KHAOLO EA 3
“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”
1, 2. Moprofeta Esaia o ile a ba le pono efe, hona e re ruta eng ka Jehova?
ESAIA o ile a hlolloa ha a bona se ka pel’a hae e leng pono e tsoang ho Molimo. E ne e bonahala e le ea sebele! Hamorao Esaia o ile a ngola hore o ‘bone Jehova’ a le teroneng ea Hae e phahameng. Seaparo sa Jehova se qhalaneng se ne se tletse tempele e kholohali e Jerusalema.—Esaia 6:1, 2.
2 Esaia o ile a boela a hlolloa ke seo a ileng a se utloa. O ile a utloa pina e binoang ka matla hoo e ileng ea sisinya tempele ho ea metheong ea eona. Pina eo e ne e binoa ke lirafime, e leng libopuoa tsa moea tsa boemo bo phahameng haholo. Li ne li tsanyaola ka lentsoe le phefa, mantsoe a bontšang tlotliso: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho. Lefatše lohle le tletse khanya ea hae.” (Esaia 6:3, 4) Ho tsanyaola lentsoe “oa halalela” ka makhetlo a mararo ho ne ho le hatisa ka ho khetheha ’me e le ka ho loketseng kaha Jehova o halalela ho isa tekanyong e phahameng ka ho fetisisa. (Tšenolo 4:8) Khalalelo ea Jehova e hatisoa hohle ka Bibeleng. Litemana tse makholo li amahanya lebitso la hae le mantsoe “halalela” le “khalalelo.”
3. Ke joang maikutlo a fosahetseng ka ho halalela ha Jehova a etsang hore ba bangata ba furalle Molimo ho e-na le ho atamela ho eena?
3 Ka hona, ho hlakile hore e ’ngoe ea lintho tsa motheo tseo Jehova a batlang hore re li utloisise ka eena ke hore oa halalela. Leha ho le joalo, khopolo eo e nyahamisa ba bangata kajeno. Ba bang ka phoso ba amahanya khalalelo le ho itokafatsa kapa boinehelo-’motoana. Batho ba loantšanang le boikutlo ba ho ikhalala ba ka ’na ba fumana ho halalela ha Molimo ho ba tepelletsa ho fapana le ho ipiletsa ho bona. Mohlomong ba tšoha hore le ka mohla ba ke ke ba tšoaneleha ho atamela ho Molimo enoa ea halalelang. Ka hona, ba bangata ba furalla Molimo ka lebaka la khalalelo ea hae. Seo ke se utloisang bohloko, hobane ho halalela ha Molimo ke lona lebaka le susumelletsang ho atamela ho eena. Hobane’ng? Pele re araba potso eo, a re tšohleng seo khalalelo ea sebele e leng sona.
Khalalelo ke Eng?
4, 5. (a) “Khalalelo” e bolela’ng ’me ha e bolele’ng? (b) Jehova o ‘ikhethile’ ka litsela life tse peli?
4 Hore Molimo oa halalela ha ho bolele hore ke moithati, moikhohomosi, kapa ea khesang ba bang. Ho e-na le hoo, o hloile litšobotsi tse joalo. (Liproverbia 16:5; Jakobo 4:6) Kahoo, lentsoe “halalela” le bolela’ng? Seheberung sa Bibele, lentsoe leo le tsoa lentsoeng le bolelang “ho khetheha” kapa “ho ikarola.” Borapeling, ‘ho halalela’ ho hlalosa motho ea khethehileng kapa ntho e khethetsoeng ho sebeletsa Molimo. Khalalelo e boetse e senola ka matla khopolo ea bohloeki le ho hloka sekoli. Lentsoe lee le hlalosa Jehova joang? Na le bolela hore o ‘ikarotse’ ho batho ba sa phethahalang, hore o hole le rona?
