Linaha Tsa Bibele
HA BAISERAELE ba itokisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a bolella Molimo takatso ea hae e matla, a re: “Ka kōpo, ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle e ka mose ho Jordane, sebaka sena se setle se lithaba.”—De 3:25.
Moshe ha aa ka a lumelloa ho kena, empa o ile a hloa thaba e ka mose ho Jeriko ’me a bona naha eo—‘Gileade ho ea fihla Dane le naha ea Juda ho ea fihla leoatleng le ka bophirimela le Negebe le phula ea Jordane.’ (De 3:27; 34:1-4) Na u kile ua utloa mabitso ao? Na u tseba moo libaka tseo li leng teng?
Kajeno ke batho ba ’maloa feela ba Jehova ba ka khonang ho etela libaka tse ngata tseo ba balang ka tsona Bibeleng. Ha ba khone ho etsa seo Molimo a itseng Abrahama a se etse, e leng ho tsamaea sebakeng sohle sa Naha e Tšepisitsoeng. (Ge 13:14-17) Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba na le takatso e matla ea ho tseba hore na libaka tsa Bibele li hokae le ho bona kamoo li amanang kateng.
Bukana ena ea ‘Bona Naha e Ntle,’ ke kofuto eo u ka e sebelisang ho atolosa kutloisiso ea hao ea Mangolo. E na le litšoantšo tsa libaka tsa sebele, joaloka Gileade e bontšitsoeng sekoahelong. Ho bileng ho fanang ka tsebo e eketsehileng ke limmapa, tse ka eketsang tsebo ea hao ea libaka tsa Bibele.
’Mapa o leqepheng la 2 le la 3 o lebisa tlhokomelo linaheng kapa libakeng tse khōlō. Ka mohlala, ha u bona hore na Assyria le Egepeta li ne li le hokae le Naha e Tšepisitsoeng, u ka utloisisa hamolemo boprofeta bo buang ka linaha tseo. (Esa 7:18; 27:13; Hos 11:11; Mik 7:12) Mochophoro o monyenyane o bitsoang Naha e Tšepisitsoeng e ne e le mateano a litsela tsa boholo-holo, ’me lichaba tse ling li ne li batla ho ikhapela masimo a eona a lijo-thollo, a morara le meru ea mohloaare.—De 8:8; Bhl 15:5.
Ka linako tse ling ho ka ba molemo hore u bapise limmapa. Ka mohlala, Jonase o ne a rometsoe motse-moholo oa Assyria, empa a tsamaea ka sekepe se eang Tarshishe. (Jon 1:1-3) Na u bona libaka tseo ’mapeng oa pele? Empa ha ua lokela ho nahana hore Tarshishe ke ntho e le ’ngoe le Tarsase, e leng moo moapostola Pauluse a hlahetseng teng. U tla bona Tarsase le metse e meng e meholo ’mapeng ona.
Nahana ka hore na Abrahama o ne a e-ea sebakeng se hōle hakae le hore o ne a tsamaea ka tsela efe ha a e-ea Ure, Harane le Jerusalema. Ka mor’a hore Jehova a mo laele hore a khutle Ure, o ile a lula Harane eaba o ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Ge 11:28–12:1; Lik 7:2-5) Leeto la Abrahama e tla ba la sebele haholoanyane ha u hlahloba sehlooho se reng “Lefatše la Bapatriareka,” se leqepheng la 6-7.
’Mapa oa pele le oo u o bonang mona ha li amane le nako leha e le efe e tobileng. Ntle le tseo tse peli, limmapa ka kakaretso li hlophisitsoe ho latela nako ea liketsahalo. Metse kapa makolopetso a ’mapeng a amana le liketsahalo tsa nako e itseng. Le hoja Index (leqepheng la 34-5) e sa akaretse sebaka se seng le se seng se limmapeng, e ka u thusa ho fumana limmapa tse amanang le taba eo u etsang lipatlisiso ka eona hona joale.
’Mapa o bohareng (leqepheng la 18-19) o na le litoropo le metse e mengata ka ho fetisisa ea Naha e Tšepisitsoeng. Tlhaloso ea ’mapa e tla u thusa ho fumana metse ea Balevi le metse e tšeletseng ea setšabelo hammoho le ho tseba hore na sebaka se itseng se boletsoe Mangolong a Seheberu kapa a Segerike, kapa ho ’ona ka bobeli.
Hona joale ha ho tsejoe hore na libaka tse ling tsa Bibele li ne li le hokae, kahoo boholo ba mabitso ao ha a eo ’mapeng oo o hare. Hape, ha hoa khoneha ho kenya motse le toropo e ’ngoe le e ’ngoe ho oona, joaloka litoropo tsohle tse mathathamong a meeli ea meloko. (Jos, likhao. 15-19) Empa, hangata ’mapa oo o akarelletsa metse e haufi, kahoo o u nolofalletsa ho lekanyetsa hore na sebaka se itseng se ne se le hōle hakae. Libōpeho tse ling tsa naha (lithaba, linōka le liphula tsa melapo e phoroselang) li tšoailoe, ’me bophahamo le libōpeho li bontšitsoe ka mebala. Makolopetso a joalo a ka u thusa ho nahana ka liketsahalo tsa Bibele.
Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le libaka tsa Bibele bo fumaneha bukeng ea boitsebiso ea Insight on the Scriptures, e fumanehang ka lipuo tse ngata.a Ha u ntse u e sebelisa hammoho le lithuso tse ling tsa ho ithuta Bibele, beha bukana ea ‘Bona Naha e Ntle’ haufi. E hlahlobe ha u ntse u ithuta Mangolo ’ohle, a molemo haholo bophelong ba hao.—2Ti 3:16, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose se leqepheng la 5]
LIBUKA TSA BIBELE LI NGOLETSOE
Babylona
Cesarea
Korinthe
Egepeta
Efese
Jerusalema
Macedonia
Moabe
Patmose
Naheng e Tšepisitsoeng
Roma
Shushane
[’Mapa leqepheng la 4, 5]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Linaha Tsa Bibele le Metse e ka Sehloohong
A1 ITALY
A2 ROMA
A3 SICILY
A3 MALTA
C2 MACEDONIA
C2 Filipi
C2 GREECE
C3 ATHENE
C3 Korinthe
C3 KRETA
C4 LIBYA
C3 Antioke (ea Pisidia)
D3 Efese
D3 PATMOSE
D3 RHODE
D4 MEMFISE
D5 EGEPETA
E2 ASIA MINOR
E3 Tarsase
E3 Antioke (ea Syria)
E3 CYPRASE
E4 Sidone
E4 Damaseka
E4 Tyre
E4 Cesarea
E4 NAHA E TŠEPISITSOENG
E4 JERUSALEMA
E4 MOABE
E4 Kadeshe
E4 EDOMO
F3 Serapa sa Edene?
F3 ASSYRIA
F3 Harane
F3 SYRIA
F5 ARABIA
G3 NINIVE
G4 BABYLONA
G4 KALDE
G4 Shushane
G4 Ure
H3 MEDIA
[Lithaba]
E5 Thaba ea Sinai
G2 LITHABA TSA ARARATE
[Moo ho Nang le Metsi]
C3 Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
E1 Leoatle le Letšo
E5 Leoatle le Lefubelu
H2 Leoatle la Caspian
H5 Kou ea Persia
[Linōka]
D5 Nōka ea Nile
F3 Nōka ea Eufrate
G3 Nōka ea Tigris