Thuto 23
Molemo o Sebetsang oa Taba o Hlakisitsoe
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Thusa bamameli ba hao ho bona kamoo taba ea hao e amang bophelo ba bona kateng kapa kamoo ba ka e sebelisang hamolemo kateng.
Ke Hobane’ng ha e le oa Bohlokoa?
Haeba batho ba sa bone molemo o sebetsang oa seo u se bolelang, ba ka ’na ba u bolella hore ha ba thahaselle, kapa ba ka ’na ba ikoala litsebe, ba tlohella likelello tsa bona hore li lelere.
HO SA tsotellehe hore na u bua le motho a le mong kapa le bamameli ba bangata, ha ho bohlale ho nahana hore momameli oa hao kapa bamameli ba hao ba tla thahasella taba ea hao hobane feela uena u e thahasella. Molaetsa oa hao ke oa bohlokoa, empa haeba u hlōleha ho hlakisa molemo oa oona o sebetsang, ho ka etsahala hore u se ke ua hapa thahasello ea bamameli ba hao ka nako e telele.
Ho joalo le ka bamameli ba leng Holong ea ’Muso. Ba ka ’na ba mamela ha u sebelisa papiso kapa phihlelo eo ba qalang ho e utloa. Empa ba ka ’na ba ikoala litsebe ha u bua ka lintho tseo ba seng ba li tseba, haholo-holo haeba u hlōleha ho haha ho seo ba seng ba se tseba ka lintho tseo. U lokela ho ba thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha seo u se buang se e-na le molemo oa sebele ho bona le hore se na le molemo ka tsela efe.
Bibele e re khothalletsa ho nahana ka mokhoa o sebetsang. (Liprov. 3:21) Jehova o ile a sebelisa Johanne Mokolobetsi ho lebisa batho “bohlaleng bo sebetsang ba ba lokileng.” (Luka 1:17) Bona ke bohlale bo thehiloeng tšabong e loketseng ea Jehova. (Pes. 111:10) Ba ananelang bohlale bona ba thusoa ho sebetsana ka katleho le bophelo hona joale le ho tšoara bophelo ba sebele ka tieo, bophelo bo sa feleng bo tlang.—1 Tim. 4:8; 6:19.
Ho Etsa Hore Puo e be e Sebetsang. Hore puo ea hao e be e sebetsang, ha ua lokela ho nahanisisa feela ka boitsebiso ba hao empa hape u lokela ho nahanisisa le ka bamameli ba hao. U se ke ua ba talima e le sehlopha feela. Sehlopha seo se bōpiloe ke batho ka bomong le malapa. E ka ’na eaba ho na le bana ba banyenyane haholo, bacha, batho ba baholo le ba bang ba tsofetseng. E ka ’na eaba ho na le ba sa tsoa thahasella hammoho le ba qalileng ho sebeletsa Jehova pele u hlaha. E ka ’na eaba ba bang ba hōlile tsebong; ho ka etsahala hore ba bang ba susumelitsoe haholo ke boikutlo bo itseng ba lefatše le mekhoa ea lona. Ipotse: ‘Boitsebiso boo ke eang ho bo tšohla bo ka ruisa bamameli molemo joang? Nka ba thusa joang hore ba utloisise?’ U ka ’na ua etsa qeto ea ho lebisa tlhokomelo e khōlō sehlopheng se le seng feela kapa tse peli tse boletsoeng mona. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala ba bang ka ho feletseng.
Ho thoe’ng haeba u abetsoe ho tšohla thuto e itseng ea motheo ea Bibele? U ka etsa joang hore puo eo e be molemo ho bamameli ba seng ba ntse ba lumela thuto eo? Leka ho matlafatsa tumelo ea bona ho eona. Joang? Ka ho beha mabaka ka bopaki ba Mangolo bo e tšehetsang. Hape u ka tebisa kananelo ea bona thutong eo ea Bibele. U ka etsa sena ka ho bontša kamoo thuto eo e lumellanang kateng le linnete tse ling tsa Bibele le botho ba Jehova. Sebelisa mehlala—haeba ho khoneha liphihlelo tsa sebele—tse bontšang kamoo ho utloisisa thuto ena ho ruisitseng batho molemo kateng le ho ama pono ea bona ka bokamoso.
U se ke ua khotsofalla ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng litlhalosong tse seng kae feela tse khutšoanyane qetellong ea puo ea hao. Ho tloha qalong feela, motho e mong le e mong ea leng har’a bamameli ba hao o lokela ho utloa hore “taba ena ea nkama.” Ha u se u ralile motheo oo, tsoela pele ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng ha u ntse u hōlisa ntlha ka ’ngoe e khōlō e leng puong esita le sephethong.
Ha u bontša kamoo taba e sebetsang kateng, tiisa hore u ho etsa ka mokhoa o lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Seo se bolela’ng? Se bolela ho etsa seo ka tsela e lerato le e bontšang ho nahanela. (1 Pet. 3:8; 1 Joh. 4:8) Esita leha a ne a sebetsana le mathata a boima Thesalonika, moapostola Pauluse o ile a tiisa hore o totobatsa litšobotsi tse ntle tsa tsoelo-pele ea moea ea bara le barali babo ba Bakreste ba moo. Hape o ile a bolela kholiseho ea hore tabeng e neng e tšohloa ka nako eo, ba ne ba tla batla ho etsa se nepahetseng. (1 Bathes. 4:1-12) Oo ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o etsisang!
Na puo ea hao e reretsoe ho susumelletsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela le ho ruta ba bang litaba tse molemo? Tsosa cheseho le kananelo bakeng sa tokelo eo. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hopole hore tekanyo eo batho ba khonang ho kopanela ka eona mosebetsing ona ea fapana ’me Bibele e nahanela sena. (Mat. 13:23) U se ke ua imetsa barab’eno ka maikutlo a ho ba molato. Baheberu 10:24 e re khothalletsa “hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Haeba re susumeletsana leratong, mesebetsi e thehiloeng sepheong se setle e tla latela. Ho e-na le ho batla hore lintho li etsoe ka mokhoa o tšoanang, hlokomela hore Jehova o batla hore re khothalle “ho mamela ka tumelo.” (Bar. 16:26) Re hopotse sena, re batla ho matlafatsa tumelo—ea rōna le ea barab’abo rōna.
Ho Thusa ba Bang ho Utloisisa. Ha u ntse u pakela ba bang, tiisa hore u hatisa molemo o sebetsang oa litaba tse molemo. Ho etsa joalo ho hloka hore u nahane ka seo batho ba leng tšimong ea lōna ba se nahanang. U ka tseba seo joang? Mamela litaba seea-le-moeeng kapa thelevisheneng. Sheba leqephe le ka pele la koranta. Hape, leka ho hulela batho moqoqong ’me u mamele ha ba bua. Mohlomong u tla fumana hore ba loantšana le mathata a boima—ho lahleheloa ke mosebetsi, ho lefa rente, ho kula, lefu ka lelapeng, kotsi ea tlōlo ea molao, leeme le bontšitsoeng ke e mong ea boholong, ho senyeha ha lenyalo, ho laola bana le lintho tse ling tse joalo. Na Bibele e ka ba thusa? Ka sebele e ka ba thusa.
Ha u qalisa moqoqo, mohlomong u se u e-na le taba e itseng ka kelellong. Leha ho le joalo, haeba motho a bontša hore ho na le taba e itseng e potlakileng eo a e thahasellang, u se ke ua tsilatsila ho bua ka eona haeba u ka khona ho etsa joalo, kapa u etse tlhahiso ea hore u tla khutla hape ka boitsebiso bo bong bo molemo. Ke ’nete hore re qoba ho ‘kena-kenana le se sa re ameng,’ empa re thabela ho arolelana le ba bang keletso e molemo eo Bibele e fanang ka eona. (2 Bathes. 3:11) Ho hlakile hore ntho e tla susumetsa batho haholo ke keletso ea Bibele e amang bophelo ba bona.
Haeba batho ba sa bone kamoo molaetsa oa rōna o ba amang kateng, ba ka ’na ba khaotsa moqoqo kapele. Esita leha ba re lumella ho bua, ho hlōleha ha rōna ho bontša molemo o sebetsang oa taba ho ka ’na ha bolela hore molaetsa oa rōna o tla ba le tšusumetso e fokolang haholo bophelong ba bona. Ho fapana le moo, haeba re etsa hore molemo o sebetsang oa molaetsa o hlake, puisano ea rōna e ka etsa phetoho e khōlō bophelong ba batho.
Ha u khanna lithuto tsa Bibele, tsoela pele ho totobatsa kamoo taba e sebetsang kateng. (Liprov. 4:7) Thusa liithuti ho utloisisa keletso ea Mangolo, melao-motheo le mehlala e li bontšang kamoo li ka tsamaeang litseleng tsa Jehova kateng. Hatisa melemo e tlisoang ke ho etsa joalo. (Esa. 48:17, 18) Sena se tla susumelletsa liithuti ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba tsona. Etsa hore li rate Jehova le ho ba le takatso ea ho mo khahlisa ’me u etse hore tšusumetso ea ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo e be ntho e hlahang pelong.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Ha u lokisetsa puo, u se ke ua nahana feela ka boitsebiso empa u nahane le ka bamameli ba hao. E nehele ka tsela e tla ba ruisa molemo haholo.
Ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng ha hoa lokela ho lekanyetsoa sephethong sa hao feela. Ho lokela ho bonahala puong ea hao kaofela.
Ha u lokisetsa ho fana ka bopaki, nahana ka lintho tseo batho ba leng tšimong ea lōna ba li nahanang.
Ha u fana ka bopaki, mamela motho e mong ka hloko ’me u lumellanye nehelano ea hao le boemo ba hae.
BOITLHAKISO: Hlahloba litokollo tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tseo u nang le tsona ’me u khethe nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tseo u nahanang hore li ka sebetsa haholoanyane tšimong ea lōna. Leka ho li sebelisa tšebeletsong ea tšimo.