Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 7 leq. 10
  • Molimo o Lopolla Baiseraele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Lopolla Baiseraele
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Buka ea Bibele ea 2—Exoda
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Moshe le Arone ho Faro
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 7 leq. 10

Karolo 7

Molimo o Lopolla Baiseraele

Molimo o tlisetsa Egepeta likotlo, ’me Moshe o etella Baiseraele pele ho ba ntša naheng eo. Molimo o fa Baiseraele Molao ka Moshe

BAISERAELE ba ile ba lula Egepeta ka lilemo tse ngata, ba hafa ka nkatana ba bile ba ntse ba ngatafala. Leha ho le joalo, ho ile ha qala ho busa Faro e mocha. O ne a sa tsebe Josefa. ’Musi enoa ea sehlōhō o ne a tšaba hore Baiseraele ba se ba le bangata haholo, eaba o ba etsa makhoba ’me o laela hore ha ba beleha bana ba bashanyana, kaofela ha bona ba lahleloe Nōkeng ea Nile. Empa ’mè e mong o ile a tšoara thipa ka bohaleng eaba o sireletsa mora oa hae oa lesea, o mo pata ka basketeng o e beha har’a lehlaka. Morali oa Faro a fumana lesea lena eaba o le reha lebitso la Moshe, ’me a le hōlisetsa lelapeng la borena la Egepeta.

Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a kena khathatsong ha a sireletsa lekhoba la Moiseraele le otloang ke mookameli oa Moegepeta. Moshe o ile a balehela naheng e hōle. Ha a le lilemo li 80, Molimo o ile a re a khutlele Egepeta ho Faro ’me a mo bolelle hore a lokolle sechaba sa Hae.

Faro a hana hehehe. Ka lebaka leo Molimo a otla Egepeta ka likotlo tse leshome. Lekhetlo ka leng ha Moshe a ea ho Faro ho mo fa monyetla oa ho qoba kotlo e latelang, Faro o ile a satalatsa molala, a nyefola Moshe le Molimo oa hae, Jehova. Kotlo ea ho qetela, e leng ea leshome e ile ea bolaea matsibolo ’ohle naheng eo—ha sala matsibolo a malapa a ileng a mamela Jehova ’me a qaphaletsa mali likoseneng tsa menyako ea matlo a ’ona ka mali a konyana ea sehlabelo. Lengeloi la Molimo le timetsang le ile la feta matlo ao. Ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba ikhopotsa topollo ena e tsotehang moketeng oa selemo le selemo o bitsoang Paseka.

Kaha mora oa Faro oa letsibolo o ne a shoele, Faro o ile a laela Moshe le Baiseraele kaofela hore ba tsoe Egepeta. Hang-hang ba ile ba bokana ka bongata e le hore ba itokisetse ho tsoa Egepeta. Empa Faro o ile a ikoahlaea. A ba lelekisa ka bahlabani ba bangata le likoloi tsa ntoa. Ho ne ho bonahala eka Baiseraele ba qabeletsoe lebōpong la Leoatle le Lefubelu. Empa Jehova a arola Leoatle le Lefubelu, a etsa hore Baiseraele ba tsamaee moo ho omileng, lipakeng tsa metsi a entseng lekhalo! Ha Baegepeta ba itahlela ka mor’a bona, Jehova a etsa hore metsi a khutle ka sekhahla, eaba a khama Faro le lebotho la hae.

Hamorao ha Baiseraele ba hlomme liahelo pel’a Thaba ea Sinai, Jehova o ile a etsa selekane le bona. O ile a sebelisa Moshe hore e be mokena-lipakeng, ’me a fa Baiseraele melao e tla ba tataisa le ho ba sireletsa bophelong bohle ba bona. Hafeela Baiseraele ba ne ba ikokobelletsa puso ea hae, o ne a tla ba tšehetsa le ho etsa hore lichaba tse ling li hlohonolofatsoe ka lebaka la bona.

Leha ho le joalo, Baiseraele ba bangata ba ile ba soetsa Molimo ka lebaka la ho hloka tumelo ho eena. Ka lebaka leo, o ile a etsa hore ba lelere lefeelleng ka lilemo tse 40. Eaba Moshe o laela Joshua monna ea lokileng hore e be mohlahlami oa hae. Joale Baiseraele e ne e le malala-a-laotsoe hore ba kene naheng eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama.

​—E thehiloe ho Exoda; Levitike; Numere; Deuteronoma; Pesaleme ea 136:10-15; Liketso 7:17-36.

◼ Ho tlile joang hore Molimo a sebelise Moshe ho lopolla Baiseraele?

◼ Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba keteka Paseka?

◼ Molimo o ile a lokolla Baiseraele joang bokhobeng Egepeta?

[Lebokose le leqepheng la 10]

MOLAO O MOHOLO KA HO FETISISA

Ho ka etsahala hore Melao e Leshome, e hlahang ho Exoda 20:1-17, ke eona e tsebahalang ka ho fetisisa melaong e ka bang 600 e fuoeng Moshe. Leha ho le joalo, ha Jesu Kreste a ne a botsoa hore na melaong ea Molimo ke ofe o moholo ka ho fetisisa, o ile a khetha ona o reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.”—Mareka 12:28-30; Deuteronoma 6:5.

[Chate e leqepheng la 10]

Genese

● Exoda

● Levitike

● Numere

● Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu

Mareka

Luka

Johanne

Liketso

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

Bafilipi

Bakolose

1 Bathesalonika

2 Bathesalonika

1 Timothea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela