Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Johanne O Lokisa Tsela
HO FETILE lilemo tse leshome le metso e supileng ho tloha ha Jesu e ne e le ngoana ea lilemo li 12 a botsa baruti tempeleng. Ke selemo selemong sa 29 C.E. ’Me ho bonahala motho e mong le e mong a bua ka motsoala oa Jesu Johanne, ea bolelang naheng eohle ho pota Nōka ea Jordane.
Ka sebele Johanne ke monna ea khahlehang, ponahalong le puong. Liaparo tsa hae ke tsa boea ba kamele, ’me o itlama letheka ka leqhaama la letlalo. Lijo tsa hae ke litsie le linotši tsa naha. Molaetsa oa hae? “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.”
Molaetsa ona o thabisa bamameli ba hae. Ba bangata baa hlokomela hore ho hlokahala hore ba bake, ke hore, ba fetole boikutlo ba bona ’me ba lahle tsela eo ba neng ba phela ka eona e sa lakatseheng. Ka hona ho tloha tikolohong eohle ea Jordane le ho tloha Jerusalema, batho ba tla ho Johanne ka bongata bo boholo ’me a ba kolobetsa, a ba qoelisa metsing a Jordane. Hobane’ng?
Johanne o kolobetsa batho ka tšoantšetso, kapa ka tumelo, ea ho bakela libe tsa bona ho tloha botebong ba pelo mabapi le selekane sa Molao oa Molimo. Ka hona ha Bafarisi le Basadduci ba bang ba bolumeli ba e-tla Jordane, Johanne o-oa ba nyatsa. O re: “Malinyane a marabe,” “beang litholoana tse tšoanelang pako.”
Ka lebaka la tlhokomelo eohle eo Johanne a e fumanang, Bafarisi ba romela baprista le Balevi ho eena. Baa botsa: “U mang, re tle re nee ba re romileng karabo? U re’ng, ha u ipolela?”
Johanne o-oa hlalosa: “Ke lentsoe la ea hoang feelleng le re: Lokisang tsela ea Morena; joale ka ha moprofeta Esaia a boletse.” Johanne o lokisa tsela ka ho lokisa batho hore ba be boemong bo botle ba pelo ba ho amohela Messia, eo e tla ba Morena. Ka enoa, Johanne o re: “Ea tlang kamorao ho ’na, o mpheta ka matla, ’me ha kea lokela ho mo nkela lieta.”
Ka hona molaetsa oa Johanne, “’muso oa Molimo o atametse,” o sebeletsa e le tlhokomeliso ho sechaba hore tšebeletso ea Morena ea khethiloeng oa Jehova, Jesu Kreste, e haufi le ho qala. Johanne 1:6-8, 15-28; Mattheu 3:1-12; Luka 3:1-18; Liketso 19:4.
◆ Johanne ke motho oa mofuta ofe?
◆ Ke hobane’ng ha Johanne a kolobetsa batho?
◆ Ke hobane’ng ha Johanne a ne a ka re ’Muso o atametse?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 8]