5 Le hanyenyane. E le “Mohalaleli oa Iseraele,” Jehova o ile a kholisa batho ba hae hore o lutse har’a bona, le hoja e ne e le baetsalibe. (Esaia 12:6; Hosea 11:9) Kahoo, ho halalela ha hae ha ho mo etse hore a be hole. Joale, o ‘ikhethile’ joang? Ka litsela tse peli tsa bohlokoa. Tsela ea pele, o ikhethile popong eohle kaha ke eena feela ea Phahameng ka ho Fetisisa. O hloekile ebile ha a na sekoli ka hohle-hohle le ka tsela e ke keng ea lekanngoa. (Pesaleme ea 40:5; 83:18) Tsela ea bobeli, Jehova o ikhethile ka hore ha a na sebe ho hang ’me taba eo ea tšelisa. Hobane’ng?
6. Ke hobane’ng ha re ka tšelisoa ke hore Jehova ha a na sebe ka ho feletseng?
6 Re phela lefatšeng leo ho lona khalalelo ea sebele e fumanehang seoelo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea mokhatlo oa batho o ikarotseng ho Molimo e silafetse ka tsela e itseng, e silafalitsoe ke sebe le ho se phethahale. Kaofela ha rona re tlameha ho loantšana le sebe se ka ho rona. ’Me kaofela ha rona re kotsing ea ho hloloa ke sebe haeba re khoehlisa ntoeng ena. (Baroma 7:15-25; 1 Bakorinthe 10:12) Jehova eena ha a kotsing e joalo. Kaha ha a na sebe ka ho feletseng, le ka mohla a ke ke a silafatsoa le ke mosaletsa feela oa sebe. Sena se boetse se matlafatsa boikutlo ba rona ba hore Jehova ke Ntate ea babatsehang kaha se bolela hore a ka tšeptjoa ka ho feletseng. Ho fapana le bo-ntate ba baetsalibe, le ka mohla Jehova a ke ke a etsa bobolu, a hloka boitšoaro kapa a hlekefetsa. Ho halalela ha hae ho etsa hore ntho leha e le efe e joalo e be e sa khoneheng ka ho feletseng. Nako le nako Jehova o ’nile a hlapanya ka khalalelo ea hae kaha ke eona ntho e etsang hore re mo tšepe. (Amose 4:2) Na seo ha se se khothatsang?
7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe khalalelo ke sebopeho sa motheo sa botho ba Jehova?
7 Khalalelo ke sebopeho sa motheo sa botho ba Jehova. Seo se bolela’ng? Ho etsa mohlala: Nahana ka lipoleloana “moloko oa batho” le “ho se phethahale.” U ke ke oa hlalosa moloko oa batho ntle le ho nahana ka ho se phethahale. Re pota-potiloe ke ho se phethahale ’me ho susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Joale nahana ka mantsoe a mabeli a fapaneng hole le ao e leng “Jehova” le “halalela.” Jehova o tletse khalalelo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae e hloekile, ha e na sekoli ’me e lokile. Re ke ke ra tseba kamoo Jehova a hlileng a leng kateng ntle le hore re qale ka ho utloisisa hore na ho “halalela” ho bolela’ng.
“Khalalelo ke ea Jehova”
8, 9. Ke’ng se bontšang hore Jehova o thusa batho ba sa phethahalang ho ba ba halalelang ka kutloisiso e lekanyelitsoeng?
8 Kaha Jehova o tletse khalalelo, ka nepo ho ka boleloa hore ke mohloli oa khalalelo eohle. Ha a ikoetlele tšobotsi ena ea bohlokoa ka boithati, o e fa ba bang le hona ka seatla se bulehileng. Ke kahoo ha Molimo a ne a bua le Moshe a sebelisa lengeloi sehlahleng se tukang, sebaka se haufi le moo se ileng sa fetoha se halalelang ka lebaka la kamano ea sona le Jehova!—Exoda 3:5.
9 Na batho ba sa phethahalang e ka ba ba halalelang ka thuso ea Jehova? E, ka kutloisiso e lekanyelitsoeng. Molimo o ile a fa batho ba hae ba Iseraele tebello ea ho ba “sechaba se halalelang.” (Exoda 19:6) O ile a hlohonolofatsa sechaba seo ka tsamaiso ea borapeli e halalelang, e hloekileng le e se nang sekoli. Ka hona khalalelo ke taba e ka sehloohong eo ho buuoang ka eona khafetsa Molaong oa Moshe. Ha e le hantle, moprista ea phahameng o ne a roala korone ea khauta ka pele tukung ea hae, moo bohle ba neng ba ka bona ho phatsima ha eona khanyeng. Ho eona ho ne ho ngotsoe mantsoe a reng: “Khalalelo ke ea Jehova.” (Exoda 28:36) Kahoo borapeli ba bona, ha e le hantle, tsela ea bona ea bophelo, e ne e lokela ho khetholloa ka tekanyetso e phahameng ea bohloeki le ho hloka sekoli. Jehova o ile a ba bolella: “Le halalele hobane ’na Jehova Molimo oa lona, kea halalela.” (Levitike 19:2) Hafeela Baiseraele ba ne ba phela tumellanong le morero oa Molimo ho isa boholeng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka khonang, ba ne ba halalela ka kutloisiso e lekanyelitsoeng.
10. Ho ne ho e-na le phapang efe pakeng tsa Iseraele ea boholo-holo le lichaba tse e potolohileng tabeng ea khalalelo?
10 Ho hatisoa hona ha khalalelo ho ne ho fapane hole le borapeli ba lichaba tse potolohileng Iseraele. Lichaba tseo tsa bohetene li ne li rapela melimo eo boteng ba eona e neng e le leshano le thetso, melimo e neng e hlalosoa e le mabifi, e le meharo ebile e le boitšoaro bo hlephileng. E ne e sa halalele ho hang. Ho rapela melimo e joalo ho ile ha etsa hore batho e be ba sa halaleleng. Kahoo, Jehova o ile a lemosa bahlanka ba hae hore ba ikarole ho barapeli bao ba bahetene le litšebeletsong tsa bona tse silafetseng tsa bolumeli.—Levitike 18:24-28; 1 Marena 11:1, 2.
11. Khalalelo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo e bonahala joang ho (a) mangeloi? (b) lirafime? (c) Jesu?
11 Le tlas’a maemo a molemo ka ho fetisisa, sechaba sa Jehova se khethiloeng sa Iseraele ea boholo-holo se ne se ka bonahatsa tlhasenyana feela ea khalalelo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo. Libopuoa tse limilione tsa moea tse sebeletsang Molimo ka botšepehi li bitsoa “limiriade tse halalelang.” (Deuteronoma 33:2; Juda 14) Li bonahatsa ka ho phethahetseng botle ba khalalelo ea Molimo bo khanyang, bo se nang sekoli. Hape u hopole lirafime tseo Esaia a ileng a li bona ponong. Mantsoe a pina ea tsona a bontša hore libopuoa tsena tse matla tsa moea li phetha karolo ea bohlokoa ho tsebahatseng khalalelo ea Jehova bokahohleng bohle. Leha ho le joalo, ho na le sebopuoa se seng sa moea se phahametseng tse ling kaofela e leng Mora oa Molimo ea mong. Jesu ke ponahatso e phahameng ka ho fetisisa ea khalalelo ea Jehova. Ka nepo, o bitsoa “Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”—Johanne 6:68, 69.
Lebitso le Halalelang, Moea o Halalelang
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ka nepo ho thoe lebitso la Molimo lea halalela? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a lokela ho tlosa qoso lebitsong la hae?
12 Ho thoe’ng ka lebitso la Molimo? Joalokaha re bone Khaolong ea 1, lebitso leo ha se tlotla kapa lentsoe feela le khethollang. Le emela Jehova Molimo, ho akareletsa le litšobotsi tsohle tsa hae. Kahoo, Bibele e re bolella hore ‘lebitso la hae lea halalela.’ (Esaia 57:15) Molao oa Moshe o ne o laela hore ea silafatsang lebitso la Molimo a fuoe kahlolo ea lefu. (Levitike 24:16) Hape hlokomela ntlha eo Jesu a ileng a e bolela pele thapelong: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ho halaletsa ntho ho bolela ho e behella ka thoko e le e khethehileng le ho e hlompha, ho e nka e halalela. Empa ke hobane’ng ha ntho e se nang sekoli ka tlhaho joaloka lebitso la Molimo e hloka ho halaletsoa?
