THUTO EA 21
Kotlo ea Leshome
Moshe o ile a tšepisa Faro hore a ke ke a hlola a tla ho eena. Empa pele a tsamaea a re ho Faro: ‘Bosiung bona, matsibolo ’ohle a Baegepeta a tla shoa, ho akarelletsa le mora oa hao.’
Jehova o ile a bolella Baiseraele hore na ba je eng ka ho khetheha letsatsing leo. A re ho bona: ‘Hlabang nku e nang le selemo kapa poli ’me le tlotse likosene tsa lona ka mali a eona. Le bese nama ea eona ’me le e je ka bohobe bo se nang tomoso . Le itokisetse ho tsamaea. Bosiung bona ke tl’o le lokolla.’ U ka inahanela hore na Baiseraele ba ne ba thabile hakaakang ha ba utloa seo.
Bosiung bona boo, lengeloi la Jehova la ea matlong ’ohle a Baegepeta. Bana bohle ba matsibolo ba ka matlong ao likosene tsa ’ona li sa tlotsoang ka mali ba shoa. Empa lengeloi la feta matlong ao likosene tsa ’ona li neng li tlotsitsoe ka mali. Malapa ’ohle a Baegepeta a shoelloa ke bana ba matsibolo. Empa ba Baiseraele bona ha baa ka ba shoa.
Mora oa Faro le eena o ile a shoa. Faro a utloa bohloko haholo. Eaba hang-hang o bitsa Moshe le Arone o re ho bona: ‘Tsamaeang. Tsoang mona. Tsamaeang le il’o sebeletsa Molimo oa lona. Nkang liphoofolo tsa lona le tsamaee!’
Baiseraele ba tloha Egepeta e le bosiu khoeli e khantšitse. E ne e le banna ba 600 000 le basali le bana ba bangata. Batho ba bang ba bangata ba tsamaea le bona hobane ba batla ho sebeletsa Jehova. Qetellong Baiseraele ba ne ba lokolohile.
E le hore ba ikhopotse kamoo Jehova a ileng a ba pholosa kateng, selemo le selemo ba ne ba lokela ho ja lijo tseo ba li jeleng bosiung boo Jehova a ba pholositseng ka bona. Ketsahalo eo e ne e bitsoa Paseka.
“Ke u bolokile u phela ka lebaka lena: Hore ke bontše matla a ka ka uena le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”—Baroma 9:17