Lefatše la Bapatriareka
SETEFANE o ile a qala puo ea hae e tummeng ka ho bua ka libaka tse itseng, a re: “[Jehova] o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane, a re ho eena, ‘Tloha . . . [’me u kene] naheng eo ke tla u bontša eona.’” (Lik 7:1-4) Sena se ile sa rala motheo oa liketsahalo tsa bohlokoa tsa Naha e Tšepisitsoeng tse mabapi le Abrahama, Isaka le Jakobo, e leng liketsahalo tse amanang le morero oa Molimo oa ho hlohonolofatsa moloko oa batho.—Ge 12:1-3; Jos 24:3.
Molimo o bitsitse Abrahama (kapa Abrame) Ure ea Bakalde, motse o atlehileng oo ka nako eo o neng o le lebōpong le ka bochabela la Nōka ea Eufrate. Abrahama o ne a tla tsamaea ka tsela efe? Ho tloha Kalde, eo hape e bitsoang Sumere kapa Shinare, ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ho ea ka bophirimela. Ke hobane’ng ha ho ka hlokahala hore a ee Harane?
Ure e ne e le haufi le karolo e ka bochabela ea Seoli se Nonneng, e leng kou e namang ho tloha Palestina ho ea fihla sebakeng se lipakeng tsa Nōka ea Tigris le ea Eufrate. Mohlomong qalong boemo ba leholimo bo ne bo le botle sebakeng sena. Tlas’a mothinya oa seoli sena ke Lehoatata la Syro-Arabian, le tsebahalang ka maralla a lejoe la mokoetla le lithota tse lehlabathe. The Encyclopædia Britannica e re sebaka sena se ne se “batla se sa finyellehe habonolo” lipakeng tsa Lebōpo la Mediterranean le Mesopotamia. Lihlopha tse ling tsa batsamai li ka ’na tsa tšela Eufrate li e-ea Tadmore ebe li leba Damaseka, empa Abrahama ha aa ka a fetisa lelapa la hae le mehlape lehoatateng leo.
Ho e-na le hoo, Abrahama o ile a nyoloha a sikile le Nōka ea Eufrate a ea Harane. Ha a tloha moo o ne a ka tsamaea tseleng ea bahoebi ea lelibohong la Karkemishe ’me ka mor’a moo a leba boroa ’nģ’a Damaseka ho ea fihla sebakeng seo hamorao se ileng sa bitsoa Leoatle la Galilea. Via Maris, kapa “Tsela ea Leoatle,” e ne e feta Megido e ntan’o fetela Egepeta. Leha ho le joalo, Abrahama o ile a tsamaea lithabeng tsa Samaria, qetellong a hloma litente Shikeme. Ha nako e ntse e e-ea a theosa ka tsela eo e lithaba. Mo latele ha u ntse u bala Genese 12:8–13:4. Hlokomela libaka tse ling tseo a fetileng ho tsona: Dane, Damaseka, Hoba, Mamre, Sodoma, Gerare, Beerseba, Moria (Jerusalema).—Ge 14:14-16; 18:1-16; 20:1-18; 21:25-34; 22:1-19.
Ho tseba moo libaka tse ling li leng teng ho etsa hore motho a utloisise haholoanyane lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Isaka le Jakobo. Ka mohlala, ha Abrahama a ntse a le Beerseba, o ile a romela mohlanka oa hae hokae ho ea fumanela mora oa hae Isaka mosali? O ile a mo romela holimo Mesopotamia (e bolelang, “Naha e Lipakeng Tsa Linōka”) ho ea fihla Padane-arame. Joale ak’u nahane ka leeto le boima la Rebeka ka kamele ho ea Negebe, eo mohlomong e leng haufi le Kadeshe, ho ea kopana le Isaka.—Ge 24:10, 62-64.
Hamorao mora oa bona Jakobo (Iseraele) o ile a nka leeto le tšoanang le lelelele ho ea nyala morapeli oa Jehova. Jakobo o ile a tsamaea ka tsela e batlang e fapane le eo ha a khutlela naheng ea habo. Ka mor’a hore a tšele Jaboke haufi le Penuele, Jakobo a loana le lengeloi. (Ge 31:21-25; 32:2, 22-30) Esau a kopana le eena moo, eaba e mong le e mong o il’o lula sebakeng se fapaneng.—Ge 33:1, 15-20.
Ka mor’a hore Dina morali oa Jakobo a betoe Shikeme, Jakobo a fallela Bethele. Leha ho le joalo, na ka mahlo a kelello u khona ho bona sebaka seo bara ba Jakobo ba neng ba fulisa mehlape ea hae ho sona le moo Josefa a ileng a qetella a ba fumane teng? ’Mapa ona (le leqepheng la 18-19) u ka u thusa ho bona hore na Bethele e ne e le hōle hakae le Dothane. (Ge 35:1-8; 37:12-17) Barab’abo Josefa ba ile ba mo rekisa ho bahoebi ba neng ba e-ea Egepeta. U nahana hore ba ile ba tsamaea ka tsela efe ketsahalong e ileng ea e-ba selelekela sa ho fallela ha Baiseraele Egepeta le Ho Tsoa ha Bona teng?—Ge 37:25-28.
[Limmapa leqepheng la 7]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Maeto a Abrahama (see publication)
Maeto a Isaka (see publication)
Maeto a Jakobo(see publication)
Litsela Tse Khōlō(see publication)
Bapatriareka (tlhaloso e akaretsang)
A4 GOSHENE
A5 EGEPETA
B4 SHURE
B5 PARANE
C3 Damaseka
C3 Dane (Laishe)
C4 Shikeme
C4 Bethele
C4 Hebrone (Kiriathe-arba)
C4 Gerare
C4 Beerseba
C4 SEIRE
C4 Kadeshe
C5 EDOMO
D1 Karkemishe
D2 Tadmore
D3 Hoba
E1 PADANE-ARAME
E1 Harane
F2 MESOPOTAMIA
G1 Ninive
G2 SEOLI SE NONNENG
G3 Babylona
H4 KALDE
H4 Ure
[Lithaba]
C4 Moria
[Moo ho Nang le Metsi]
B3 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
[Linōka]
E2 Eufrate
G2 Tigris
Baptriareka (Naheng e Tšepisitsoeng)
KANANA
Megido
GILEADE
Dothane
Shikeme
Sukothe
Mahanaime
Penuele
Bethele (Luze)
Ai
Jerusalema (Saleme)
Bethlehema (Efratha)
Mamre
Hebrone
Gerare
(Makpela)
Beerseba
Sodoma?
NEGEBE
Rehobothe?
Beere-lahai-roi
Kadeshe
Litsela Tse Khōlō
Tsela ea Morena
Via Maris
[Lithaba]
Moria
[Moo ho Nang le Metsi]
Leoatle la Letsoai
[Linōka le melapo]
Jordane
Jaboke
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Nōka ea Eufrate haufi le Babylona
[ Setšoantšo se leqepheng la 6]
Abrahama o ne a lula Beerseba ’me a fulisa mohlape oa hae haufi le moo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Phula ea molapo o phoroselang ea Jaboke