Mokhatlo o Hlophisitsoeng le Mosebetsi oa Tsona Lefatšeng ka Bophara
Ho na le makala a ’maloa a sebelisoang ho tsamaisa mosebetsi oa bopaki linaheng tse fetang 200 moo o etsoang teng. Tataiso ka kakaretso e tsoa ho Sehlopha se Busang se ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn, New York. Ho tloha moo baemeli ba romeloa ntle selemo le selemo “libakeng” tse 15 kapa ho feta ho ea bonana le baemeli ba makala sebakeng ka seng. Liofising tsa makala ho na le Likomiti tsa Makala tsa litho tse tharo ho ea ho tse supileng ho lebela mosebetsi naheng e tlas’a bolisa ba tsona. A mangata a makala ana a na le thepa ea ho hatisa, a mang a sebelisa mechine ea ho hatisa e lebelo ea rotary. Naha kapa sebaka se sebeletsoang ke lekala ka leng e aroloa ka litereke, ’me litereke tsona li aroloa ka lipotoloho. Potoloho ka ’ngoe e na le liphutheho tse ka bang 20. Molebeli oa setereke ke eena ea okamelang “kopanong ea potoloho” bakeng sa liphutheho tsena hanngoe ka selemo, ha a etela lipotoloho tsena tse seterekeng sa hae ha a ntse a potoloha. Ho na le molebeli oa potoloho, ’me o etela phutheho ka ’ngoe e potolohong ea hae hangata e le habeli ka selemo, a thusa Lipaki ho hlophisa le ho etsa mosebetsi oa boboleli tšimong e abetsoeng phutheho eo.
Phutheho ea sebaka ka seng e nang le Holo ea ’Muso ke setsi bakeng sa ho bolela ‘litaba tse molemo’ tikolohong ea heno. Libaka tse tlas’a phutheho ka ’ngoe li aro-aroloa ’mapeng ka masimo a manyenyane. Ana a abeloa Lipaki ka bomong tse ikemiselitseng ho etela batho le ho bua le bona lelapeng le leng le le leng tšimong eo. Phutheho ka ’ngoe, e nang le Lipaki tse seng kae ho ea ho tse ka bang 200, e na le baholo ba abetsoeng ho hlokomela mesebetsi e sa tšoaneng. ’Moleli ka mong oa ‘litaba tse molemo’ ke oa bohlokoa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. E mong le e mong oa Lipaki, hore na o sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše, kapa makaleng, kapa liphuthehong o etsa mosebetsi ona oa tšimo oa hore ka seqo a bolelle ba bang ka ’Muso oa Molimo.
Qetellong litlaleho tsa mosebetsi ona li finyella ntlo-khōlō ea lefatše, ’me Yearbook ea selemo le selemo ea bokeletsoa le ho hatisoa. Hape, ho boetse ho hatisoa chate ea selemo le selemo tokollong ea la 1 Pherekhong, ea Molula-Qhooa. Lingoliloeng tsena ka bobeli li fana ka litlaleho tse nang le boitsebiso bo batsi ka se finyelletsoeng selemo le selemo ha ho fanoa ka bopaki ka Jehova le ’Muso oa hae tlas’a Kreste Jesu. Tlaleho ea 1987 Yearbook e bontša e tlaleha hore ka 1986 Lipaki tse fetang 3 000 000, tse tsoang liphuthehong tse 52 177 li sebelitse lihora tse fetang 680 000 000 hōle li bolela ‘litaba tse molemo.’ Selemong sa tšebeletso sa 1986, ba bacha ba 225 868 ba ile ba kolobetsoa. Libuka tse tsamaisitsoeng li baliloe ka makholo a limillione.