Timothea 2:24, 25) U hopole hore hangata batho ba sheba boitšoaro ba motho ho feta ho mamela seo a se bolelang. Kahoo boitšoaro ba hao bo ka ’na ba hohela ba bang ho mamela molaetsa oo u ba bolellang oona.—Matheu 5:16; 1 Petrose 3:1, 2, 16.
3. Ka nako e loketseng, u ka ’na ua tšoaneleha ho qalisa ho bolela le phutheho ea sebakeng sa heno ea Lipaki tsa Jehova. Ona ke mohato oa bohlokoa khatelo-peleng ea hao. (Matheu 24:14) E tla ba thabo e kaakang haeba u ka khona ho thusa motho e mong hore a fetohe mohlanka oa Jehova ’me a fumane bophelo bo sa feleng!—1 Bathesalonika 2:19, 20.