Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 22 leq. 56-leq. 57 ser. 3
  • Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tšela Leoatle le Lefubelu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • ‘Jah ke Poloko ea Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Emang le Tiile ’me le Bone Poloko ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Molimo o Lopolla Baiseraele
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 22 leq. 56-leq. 57 ser. 3
Faro le lebotho la hae

THUTO EA 22

Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Ha Faro a utloa hore Baiseraele ba tsamaile Egepeta, a fetola monahano oa hae. A laela masole a hae a re: ‘Lokisang likoloi tsa ntoa re ba lelekise. Re ka be re sa ba tlohella hore ba tsamaee.’ Faro le banna ba hae ba ile ba lelekisa Baiseraele.

Jehova o ne a sebelisa leru ho tataisa batho ba hae motšehare ’me bosiu a sebelisa mollo. Eaba o ba isa Leoatleng le Lefubelu ’me a re ba hlome litente pel’a lona.

Baiseraele ba bona hore Faro le banna ba hae ba ba setse morao. Ho ne ho se moo ba ka eang, hobane ka pele e ne e le leoatle ’me ka morao e le masole a Egepeta. Joale ba re ho Moshe: ‘Re tl’o shoa. U ka be u ile oa re tlohela Egepeta.’ Moshe a re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Ruri Moshe o ne a tšepa Jehova.

Eaba Jehova o re Baiseraele ba phuthe litente tsa bona. Bosiung boo, Jehova a beha leru pakeng tsa Baiseraele le Baegepeta. Ka lehlakoreng la Baegepeta ho ne ho le lefifi empa ka ho la Baiseraele ho e-na le leseli.

Jehova a re Moshe a otlolle letsoho la hae holim’a leoatle. Jehova a etsa hore ho foke moea o matla bosiu bohle. Kahoo, leoatle la buleha ka lehare. Baiseraele ba tsamaea har’a lona moo ho ommeng.

Baiseraele ba tsamaea har’a leoatle moo ho ommeng

Faro le banna ba hae ba ba sala morao. Empa Jehova a ba ferekanya. Mabili a likoloi tsa bona tsa ntoa a qala ho tsoa. Masole a re: ‘A re tsoeng mona. Jehova oa ba loanela!’

Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao holim’a leoatle.’ Hang-hang metsi a koahela lebotho la Baegepeta. Faro le banna bohle ba hae ba shoa. Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a pholoha.

Baiseraele bona ba feta ba sireletsehile ’me ba rorisa Molimo ka pina, ba re: ‘Binelang Jehova, kaha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.’ Ha ba bang ba ntse ba bina, basali ba ne ba tantša ba bile ba letsa meropa. Baiseraele bohle ba ne ba thabile haholo kaha joale ba ne ba lokolohile.

“Ka hona, a re beng sebete ’me re re: ‘Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheberu 13:6

Lipotso: Ho ile ha etsahala’ng Leoatleng le Lefubelu? Jehova o ile a sireletsa Baiseraele joang?

Exoda 13:21–15:21; Nehemia 9:9-11; Pesaleme ea 106:9-12; 136:11-15; Baheberu 11:29

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela