KAROLO 10
Batho ba Mamelang Molimo ba Tla Fumana Mahlohonolo Afe?
Boholo ba bafu bo tla tsosetsoa lefatšeng. Liketso 24:15
Nahana feela hore na u tla fumana mahlohonolo afe ka moso haeba u mamela Jehova! U tla fumana bophelo bo phethahetseng; ha ho na motho ea tla kula. Ha ho na ho ba le batho ba babe ’me u tla tšepa motho e mong le e mong.
Ha ho na ho ba le bohloko, masoabi kapa lillo. Ha ho na motho ea tla tsofala ebe oa shoa.
U tla pota-potoa ke metsoalle le beng ka uena. Bophelo bo tla ba monate Paradeiseng.
Batho ba ke ke ba tšoha letho. Ba tla thaba e le kannete.