THUTO EA 73
Johanne o Lokisa Tsela
Johanne mora oa Zakaria le Elizabetha e ile ea e-ba moprofeta ha a se a holile. Jehova o ile a re Johanne a rute batho hore Mesia oa tla. Ho e-na le hore a rute ka lisinagogeng le litoropong, o ne a rutela lefeelleng. Batho ba tsoang Jerusalema le Judea ba ne ba tla ho tla rutoa ke Johanne. O ne a re ba lokela ho tlohela ho etsa lintho tse mpe e le hore ba thabise Molimo. Ka mor’a ho mamela seo Johanne a neng a se ruta, ba bangata ba ile ba tlohela ho etsa lintho tse mpe eaba Johanne o ba kolobetsa Nokeng ea Jordane.
Johanne o ne a se na lintho tse ngata. O ne a apara liaparo tse entsoeng ka boea ba kamele ’me a ja litsie le mahe a linotši. Batho ba ne ba ipotsa lipotso tse ngata ka Johanne. Esita le Bafarisi le Basaduse ba ne ba tla ho tla mo bona. Johanne o ne a re ho bona: ‘Le lokela ho tlohela lintho tse mpe tseo le li etsang ’me le bake. Le se ke la nahana hore le betere hobane feela le le bana ba Abrahama. Seo ha se bolele hore le bana ba Molimo.’
Batho ba bangata ba ile ba tla ho Johanne ’me ba re: ‘Re lokela ho etsa’ng e le hore re thabise Molimo?’ Johanne a re ho bona: ‘Haeba u e-na le liaparo tse peli, fa motho ea se nang tsona se seng.’ Na oa tseba hore ke hobane’ng ha a ne a cho joalo? O ne a batla hore barutuoa ba hae ba tsebe hore ba lokela ho rata batho ba bang e le hore ba thabise Molimo.
Johanne o ile a re ho batho ba bokellang lekhetho: ‘Ha lea lokela ho qhekella batho ba bang.’ A re ho masole: ‘Le se ke la nka tjotjo kapa la bua leshano.’
Baprista le Balevi le bona ba ile ba tla ho Johanne ’me ba re: ‘Ha e le hantle u mang? Batho bohle ba batla ho tseba.’ Johanne a re ho bona: ‘Ke thusa batho hore e be metsoalle ea Jehova, joalokaha Esaia a boletse esale pele.’
Batho ba ne ba rata lintho tseo Johanne a ba rutang tsona. Ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ebe ke eena Mesia. Eaba o re ho bona: ‘Ho na le e moholo ho ’na ea tlang. Ha ke bapisoa le eena, ke motho ea tlase haholo. ’Na ke kolobetsa ka metsi empa eena o tla kolobetsa ka moea o halalelang.’
“Monna enoa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le leseli e le hore batho bohle ba ka lumela ka lebaka la hae.”—Johanne 1:7