Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 3 leq. 5
  • Ho Hlokahala Hore U Ithute ka Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokahala Hore U Ithute ka Molimo
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Tsela ea ho Fumana Bolumeli ba ’Nete
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Kamoo U ka Etsang Metsoalle Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 3 leq. 5

Thuto ea 3

Ho Hlokahala Hore U Ithute ka Molimo

Hore u be motsoalle oa Molimo, ho hlokahala hore u ithute ka eena. Na metsoalle ea hao e tseba lebitso la hao ’me ea le sebelisa? Ho joalo. Molimo le eena o batla hore u tsebe lebitso la hae ’me u le sebelise. Lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18; Matheu 6:9) Ho hong hape, u lokela ho ithuta seo a se ratang le seo a sa se rateng. Ho hlokahala hore u tsebe hore na metsoalle ea hae ke bo-mang le hore na lira tsa hae ke bo-mang. Ho tseba motho ho hloka nako. Bibele e bolela hore ke bohlale ho ipha nako ea ho ithuta ka Jehova.—Baefese 5:15, 16.

Metsoalle ea Molimo e etsa se mo khahlisang. Nahana ka metsoalle ea hao. Ha u e tšoara hampe ’me u etsa lintho tseo e li hloileng, na e tla tsoela pele e le metsoalle ea hao? Ho hlakile hore e ke ke! Ka tsela e tšoanang, haeba u batla ho ba motsoalle oa Molimo, ho hlokahala hore u etse se mo khahlisang.—Johanne 4:24.

Hase malumeli ’ohle a isang setsoalleng le Molimo. Jesu, eo e leng motsoalle e moholo oa Molimo, o buile ka litsela tse peli. Tsela e ’ngoe e sephara ’me e tletse batho. Tsela eo e isa timelong. Tsela e ’ngoe e moqotetsane ’me batho ba tsamaeang ho eona ha ba bangata. Tsela eo e isa bophelong bo sa feleng. Sena se bolela hore haeba u batla ho ba motsoalle oa Molimo, u lokela ho ithuta tsela e nepahetseng ea ho mo rapela.—Matheu 7:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela