Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 8 leq. 14
  • Lira Tsa Molimo ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lira Tsa Molimo ke Bo-mang?
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tseba Sera sa Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Satane
    Tsoha!—2013
  • Diabolose ke Mang?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 8 leq. 14

Thuto ea 8

Lira Tsa Molimo ke Bo-mang?

Sera se seholo sa Molimo ke Satane Diabolose. Ke sebōpuoa sa moea se ileng sa fetohela Jehova. Satane o ntse a tsoela pele ho loantša Molimo le ho bakela batho khathatso e khōlō. Satane o khopo. O leshano ebile ke ’molai.—Johanne 8:44.

Libōpuoa tse ling tsa moea li ile tsa ikopanya le Satane ha a fetohela Molimo. Bibele e li bitsa bademona. Joaloka Satane, bademona ke lira tsa batho. Ba rata ho ntša batho kotsi. (Matheu 9:32, 33; 12:22) Jehova o tla timetsa Satane le bademona ba hae ka ho sa feleng. Ba saletsoe ke nako e khutšoanyane feela ea hore ba khathatse batho.—Tšenolo 12:12.

Haeba u batla ho ba motsoalle oa Molimo, ha ua lokela ho etsa seo Satane a batlang ha u se etsa. Satane le bademona ba hloile Jehova. Ke lira tsa Molimo, ’me ba batla ho u etsa sera sa Molimo. U lokela ho khetha eo u batlang ho mo khahlisa—Satane kapa Jehova. Haeba u batla bophelo bo sa feleng, u lokela ho khetha ho etsa thato ea Molimo. Satane o na le maqiti a mangata le litsela tse ngata tsa ho thetsa batho. Batho ba bangata ba thetsoa ke eena.—Tšenolo 12:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela