Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 1 maq. 7-15
  • “Enoa ke Molimo oa Rona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Enoa ke Molimo oa Rona”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke Lebitso la Molimo
  • ’Musi oa Lintho Tsohle
  • Molimo ea Nang le Botho
  • “Enoa ke Molimo oa Rona”
  • Molimo o na le Lebitso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Molimo oa ’Nete ke Mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 1 maq. 7-15
Moshe o koahetse sefahleho a eme ka pel’a sehlahla se tukang.

KHAOLO EA 1

“Enoa ke Molimo oa Rona”

1, 2. (a) U ne u ka lakatsa ho botsa Molimo lipotso life? (b) Moshe o ile a botsa Molimo eng?

AK’U nahane feela u buisana le Molimo! Khopolo eo ka boeona e susumetsa tšabo e tletseng tlhompho, ’Musi oa bokahohle a buisana le uena! Qalong oa tsila-tsila, empa hamorao u khona ho araba. Oa mamela, oa arabela, ’me o bile o etsa hore u ikutloe u lokolohile ho botsa potso leha e le efe eo u batlang ho e botsa. Joale, u ne u tla botsa potso efe?

2 Ho na le monna e mong ea ileng a ba boemong bo tšoanang le bona boo hantle mehleng ea khale. Lebitso la hae e ne e le Moshe. Empa u ka ’na oa makatsoa ke potso eo a ileng a khetha ho e botsa Molimo. Ha aa ka a botsa potso mabapi le eena, bokamoso ba hae, leha e le mabapi le maqakabetsi a moloko oa batho. Ho e-na le hoo, o ile a botsa lebitso la Molimo. U ka ’na oa fumana seo se makatsa, kaha Moshe o ne a se a ntse a tseba lebitso la Molimo. Kahoo, e tlameha ebe potso ea hae e ne e bolela se tebileng haholoanyane. Ha e le hantle, e ne e le potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Moshe a neng a ka e botsa. Karabo ea eona e ama e mong le e mong oa rona. E ka u thusa ho nka khato ea bohlokoa ea ho atamela ho Molimo. Joang? A re ke re hlahlobeng puisano eo e hlollang.

3, 4. Ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa puisanong ea Moshe le Molimo, hona ’moko-taba oa puisano eo e ne e le eng?

3 Moshe o ne a le lilemo li 80. O ne a qetile lilemo tse mashome a mane a le palehong hole le batho ba habo, Baiseraele, bao e neng e le makhoba Egepeta. Ka letsatsi le leng, ha a ntse a alositse mehlape ea mohoe oa hae, o ile a bona ketsahalo e ’ngoe e sa tloaelehang. Sehlahla se meutloa se ne se tuka, empa se sa che. Se ne se entse khanare, se khanya joaloka lebone le tataisang le mosikong oa thaba. Moshe o ile a atamela ho lekola se etsahalang. E tlameha ebe o ile a tšoha hakaakang ha lentsoe le bua le eena le tsoa har’a mollo! A sebelisa lengeloi e le ’muelli, Molimo o ile a buisana le Moshe halelele. Joalokaha mohlomong u tseba, Molimo o ile a laela Moshe ea neng a tsila-tsila hore a tlohele bophelo ba hae ba boiketlo ’me a khutlele Egepeta ho ea lopolla Baiseraele bokhobeng.—Exoda 3:1-12.

4 Joale, Moshe o ne a ka botsa Molimo potso leha e le efe eo a batlang ho e botsa. Leha ho le joalo, hlokomela potso eo a ileng a khetha ho e botsa: “A re re joale ke ea ho Baiseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla re’ng ho bona?”—Exoda 3:13.

5, 6. (a) Potso ea Moshe e re ruta ’nete efe ea motheo, ea bohlokoa? (b) Ho entsoe ntho efe e nyatsehang ka lebitso la Molimo? (c) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore ebe Molimo o senoletse moloko oa batho lebitso la hae?