13 Lebitso la Molimo le halalelang le ile la hlompholloa le ho senngoa ka mashano le liketselletso. Satane o ile a etselletsa Jehova Edene ’me a fana ka maikutlo a hore ke ’Musi ea leeme. (Genese 3:1-5) Ho tloha nakong eo, Satane e leng ’musi oa lefatše lena le khopo o entse bonnete ba hore mashano a buuoang ka Molimo aa eketseha. (Johanne 8:44; 12:31; Tšenolo 12:9) Malumeli a hlahisitse Molimo e le mohatelli, ea itšehlang thajana kapa ea sehloho. A boletse hore oa a tšehetsa lintoeng tsa ’ona tse tletseng tšollo ea mali. Hangata hore lintho li iketsahalle feela tjee li sa reroa kapa hore li iphetotse ka botsona ke hona ho ’nileng ha fuoa tlotla e lokelang liketso tsa Molimo tse hlollang tsa popo. E, lebitso la Molimo le ’nile la senngoa ka lonya. Le lokela ho halaletsoa, le lokela ho busetsoa khanyeng ea lona e loketseng. Re labalabela ho bona ha Jehova a tlosa qoso lebitsong la hae, a sebelisa ’Muso oo morena oa oona e leng Mora oa hae. Re thabela ho kopanela morerong oo o moholohali ka tsela leha e le efe.
14. Ke hobane’ng ha ho thoe moea oa Molimo oa halalela, hona ke hobane’ng ha ho nyefola moea o halalelang ho tebile hakaale?
14 Ho na le ho hong hape ho amanang haufi-ufi le Jehova, hoo le hona kamehla ho thoeng hoa halalela e leng moea oa hae kapa matla ao a a sebelisang. (Genese 1:2) Jehova o sebelisa matla ana a ke keng a thijoa ke letho ho finyella merero ea hae. Sohle seo Molimo a se etsang o se etsa ka tsela e halalelang, e se nang sekoli le e hloekileng, kahoo ka nepo matla ao a a sebelisang a bitsoa moea o halalelang. (Luka 11:13; Baroma 1:4) Ho nyefola moea o halalelang, ho akarelletsang ho ba khahlanong le merero ea Jehova ka boomo, ke sebe se ke keng sa tšoareloa.—Mareka 3:29.
Khalalelo ea Jehova e re Hulelang ho Eena
15. Ke hobane’ng ha re lokela tšaba Molimo, hona tšabo eo e akarelletsa eng?
15 Ka hona, ha ho thata ho bona hore na ke hobane’ng ha Bibele e re batho ba lokela ho hlompha kapa ho tšaba Molimo hobane a halalela. Ka mohlala, Pesaleme ea 99:3 e baleha tjena: “Ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo hobane lea hlompheha ebile lea halalela.” Taba ena e bontša hore re lokela ho hlompha Jehova le lebitso la hae ka ho tebileng. Ho loketse ho ikutloa ka tsela eo, kaha khalalelo ea Molimo e re phahametse hole. E hloekile ka tsela e ikhethang, ke e khanyang. Leha ho le joalo, ha ea lokela ho re nyahamisa. Ka lehlakoreng le leng, ho talima khalalelo ea Molimo ka tsela e loketseng ho tla re atametsa ho eena. Hobane’ng?
16. (a) Khalalelo e amahanngoa le botle joang? Fana ka mohlala. (b) Tsela eo Jehova a hlalosoang ka eona liponong e hatisa bohloeki, ho hloka sekoli le khanya joang?
