KHAOLO EA 11
Johanne Mokolobetsi o Betlela Jesu Tsela
MATHEU 3:1-12 MAREKA 1:1-8 LUKA 3:1-18 JOHANNE 1:6-8, 15-28
JOHANNE OA RUTA EBILE OA KOLOBETSA
HO KOLOBETSOA BATHO BA BANGATA EMPA ESENG KAOFELA
Ho se ho fetile lilemo tse 17 ho tloha ha Jesu a ne a botsa mesuoe lipotso ka tempeleng. Ke nako ea selemo, selemong sa 29. Batho ba bangata ba bua ka Johanne, mong ka Jesu, ea ntseng a ruta ka Molimo naheng eohle ka bophirimela ho Noka ea Jordane.
Batho ba khahloa ke Johanne ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona le tsela eo a buang ka eona. O apare liaparo tse entsoeng ka boea ba kamele ’me o itlamme ka lebanta la letlalo. Lijo tsa hae ke litsie le mahe a linotši. Molaetsa oa hae o re: “Bakang, kaha ’Muso oa maholimo o atametse.”—Matheu 3:2.
Batho ba mametseng Johanne ba thabela molaetsa oa hae. Ba bangata ba bona ba batla ho baka le ho khutla mekhoeng e mebe. Batho bana ke ba tsoang “Jerusalema le Judea eohle le naha eohle e potolohileng Jordane.” (Matheu 3:5) Ba bangata ba tlang ho Johanne ba baka e le kannete. Johanne o ba kolobetsa ka ho ba qoelisa ka metsing a Noka ea Jordane. Ebe ke hobane’ng ha a etsa joalo?
Kolobetso ke letšoao la hore motho o lumela hore o baketse libe tseo a li entseng khahlanong le selekane sa Molimo sa Molao. (Liketso 19:4) Leha ho le joalo, e ne e se motho e mong le e mong ea tšoanelehang hore a ka kolobetsoa. Ha Bafarisi le Basaduse ba tla ho eena o re: “Malinyane a bo-marabe . . . hlahisang litholoana tse tšoanelang pako ’me le se ke la ithetsa ka ho ipolella ho re, ‘Ntat’a rona ke Abrahama.’ Etsoe ke re ho lona, Molimo o khona ho hlahisetsa Abrahama bana ka majoe ana. Selepe se se se le metsong ea lifate, joale, sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle se tla rengoa ’me se lahleloe mollong.”—Matheu 3:7-10.
Johanne o bolela molaetsa o matla ’me batho ba bangata baa mo mamela ebile baa kolobetsoa. Taba ena e etsa hore Bajuda ba romele baprista le Balevi ho eena hore ba mo botse hore na ‘ke mang.’
Johanne o re ho bona: “Ha ke Kreste.”
Baa botsa: “Joale, u mang? Na u Elia?”
Oa latola: “Ha ke eena.”
Ba botsa hape: “Na u Moprofeta?” Ba botsa sena ba nahanne ka Moprofeta e moholo eo Moshe a neng a itse o tla tla.—Deuteronoma 18:15, 18.
O boetse oa latola o re: “Che!”
Baa mo phehella ba re: “U mang? [Re bolelle] e le hore re ka fana ka karabo ho ba re romileng. U re’ng ka uena?” Johanne o re: “ ’Na ke lentsoe la e mong ea hoeletsang lefeelleng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”—Johanne 1:19-23.
Baa tsitlella ba re: “Joale, ke hobane’ng ha u kolobetsa haeba u se Kreste kapa Elia kapa Moprofeta?” Johanne o ba araba ka ho re: “Ke kolobetsa ka metsi. Har’a lona ho eme e mong eo le sa mo tsebeng, ea tlang ka mor’a ka.”—Johanne 1:25-27.
Johanne oa lumela hore mosebetsi oa hae ke ho thusa batho hore ba be le maikutlo a nepahetseng e le hore ba tle ba amohele Mesia eo e tla ba Morena. O re ka Mesia: “Ea tlang ka mor’a ka o matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleheng ho mo rolisa meqathatso.” (Matheu 3:11) Hape o re: “Ea tlang ka mor’a ka o tlile ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.”—Johanne 1:15.
Kahoo molaetsa oa Johanne o reng “Bakang, kaha ’Muso oa maholimo o atametse” o nepahetse. (Matheu 3:2) O hlokomelisa batho hore ’Muso oa Jehova oo Morena oa oona e leng Jesu Kreste o haufi.