5 Ha e le hantle, potso eo e re ruta hore Molimo o na le lebitso. Ha rea lokela ho nka ’nete ena ea motheo habobebe. Leha ho le joalo, ba bangata ba e nka habobebe. Lebitso la Molimo le tlositsoe liphetolelong tse ngata tsa Bibele ’me le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang “Morena” le “Molimo.” Ena ke e ’ngoe ea lintho tse utloisang bohloko le tse nyatsehang ka ho fetisisa tse ’nileng tsa etsoa bolumeling. Etsoe, ntho ea pele eo u e etsang ha u kopana le motho ke efe? Na ha se ho mo botsa lebitso? Hoa tšoana le ka ho tseba Molimo. Ha se motho ea se nang lebitso, ea hole, ea ke keng a tsejoa kapa a utloisisoa. Le hoja a sa bonahale, ke motho oa sebele, ’me o na le lebitso e leng Jehova.

6 Ho feta moo, ha Molimo a senola lebitso la hae, ho hlahella ntho e ’ngoe e babatsehang le e hlasimollang. O re khothaletsa hore re mo tsebe. O batla hore re etse khetho e molemo ka ho fetisisa eo re ka e etsang bophelong, ea ho atamela ho eena. Empa Jehova o entse ho hongata ho feta feela ho re bolella lebitso la hae. O boetse o re rutile seo le se bolelang.

Se Boleloang ke Lebitso la Molimo

7. (a) Lebitso la Molimo le hlile le bolela’ng? (b) Moshe o ne a hlile a batla ho tseba eng ha a ne a botsa Molimo lebitso la Hae?

7 Jehova ke eena ea ikhethetseng lebitso, le nang le moelelo oa bohlokoa haholo. Ha e le hantle “Jehova” e bolela hore “O Etsa Hore ho be.” Ha ho na ea tšoanang le eena bokahohleng bohle hobane ke eena ea entseng hore lintho tsohle li be teng. O etsa hore merero eohle ea hae e phethahale ebile a ka etsa hore bahlanka ba hae ba sa phethahalang e be eng kapa eng eo a batlang hore ba be eona. Tseo ke likhopolo tse susumetsang tšabo e nang le tlhompho. Empa na ke sona feela seo lebitso la Molimo le hlileng le se bolelang? Ho bonahala eka Moshe o ne a batla ho tseba ho eketsehileng. O ne se a ntse a tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova ebile ke eena ’Mopi. Ke ’nete hore lebitso la Molimo le ne le se le ntse le tsejoa. Batho ba ne ba ’nile ba le sebelisa ka lilemo tse makholo. Ha e le hantle, ha Moshe a ne a botsa ka lebitso la Molimo, o ne a botsa ka Motho ea emeloang ke lebitso leo. Ka mantsoe a mang, o ne a re: ‘Ke eng seo nka se bolellang batho ba hao ba Iseraele ka uena se tla haha tumelo ea bona ho uena, se tla ba kholisa hore u fela u tla ba lokolla?’

8, 9. (a) Jehova o ile a araba potso ea Moshe joang, hona ke eng se phoso ka tsela eo karabelo ea Hae e atisang ho fetoleloa ka eona? (b) Polelo e reng “Ke Tla ba Seo ke Khethang ho ba Sona” e bolela’ng?

8 Ha Jehova a arabela o ile a hlalosa se boleloang ke lebitso la hae. O ile a re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Khethang ho ba Sona.” (Exoda 3:14) Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li baleha tjena: “Ke eo ke leng eena.” Empa tsela e seli eo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e e fetoletseng ka eona e bontša hore Molimo o ne a sa tiise ho ba teng ha hae feela. Ho e-na le hoo, o ne a ruta Moshe le rona bohle ka kakaretso, se boleloang ke lebitso leo. Jehova e ne e tla “ba” ntho leha e le efe e hlokahalang kapa o ne a tla iketsa ntho leha e le efe e hlokahalang hore a phethahatse litšepiso tsa hae. Phetolelo ea J. B. Rotherham e fetolela temana ena ka ho toba e le: “Ke tla ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.” Setsebi se seng sa puo ea Seheberu sa Bibeleng se hlalosa polelo ena tjena: “Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe kapa tlhokahalo ke efe . . . , Molimo e tla ‘ba’ tharollo tlhokahalong eo.”

9 Seo se ne se bolela eng ho Baiseraele? Ho sa tsotellehe tšitiso leha e le efe e neng e larile ka pel’a bona, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba ka ’na ba iphumana ba le maqakabetsing hakae, Jehova e ne e tla ba sohle se hlokahalang ho ba lopolla bokhobeng le ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. Ka sebele lebitso leo le ne le susumelletsa ho tšepa Molimo. Le rona le ka re susumetsa ka ho tšoanang kajeno. (Pesaleme ea 9:10) Hobane’ng?

10, 11. Lebitso la Jehova le etsa hore re nahane ka eena e le Ntate ea ikamahanyang le maemo le ea molemo ka ho fetisisa eo re ka nahanang ka eena joang? Fana ka mohlala.

10 Ka mohlala: Batsoali ba tseba kamoo ba tlamehang ho ikamahanya le maemo le ho tenyetseha kateng ha ba hlokomela bana ba bona. Ka letsatsi feela, motsoali a ka ’na a tlameha ho ba mooki, seapehi, tichere, mokhalemeli, moahloli le tse ling tse ngata. Ba bangata ba qakoa ke likarolo tse ngata tseo ba lebeletsoeng ho li phetha. Ba hlalosa kamoo ba tšeptjoang ka ho feletseng kateng ke bana ba bona, bao ho seng mohla ba nahanang hore Ntate kapa ’Mè a ka sitoa ho folisa bohloko, ho khaola khang e ’ngoe le e ’ngoe, ho lokisa ntho leha e le efe ea ho bapala e robehileng le ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe e itlhahelang likelellong tsa bona tse fatisisang. Batsoali ba bang ba ikutloa ba le basesaane ’me ka linako tse ling ba ka khathala matla ka lebaka la mefokolo ea bona. Ba ikutloa ba haelloa habohloko ha ho tluoa ho phetheng tse ngata tsa likarolo tsena.

11 Jehova le eena ke motsoali ea lerato. Leha ho le joalo, a ntse a sa tlole litekanyetso tsa hae tse phethahetseng, ha ho letho leo e ke keng ea e-ba lona bakeng sa ho hlokomela bana ba hae ba lefatšeng ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Kahoo lebitso la hae, Jehova, le etsa hore re nahane ka eena e le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka nahanang ka eena. (Jakobo 1:17) Moshe le Baiseraele ba bang bohle ba tšepahalang kapele-pele ba ile ba hlokomela hore Jehova o phelela lebitso la hae. Ba ile ba shebella ka ho hlolloa ha a iketsa Molaoli oa Lebotho ea sa hloloeng, Morena oa lihloliloeng tsohle, Monehi-molao ea se nang thaka, Moahloli, Setsebi sa Meralo, Mofani oa lijo le metsi, ’Moloki oa liaparo le lieta le tse ling tse ngata.

12. Boikutlo ba Faro ka Jehova bo ne bo fapane joang le ba Moshe?

12 Ka tsela ena Molimo o ile a tsebahatsa lebitso la hae, a hlalosa seo le se bolelang a ba a bontša hore o phelela seo le se bolelang. Ha ho pelaelo hore Molimo o batla hore re mo tsebe. Re arabela joang? Moshe o ne a batla ho tseba Molimo. Takatso eo e matla e ne e laola tsela ea Moshe ea bophelo ’me e ile ea mo atametsa ho Ntate oa hae ea leholimong. (Numere 12:6-8; Baheberu 11:27) Ka masoabi, ke batho ba seng bakae feela ba phetseng mehleng ea Moshe ba neng ba e-na le takatso e tšoanang le ea hae. Ha Moshe a bua ka lebitso la Jehova ho Faro, ’musi eo oa Egepeta ea ikhohomosang o ile a re: “Jehova ke mang?” (Exoda 5:2) Faro o ne a sa batle ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Ho e-na le hoo, ka ho soma o ile a qhelela Molimo oa Iseraele thoko ka ho re ha a na thuso kapa ha ho moo a amehang teng. Boikutlo boo bo atile haholo kajeno. Bo foufaletsa batho ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa har’a linnete tsohle—ea hore Jehova ke ’Musi oa Lintho Tsohle.

’Musi oa Lintho Tsohle

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a fuoa litlotla tse ngata ka Bibeleng, hona tse ling tsa tsona ke life? (Sheba lebokose le leqepheng la 14.) (b) Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea tšoanelehang ho bitsoa “’Musi oa Lintho Tsohle”?

13 Jehova o ikamahanya le maemo o bile o tenyetseha hoo ka nepo a bitsoang ka litlotla tse ngata ka Mangolong. Litlotla tsena ha li qothisane lehlokoa le lebitso la hae, ho e-na le hoo, li re ruta ho eketsehileng ka seo lebitso la hae le se emelang. Ka mohlala, o bitsoa “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.” (2 Samuele 7:22) Tlotla eo e phahameng, e hlahang ka makhetlo a makholo ka Bibeleng, e re bontša boemo ba Jehova. Ke eena feela ea nang le tokelo ea ho ba ’Musi bokahohleng bohle. Nahana lebaka la seo.

14 Jehova oa ikhetha kaha ke ’Mopi. Tšenolo 4:11 e re: “Jehova Molimo oa rona, u tšoaneloa ke ho ba matla, ho rorisoa le ho hlomphuoa hobane u bopile lintho tsohle ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa boptjoa.” Mantsoe ana a tlotliso a ke ke a sebelisoa ho motho leha e le ofe e mong. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe bokahohleng e teng ka Jehova! Ntle ho pelaelo, Jehova o tšoaneloa ke tlhompho, matla le thoriso tseo ka nepo li lokelang ho fuoa ’Musi oa Lintho Tsohle le ’Mopi oa lintho tsohle.

15. Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa “Morena oa bosafeleng”?

15 Tlotla e ’ngoe e sebelisoang ho Jehova feela ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17; Tšenolo 15:3) See se bolela eng? Ho thata hore likelello tsa rona tse fokolang li utloisise, empa lentsoe la qalong la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa bosafeleng le bontša hore Jehova ha a na qalo le qetello. Pesaleme ea 90:2 e re: “Haesale u le Molimo, ha u na qalo ebile ha u na qetello.” Kahoo Jehova ha a na qalo ebile esale a le teng. Ka nepo o bitsoa “Moholo-holo oa Matsatsi” hobane o bile teng ka ho sa feleng le pele motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe e ’ngoe bokahohleng e e-ba teng! (Daniele 7:9, 13, 22) Ke mang eo ka nepo a ka belaellang tokelo ea hae ea ho ba ’Musi oa Lintho Tsohle?

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re ke ke ra bona Jehova, hona ke hobane’ng ha seo se sa lokela ho re makatsa? (b) Jehova ke oa sebele ho feta ntho leha e le efe eo re ka e bonang kapa eo re ka e amang ka kutloisiso efe?

16 Leha ho le joalo, ba bang ba belaella tokelo eo, joalokaha Faro a ile a e belaella. Karolo e ’ngoe ea bothata ke hore batho ba sa phethahalang ba lumela haholo seo ba ka se bonang ka mahlo. Re ke ke ra bona ’Musi oa Lintho Tsohle. Ke motho oa moea, ea sa bonahaleng mahlong a batho. (Johanne 4:24) Ho feta moo, haeba motho oa nama le mali a ne a ka ema moo Jehova Molimo a leng teng, o ne a ka shoa. Jehova ka boeena o ile a bolella Moshe: “U ke ke oa bona sefahleho sa ka hobane ha ho na motho ea ka mponang ’me a phela.”—Exoda 33:20; Johanne 1:18.

