Selelekela sa Karolo ea 9
Karolong ena re tl’o ithuta ka batho ba akarelletsang bacha , baprofeta le marena, ba ileng ba bontša ka tsela e ikhethang hore ba tšepa Jehova. Ho ne ho e-na le ngoanana oa Moiseraele ea neng a lula Siria. O ne a lumela hore moprofeta oa Jehova a ka folisa Naamane. Moprofeta Elisha o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo sireletsa ho ba lireng. Moprista ea Phahameng Jehojada o ile a ipeha kotsing e le hore a sireletse Joase ho nkhono oa hae ea khopo ea bitsoang Athalia. Morena Ezekiase o ne a lumela hore Jehova o tla sireletsa Jerusalema, kahoo a hana ho inehela ho Baasiria. Morena Josiase o ile a felisa borapeli ba litšoantšo naheng ea habo, a tsosolosa tempele ’me a thusa sechaba sa habo hore se khutlele borapeling ba ’nete.