Mokhatlo oa Tsona o Hlophisitsoeng oa Lefatše ka Bophara le Mosebetsi oa Tsona
HO NA le litsela tse ’maloa tse sebelisoang ho tataisa mosebetsi oa bopaki linaheng tse fetang 230 tseo o etsoang ho tsona. Tataiso e akaretsang e tsoa ho Sehlopha se Busang se ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York. Selemo se seng le se seng Sehlopha se Busang se romela baemeli libakeng tse sa tšoaneng lefatšeng ka bophara ho ea eletsana le baemeli ba makala libakeng tseo. Liofising tsa makala ho na le Likomiti tsa Makala tse entsoeng ka litho tse ka bang tharo ho isa ho tse supileng tse hlokomelang mosebetsi linaheng tse tlas’a tlhokomelo ea tsona. A mang a makala ana a na le thepa ea ho hatisa, a mang a sebelisa mechine ea ho hatisa ea rotary e lebelo. Naha kapa sebaka se sebeletsoang ke lekala ka leng se arotsoe ka litereke, ’me litereke tsona li arotsoe ka lipotoloho. Potoloho ka ’ngoe e na le liphutheho tse ka bang 20. Molebeli oa setereke o etela lipotoloho tse seterekeng sa hae ka ho latellana. Selemo le selemo, potolohong e ’ngoe le e ’ngoe ho tšoaroa likopano tse peli. Ho boetse ho na le molebeli oa potoloho, ’me eena o atisa ho etela phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e potolohong ea hae habeli ka selemo, a thusa Lipaki ho hlophisa le ho etsa mosebetsi oa boboleli tšimong e abetsoeng phutheho eo.
Phutheho ea sebaka ka seng le Holo ea eona ea ’Muso ke setsi sa ho boleloa ha litaba tse molemo tikolohong ea heno. Libaka tse tlas’a phutheho ka ’ngoe li aroloa ho latela ’mapa hore e be masimo a manyenyane. Masimo ana a abeloa Lipaki ka bomong tse ikitlaetsang ho etela batho le ho buisana le bona lelapeng le leng le le leng le tšimong eo. Phutheho ka ’ngoe, e na le Lipaki tse seng kae ho isa ho tse ka bang 200, e na le baholo ba abetsoeng ho hlokomela mesebetsi e sa tšoaneng. ’Moleli ka mong oa litaba tse molemo ke oa bohlokoa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. Paki e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na e sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše, lekaleng, kapa phuthehong e etsa mosebetsi ona oa tšimo oa ho bolella ba bang ka seqo ka ’Muso oa Molimo.
Qetellong litlaleho tsa mosebetsi ona li fihla ntlo-khōlō ea lefatše, ’me ho hlophisoa Buka ea Selemo le ho hatisoa. Ho boetse ho hatisoa chate selemo se seng le se seng tokollong ea Molula-Qhooa ea January 1. Lingoliloeng tsena ka bobeli li fana ka tlaleho e qaqileng ea se finyeletsoeng selemo se seng le se seng ha ho fanoa ka bopaki ka Jehova le ’Muso oa hae o tlas’a Kreste Jesu. Lilemong tsa morao tjena Lipaki le batho ba thahasellang ba ka bang 14 000 000 ba ’nile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu selemo le selemo. Lipaki tsa Jehova li qeta lihora tse fetang 1 000 000 000 ka selemo li phatlalatsa litaba tse molemo ’me batho ba bang ba bacha ba fetang 300 000 baa kolobetsoa. Ka kakaretso ho tsamaisoa lingoliloeng tse limilione tse makholo.