17 Seo ha sea lokela ho re makatsa. Moshe o ile a bona karolo e itseng feela ea khanya ea Jehova, kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho sebelisoa lengeloi e le moemeli. Phello e ile ea e-ba efe? Sefahleho sa Moshe se ile sa “ntša mahlaseli” ka nakoana ka mor’a moo. Baiseraele ba ne ba bile ba tšaba ho talima Moshe sefahlehong. (Exoda 33:21-23; 34:5-7, 29, 30) Ka hona, ha ho motho feela tjee ea ka talimang ’Musi oa Lintho Tsohle khanyeng eohle ea hae! Na see se bolela hore ha se oa sebele ha a bapisoa le ntho leha e le efe eo re ka e bonang ’me ra e ama? Che, re lumela habonolo hore lintho tse ngata tseo re ke keng ra li bona li teng, joaloka moea, maqhubu a seea-le-moea le menahano. Ho feta moo, Jehova o lula a le teng, ho sa tsotellehe hore na ho feta nako e telele hakae. Ka kutloisiso ena, ke oa sebele ho feta ntho leha e le efe eo re ka e amang kapa ra e bona kaha lintho tse tikolohong e bonahalang li angoa ke nako le ho bola. (Matheu 6:19) Leha ho le joalo, na re lokela ho mo nka e le motho ea matla eo re sa mo boneng, ea hole haholo le rona ea bileng a sa re tsotelleng? A re boneng.

Molimo ea Nang le Botho

18. Ezekiele o ile a fuoa pono efe, hona lifahleho tse ’nè tsa “mangeloi” a pel’a Jehova li emela eng?

18 Le hoja re ke ke ra bona Molimo, ka Bibeleng ho na le litemana tse hlasimollang tse re fang monyetla oa ho nyarela leholimong. Mohlala o mong ke khaolo ea pele ea Ezekiele. Ezekiele o ile a fuoa pono ea karolo e leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, oo a ileng a o bona o tšoana le koloi e kholohali ea leholimo. Se ipiletsang ka ho khetheha ke tlhaloso ea mangeloi a matla a pota-potileng Jehova. (Ezekiele 1:4-10) “Mangeloi” ana a amana haufi le Jehova, ’me ponahalo ea ’ona e re bolella ho hong habohlokoa ka Molimo eo a mo sebeletsang. Lengeloi ka leng le ne le na le lifahleho tse ’nè. Le ne le na le sefahleho sa poho, sa tau, sa ntsu le sa motho. Kamoo ho bonahalang kateng, li emela litšobotsi tse ’nè tseo e leng motheo oa botho ba Jehova bo hlollang.—Tšenolo 4:6-8, 10.

19. Ke tšobotsi efe e emeloang ke (a) sefahleho sa poho? (b) sefahleho sa tau? (c) sefahleho sa ntsu? (d) sefahleho sa motho?

19 Ka Bibeleng, hangata poho e emela matla ’me e le ka nepo, kaha ke phoofolo e matla haholo. Ka lehlakoreng le leng, hangata tau e tšoantšetsa toka, kaha toka ea ’nete e hloka sebete e leng tšobotsi eo litau li tummeng ka eona. Lintsu li tsebahala ka pono ea tsona e chatsi, li bona esita le lintho tse nyenyane tse hole le tsona ka lik’hilomithara. Kahoo sefahleho sa ntsu se ne se tla tšoantšetsa hantle bohlale ba Molimo bo bonelang hole. Ho thoe’ng ka sefahleho sa motho? Ha e le hantle, kaha motho o entsoe a tšoana le Molimo, o na le matla a ikhethang a ho bonahatsa tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong e leng lerato. (Genese 1:26) Litšobotsi tsena tsa botho ba Jehova e leng matla, toka, bohlale le lerato li totobatsoa khafetsa ka Mangolong hoo li ka ’nang tsa bitsoa litšobotsi tsa Molimo tse ka sehloohong.

20. Na re lokela ho tšoenyeha ka hore botho ba Jehova e ka ’na eaba bo fetohile, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?