16 Lebaka ke hore Bibele e amahanya khalalelo le botle. Ho Esaia 63:15, leholimo le hlalosoa e le ‘sebaka se phahameng sa khalalelo le botle.’ Khalalelo le botle li re atametsa haufi le Molimo. Ka mohlala, sheba setšoantšo se leqepheng la 33. Na u rata seo u se bonang moo? Ke’ng e etsang hore ebe se ipiletsang tjee? Hlokomela kamoo metsi a shebahalang a hloekile kateng. Le moea e tlameha ebe o hloekile, kaha leholimo le leputsoa ebile ho bonahala ho phatsima khanya. Joale, ha boemo boo bo ne bo ka fetoloa, molapo oa tlala litšila, lifate le majoe tsa takoa mengolo-ngolo, moea oa silafatsoa ke mosi o motšo o teteaneng, re ne re ke ke ra hlola re khahloa ke boemo bona; re ne re tla bo nyonya. Ka ho tloaelehileng re amahanya botle kapa khalalelo le bohloeki, ho hloka sekoli le khanya. Mantsoe ana a ka boela a sebelisoa ho hlalosa khalalelo ea Jehova. Ha se feela re hlolloang ke tsela eo Jehova a hlalosoang ka eona liponong! Botle ba Molimo oa rona ea halalelang ke bo khanyang, bo phatsimang joaloka majoe a bohlokoa, bo khanyang joaloka mollo kapa mefuta ea tšepe e hloekileng le e khanyang ka ho fetisisa.—Ezekiele 1:25-28; Tšenolo 4:2, 3.
Re rata lintho tse ntle. Kahoo re lokela ho rata lintho tse halalelang kaha le tsona li ntle
17, 18. (a) Qalong Esaia o ile a angoa ke pono eo a bileng le eona joang? (b) Jehova o ile a sebelisa serafime ho khothatsa Esaia joang, hona bohlokoa ba ketso eo ea serafime e ne e le bofe?
17 Leha ho le joalo, na khalalelo ea Molimo e lokela ho etsa hore re ikutloe re le ba tlase ha re bapisoa le eena? Ka ho hlakileng, karabo ke e. Ha e le hantle, re hlile re ba tlase ha re bapisoa le Jehova ’me hoo ke ho beha taba habobebe haholo hobane ha re letho ha re bapisoa le eena. Na ho tseba seo ho lokela ho re arohanya le eena? Nahana ka tsela eo Esaia a ileng a itšoara ka eona ha a utloa lirafime li phatlalatsa ho halalela ha Jehova. “Ka re: ‘Ho malimabe ’na. Ho tšoana leha ke shoele hobane ke motho ea molomo o sa hloekang ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang. Mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho.’” (Esaia 6:5) E, ho halalela ha Jehova ho ke keng ha lekanngoa ho ile ha hopotsa Esaia kamoo e leng moetsalibe le kamoo a sa phethahalang kateng. Qalong, monna enoa ea tšepahalang o ile a tepella. Empa Jehova ha aa ka a mo tlohella boemong boo.
18 Kapele-pele serafime se ile sa tšelisa moprofeta. Joang? Sebopuoa seo se matla sa moea se ile sa fofela aletareng, sa nka leshala ho eona ’me sa thetsa molomo oa Esaia ka leshala leo. Seo se ka ’na sa utloahala e le se bohloko ho e-na le ho ba se tšelisang. Leha ho le joalo, hopola hore ena e ne e le pono, e nang le ho hongata hoo e ho tšoantšetsang. Esaia, eo e neng e le Mojuda ea tšepahalang, o ne a tseba hantle hore ho ne ho nyeheloa mahlabelo letsatsi le letsatsi aletareng ea tempele ho koahela libe. Ka lerato serafime se ile sa hopotsa moprofeta eo hore le hoja ka sebele e ne e le motho ea sa phethahalang, “ea molomo o sa hloekang,” o ne a ntse a ka ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo.a Jehova o ile a ikemisetsa ho nka Esaia a halalela ho isa boholeng bo itseng le hoja a sa phethahala ebile e ntse e le moetsalibe.—Esaia 6:6, 7.
19. Le hoja re le batho ba sa phethahalang, ho ka khoneha joang hore re halalele ho isa boholeng bo itseng?
19 Boemo boa tšoana le kajeno. Mahlabelo ’ohle a neng a nyeheloa aletareng Jerusalema e ne e le setšoantšo feela sa ho hong ho hoholoanyane e leng sehlabelo se le seng se phethahetseng, seo Jesu Kreste a ileng a se nyehela ka 33 C.E. (Baheberu 9:11-14) Ha re bakela libe tsa rona e le kannete, re lokisa tsela ea rona e fosahetseng, ’me re bontša tumelo sehlabelong seo, rea tšoareloa. (1 Johanne 2:2) Le rona re ka thabela boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo. Kahoo, moapostola Petrose oa re hopotsa: “Mangolo a re: ‘Le halalele hobane kea halalela.’” (1 Petrose 1:16) Hlokomela hore Jehova ha aa ka a re re tlameha ho halalela joalokaha a halalela. Ha ho mohla a lebellang hore re etse ntho eo re ke keng ra khona ho e etsa. (Pesaleme ea 103:13, 14) Ho e-na le hoo, Jehova o re bolella hore re lokela ho halalela hobane oa halalela. Joaloka “bana ba hae bao a ba ratang,” re batla ho mo etsisa ka hohle kamoo re ka khonang kateng re le batho ba sa phethahalang. (Baefese 5:1) Kahoo ho finyella khalalelo ke mohato o tsoelang pele. Ha re ntse re hola moeeng, re sebeletsa ho ‘halalela le ho feta’ letsatsi le leng le le leng.—2 Bakorinthe 7:1.
20. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho utloisisa hore re ka ba ba hloekileng mahlong a Molimo oa rona ea halalelang? (b) Esaia o ile a ameha joang ha a tseba hore libe tsa hae li koahetsoe?
20 Jehova o rata se lokileng le se hloekileng. O hloile sebe. (Habakuke 1:13) Empa ha aa re hloea. Hafeela re ntse re talima sebe ka tsela eo a se talimang ka eona—re hloea se sebe, re rata se molemo ’me re ikitlaelletsa ho hata mehlaleng e phethahetseng ea Kreste Jesu, Jehova o re tšoarela libe. (Amose 5:15; 1 Petrose 2:21) Ha re utloisisa hore re ka hloeka mahlong a Molimo oa rona ea halalelang, liphello e ba tse tebileng. Hopola hore qalong ho halalela ha Jehova ho ile ha hopotsa Esaia hore ha aa hloeka. O ile a re: “Ho malimabe ’na.” Empa eitse hoba a utloisise hore libe tsa hae li koahetsoe, pono ea hae e ile ea fetoha. Ha Jehova a batla ea ka ithaopelang ho phetha kabelo e itseng, Esaia o ile a arabela hang-hang, le hoja a ne a sa tsebe le hore na e ne e tla akarelletsa eng. O ile a re: “Ke ’na enoa. Roma ’na.”—Esaia 6:5-8.
21. Re na le motheo ofe oa ho kholiseha hore re ka hlaolela tšobotsi ea khalalelo?
21 Re bopiloe re tšoana le Molimo ea halalelang, re filoe litšoaneleho tsa boitšoaro le matla a ho utloisisa lintho tsa moea. (Genese 1:26) E mong le e mong oa rona a ka khona ho halalela. Ha re ntse re tsoela pele ho hlaolela khalalelo, Jehova o thabela ho re thusa. Ha re ntse re etsa joalo, re tla atamela haholoanyane ho Molimo oa rona ea halalelang. Ho feta moo, ha re ntse re hlahloba litšobotsi tsa Jehova likhaolong tse latelang, re tla bona hore ho na le mabaka a mangata a matla a hore re atamele ho eena!
a Poleloana “molomo o sa hloekang” e loketse, kaha ka Bibeleng hangata molomo o sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho emela puo. Ho batho bohle ba sa phethahalang, karolo e kholo ea libe e ka amahanngoa le tsela eo re sebelisang matla a ho bua ka eona.—Liproverbia 10:19; Jakobo 3:2, 6.