20 Na re lokela ho tšoenyeha ka hore na ebe mohlomong Molimo o fetohile lilemong tse likete tse fetileng ho tloha ha a ne a hlalosoa ka Bibeleng? Che, botho ba Molimo ha bo fetohe. O re: “Ke ’na Jehova, ha ke fetohe.” (Malakia 3:6) Ho e-na le ho fetoha ka nako le motsotso, Jehova o ipaka e le Ntate ea phethahetseng ka tsela eo a arabelang ka eona boemong bo bong le bo bong. O bonahatsa litšobotsi tsa botho ba hae tse loketseng ka ho fetisisa. Litšobotsing tsohle tsa Molimo e ipabolang haholo ke lerato. Le bonahala nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e etsang. O sebelisa matla a hae, toka le bohlale ka tsela e lerato. Ha e le hantle, Bibele e bolela ho hong ho sa tloaelehang ka Molimo le tšobotsi ena. E re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Hlokomela hore ha e re Molimo o na le lerato kapa hore Molimo o lerato. Ho e-na le hoo, e re Molimo ke lerato. Lerato, e leng sona sebopeho sa hae, le mo susumetsa linthong tsohle tseo a li etsang.

“Enoa ke Molimo oa Rona”

21. Re tla ikutloa joang ha re ntse re tseba litšobotsi tsa Jehova hamolemo?

21 Na u kile oa bona ngoana e monyenyane a supisa metsoalle ea hae ntate oa hae ’me ka thabo e tsoang pelong le ka ho ikotla sefuba a re: “Ke ntate oa ka eno”? Barapeli ba Molimo ba na le mabaka ’ohle a ho ikutloa ka tsela eo ka Jehova. Bibele e bolela esale pele nako eo ka eona batho ba tšepahalang ba tlang ho hooa ba re: “Enoa ke Molimo oa rona.” (Esaia 25:8, 9) Ha u utloisisa litšobotsi tsa Jehova ka ho eketsehileng, u tla ba le boikutlo bo matla haholoanyane ba hore u na le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo u ka mo nahanang.

22, 23. Bibele e hlalosa Ntate oa rona oa leholimo joang, hona re tseba joang hore o batla hore re be haufi le eena?

22 Ho sa tsotellehe hore na lingangele tse ling tsa bolumeli le bo-rafilosofi ba bang ba ’nile ba ruta eng ka eena, enoa ha se Ntate ea se nang kutloelo-bohloko, ea sa atameleheng kapa ea itšehlang thajana. Re ke ke ra ikutloa re hoheleha hore re be haufi le Molimo ea se nang kutloelo-bohloko, le Bibele ha e hlalose Ntate oa rona ea leholimong ka tsela eo. Ho e-na le hoo, e mo bitsa “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) O na le maikutlo a matla le a bonolo. Ha libopuoa tsa hae tse bohlale li ne li tlola melao eo a neng a fane ka eona molemong oa tsona, Bibele e re: “Jehova a utloa bohloko.” (Genese 6:6, nal.; Pesaleme ea 78:41) Empa ha re itšoara ka bohlale tumellanong le Lentsoe la hae, re mo ‘thabisa pelo.’—Liproverbia 27:11.

23 Ntate oa rona o batla hore re be haufi le eena. Lentsoe la Hae le re khothaletsa hore re ‘leke ho mo batla’ ’me ‘re ka mo fumana hobane ha a hole le rona.’ (Liketso 17:27) Leha ho le joalo, ke joang batho feela tjee ba ka atamelang ho ’Musi oa Lintho Tsohle?

Tse Ling Tsa Litlotla Tsa Jehova

  • Ea Matla ’Ohle. Matla a hae ha a na meeli, a ke ke a hanyetsoa.—Tšenolo 15:3.

  • Ntate. Ke Mohloli oa bophelo bohle, ho akarelletsa le bophelo bo sa feleng, o rata bahlanka ba hae ka lerato la ntate.—Liproverbia 27:11; Johanne 5:21.

  • Morupeli e Moholo. Ke Mosuoe ea bohlale kahohle-hohle, eo re lokelang ho talima ho eena bakeng sa thupelo le tataiso.—Esaia 30:20; 48:17.

  • Lefika. Ha a fetohe, ke qhobosheane e tiileng.—Deuteronoma 32:4.

  • Molisa. O tataisa ba mo sebeletsang ba kang linku le ho ba sireletsa ’me o lokisetsa hore ba feptjoe moeeng.—Pesaleme ea 23:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela