Ho Tobana le Mehla Ena ea Pefo ka Tšepo
“Morena ’Musi Jehova o buile. Ea sa tl’o profeta ke mang?”—AMOSE 3:8, NW.
1. (a) Mabapi le lebitso la Jehova, re na le tokelo efe e khōlō? (b) Jesu le Pauluse ba ile ba tlotlisa Jehova le lebitso la hae joang?
“MORENA ’Musi Jehova”—mantsoe ao a hlalosa ’Musi ea Phahameng oa bokahohleng hantle hakaakang! Leha mekha e khelohileng e hanana le sena, ke tokelo e khōlō ho bitsa Jehova ka lebitso, ho ba le kamano e haufi-ufi le Jehova le ho bolella ba bang merero ea Jehova. Mora oa hae, Jesu, ha a le lefatšeng o boletse: ‘Moea oa Jehova o ho ’na, . . . ho bolella mafutsana litaba tse molemo.’ Ha a rapela Jehova, a re ka barutuoa ba hae: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona.” Le moapostola Pauluse, ha a qotsa baprofeteng ba boholo-holo ba Baheberu, o itse: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [Jehova], o tla bolokeha.”—Luka 4:18, NW; Johanne 17:26; Ba-Roma 10:13; Joele 2:32.
2. (a) Amose o ile a tlotlisa Jehova ka tsela efe? (b) Tumellanong le se boleloang ke lebitso la Amose, o ile a amohela kabelo efe?
2 Amose e ne e le e mong oa baprofeta bao ba boholo-holo. O ile a tlotlisa lebitso la Jehova ’me polelo “Morena ’Musi Jehova” e hlaha ka makhetlo a 21 bukeng ea hae ea Bibele. Lebitso la Amose le bolela “ho Jara Moroalo.” Kannete, o ile a jara moroalo o boima oa boikarabelo, joalokaha ho etsa lipaki tse tšepahalang tsa Jehova kajeno. Amose e ne e le molisa oa linku le mohlokomeli oa serapa sa lifate, ’me ho bonahala a sa ka a kena sekolo bakeng sa mosebetsi oa hae oa boprofeta. Empa ho bonahala a ne a tloaelane hantle le Lentsoe la Molimo, ’me moea oa Jehova o ne o le holim’a hae bakeng sa ho phetha kabelo ea hae e thata. E ne e le efe? Ho tloha ha habo Juda a ea e le moromuoa ea tsoang naheng esele ’Musong o khelohileng oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea. Moo Iseraele, moo motse moholo o neng o le Samaria, o ne a tlameha ho bolela molaetsa o sa rateheng ho hang oa kahlolo.
3. Ke ‘taba efe ea lekunutu’ e nakong e senotsoeng ka Amose?
3 Na Amose o ile a hana kabelo ee? Che, ho hang. Mehla eo e ne e le ea pefo, empa batho ho ne ho hlokahala ba ele hloko ho atamela ha “letsatsi la bohloko” bo boholoanyane. Bophelo ba bona bo ne bo itšetlehile ka ho ja le ho noa feela. Ba ne ba lutse ba khatholohile litulong tsa bona tse entsoeng ka manaka a litlou, ba ikotlolotse holim’a liphate tse mabotho-botho, ba ne ba sa nahane ka Jehova le ka borapeli ba hae ba ’nete. (Amose 6:3-6) Jehova a rera ho ba otla, empa pele ba ne ba tlameha ho fumana temoso ea boprofeta. Tumellanong le sena, Jehova ka boeena a re: “Morena ’Musi Jehova a ke ke a etsa letho a e-so ho senolele bahlanka ba hae ba baprofeta litaba tsa lekunutu.”—Amose 3:7, NW.
Tšebetso ea Kajeno
4. (a) Ke hobane’ng ha boprofeta ba boholo-holo bo ile ba bolokoa? (b) Bo tsebahatsoa ka mocha ofe hona joale?
4 Na boprofeta boo ba boholo-holo bo na le seo bo se bolelang ho rōna kajeno? E, bo na le molaetsa o matla bakeng sa rōna! Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le ne le bokelloe tlas’a tataiso ea Molimo, ’me le bolokiloe ho tla fihlela “nakong ea bofelo” molemong oa batho ba Molimo “ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” Seo le se bolelang ka boprofeta re se tsebisoa ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng seo Morena, Jesu Kreste, a se sebelisang hona joale ho fana ka ‘lijo tsa moea nakong ea teng’ bakeng sa batho bohle ba Molimo.—Daniele 12:4; 1 Ba-Korinthe 10:11; Mattheu 24:45-47.
5. Re lokela ho arabela joang ka se boleloang ke Jehova ho Amose 3:8?
5 Na re nka ‘taba tsee tsa lekunutu’ tsa boprofeta ba Amose e le ntho e ’ngoe eo e seng ea bohlokoa hakaalo nakong ea rōna e lokolohileng? Koana, haeba re ne re le bang hlatheng, ’me ka tšohanyetso khutso e senngoa ke ho puruma ha tau, re ne re tla etsa joang? Boemong boo ba bophelo kapa lefu, na re ne re ke ke ra etsa ho hong? Re ne re ke ke ra lieha! Kahoo na ha rea lokela ho etsa ka ho tšoanang polelong ea Jehova ea boprofeta? Jehova ka boeena o-oa bolela: “Tau e purumme! Ea sa tl’o tšoha ke mang? Morena ’Musi Jehova o buile! Ea sa tl’o profeta ke mang?” (Amose 3:8, NW) Kahoo, ke habohlokoa hore re tsebise ba bang boprofeta le seo bo se bolelang. Empa joang?
“E-ea, U Profete”
6. Ke ka litsela life Bojakane bo tšoanang le Samaria ea boholo-holo?
6 Taelo ea Jehova ho Amose e ne e re: “E-ea, u profete holim’a sechaba sa ka sa Iseraele.” (Amose 7:15) ’Muso oo oa Iseraele o koenehileng o na le ho tšoanang le oona kajeno, Bojakane, bo bonahalang bo rata maruo, bo itšetlehileng ka pefo kapa ho tšosa ha pefo hore bo ’ne bo be teng, le bo hanyetsang Morena ’Musi Jehova le ho hloea lebitso la hae. Ha e le ka tlotla “Bokreste,” ke ka lebitso feela Bojakane bo ipitsang ka eona, hobane bo ema khahlanong le ho tla ha ’Muso oa Kreste oa ho loka. Jesu ka boeena o hlalosa bao ba malumeli a Bojakane e le “ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:21-23.
7, 8. (a) Tšenyeho ea Bojakane e ’nile ea ‘phatlalatsoa’ ka ho tsoelang pele joang ho theosa le lilemo? (b) Ke “tokoloho” efe e ’nileng ea boleloa bakeng sa ba ‘botlamuoeng,’ hona e le ka liphello life?
7 Ho tloha ha ’Muso o hlongoa maholimong ka 1914, sehlopha sa Amose sa kajeno, Lipaki tsa Jehova, se ’nile sa bolela letsatsi la Jehova la phetetso hohle Bojakaneng. Temoso e hlakileng e ile ea fanoa linaheng tsa Bojakane ho tloha ka 1919 ho ea ho 1939, ’me hona ho tsoela pele ho tla fihlela kajeno. Ho Lipaki tsa Jehova, lilemo tsa Ntoa ea II ea Lefatše, 1939-45, e ne e le nako ea hloriso, empa hape e le nako ea ho hlophisa hocha. Ka 1943 Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade sa qala ho koetlisa baromuoa ba eang masimong a sele, ’me bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše bana ba ne ba romeloa linaheng tse fapaneng ho ea atolosa bopaki ba ’Muso. Kahoo mosebetsi sebakeng sa Bojakane o ile oa atolosoa, haholo-holo Italy, Portugal, Spain le tšimong e khōlō ea Latin America.
8 Pitso e ne e le hore: “E-ea, u profete.” Malapa a inehetseng a ile a falla Canada, United States, Brithane, Europa le Australia ho ea ikopanya le baromuoa masimong a macha moo tlhokahalo e neng e le khōlō. Ka tšepo ba phatlalatsa seo ‘Morena ’Musi Jehova a se buileng.’ Moea oa Jehova o ’nile oa e-ba holim’a lipaki tsa hae hore li bolele lefatšeng lohle “letsatsi la liphetetso” la Molimo holim’a Bojakane, ’me hape le ho bolella ba ‘tlamiloeng ke bolumeli ba bohata hore ba tla lokolloa.’ (Esaia 61:1, 2; Zakaria 4:6) Kahoo, ka nako ea lilemo tse 40, ho bile le keketseho ka karolelano ea khoeli ea Lipaki tse phatlalatsang ’Muso: ho tloha ho 109 794 ka 1943 ho ea ho 2 501 722 ka 1983.
Mohlala o Akaretsang
9, 10. (a) Mehleng ea Amose ho bolela ho ile ha e-ba ka tekanyetso efe, ’me ke’ng ho tšoanang le hoo kajeno? (b) Joalokaha ho ne ho tšoantšetsoa ke boprofeta ba Amose, ba bitsoang hore ke bahetene ba nka Bojakane joang?
9 Hona ho latela mohlala oa mehleng ea Amose, ha ho boleloa ha timetso ho ne ho lokela ho fanoa hape Ashdode—setsi sa borapeli ba bohetene Filistia e haufi—le ho isa hōle Egepeta. Hobane Morena ’Musi Jehova o ne a itse: “Hoeletsang holim’a matlo a borena a Ashdode le holim’a matlo a borena a lefatše la Egepeta, le re: “Phuthehelang lithabeng tsa Samaria, le tle le bone mefere-fere e mengata e har’a eena, le lihloriso tse leng ho eena. Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itsoalo Jehova, bao ba bokellang khapo le tšenyo matlung a bona.”—Amose 3:9, 10.
10 Ka ho tšoanang, phatlalatso ea kajeno ea phetetso ea Jehova e lokelang ho liheloa Bojakane e hasane le ka ’nģane ho sebaka sa bona—Afrika, lihlekehleke tsa leoatle le likarolong tse ngata tsa Bochabela. Joalokaha Egepeta e sebelisoa ka Bibeleng e le e tšoantšetsang lefatše lohle le khopo le ikarotseng ho Molimo, le molaetsa oa tšenyeho ho Bojakane o boletsoe ka tekanyo e khōlō. (Bapisa Esaia 19:19, 20.) Lichaba tse ngata tse bitsoang ka hore ke tsa bohetene li hlokometse hantle ‘mefere-fere, lihloriso, bolotsana, khapo le tšenyo’ tse Bojakaneng. Ka makholo a lilemo li hlokometse baromuoa ba Bojakane ba kopanelang lintoeng tsa maikutlo a sechaba le lintoeng tsa boitseko le ba sebetsang ka pele-pele khoebong ea machaba ea lithunya le lithethefatsi. Ha moromuoa oa Watch Tower a qala ho bua le Mobuddha, hangata o kopana le khanyetso: ‘Empa sheba boemo ba boitšoaro ba Bakreste; rōna Mabuddha re na le boitšoaro bo botle ho ba feta, kahoo re tla be re fetohela’ng?’ Moromuoa o tlameha ho hlakisa hore bolumeli ba Bojakane bo fapane hōle le Bokreste ba Bibele. E be ke hona a ka mameloang.
11. Tšenyeho Samaria e tšoana le eng kajeno?
11 Joaloka Samaria oa boholo-holo, ho joalo le ka Bojakane, bo-ralipolotiki le babusi, ba baholo le ba banyenyane, “ha ba tsebe ho etsa ho lokileng.” Ho feta moo, linaheng tse ngata tseo ho thoe’ng ke tsa Bokreste, pefo le bokhopo li tletse literateng. (Mattheu 24:3, 12) Ena ke phapang e makatsang maemong a khotso a fumanoang linaheng tse ngata tseo “e seng tsa Bokreste.”
12. Bojakane bo ’nile ba ‘bokella khapo le tšenyo’ joang?
12 “Khapo le tšenyo” e boetse e lokiselitsoe ka tekanyo e tšosang sebakeng sa machaba. Ha boa lekana hore lichaba tsa Bojakane e ne e le tsona basusumetsi ba lintoa tse peli tsa lefatše, tseo ka baka la tsona li jarang molato oa mali mabapi le ho bolaoa ha batho ba ka bang 69 000 000. Hona joale Bojakane bo nkile karolo e khōlō pakeng tsa linaha tse ma tla tse peli, “morena oa boroa” le “morena oa leboea,” ka phello ea hore lichaba tsa bona li tsamaea ’moho le ho hlophisoa ha libetsa tse bolaeang tsa “nuclear” ho pholletsa hohle libakeng tsa bona.
13. Babuelli ba lipolotiki ba pefo ba kopanetse joang ho phethahatseng Daniele 11:40 le Luka 21:25?
13 Ha a etetse Japane, ’muelli e moholo oa “morena oa boroa” o itse: “Molemo feela oa ho ba le libetsa tsa ‘nuclear’ ke ho etsa bonnete ba hore ha li sebelisoe—le ka mohla.” Joale ke hobane’ng ha ba e-na le tsona he? Ke hobane Satane, molimo oa lefatše lena, o tšoasitse lichaba kotsing eo li ke keng tsa pholoha ho eona. Karabelong ea ‘ho sututsa’ ho etsoang ke “Morena oa boroa,” ’muelli e moholo oa “morena oa leboea” o phatlalalitse hore ho ka otloa U.S. phatleng ka ho bea libetsa tsa “nuclear” maoatleng. Kaofela hona ho phethahatsa boprofeta ba Jesu mabapi le ho ‘tsieleha ha lichaba li sa tsebe hore na li tla tsoa le hokae, hobane leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona.’—Daniele 11:40; Luka 21:25; Tšenolo 12:9, 12.
14. Ke ka litsela life boemo bona le litholoana tsa bona bo re hopotsang ka liketsahalo tsa mehleng ea Noe?
14 Ha esale ho tloha mehleng ea Noe batho ha ba e-so ho tobane le tšenyo e tjena, hammoho le tšabo ea pefo e khōlō. Tlaleho ea histori ea mehla ea Noe e baleha tjena: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. . . . Empa lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” Ka baka la bobe boo, le pefo, Jehova o ile a senya ba khopo ka Moroallo oa metsi. Hape, o rerile “ho senya ba senyang lefatše.”—Genese 6:5-13; Tšenolo 11:18; Luka 17:26, 27.
Ho Phahloa ha Bojakane
15. Jehova o ile a etsa hore “sera” se ahlole Samaria joang?
15 Qetello e tla ba efe khohlanong e pakeng tsa linaha tse ma tla tsa lefatše? Jehova o na le seo a se buang ka hona, joalokaha re bala ho Amose 3:11: ‘Ka baka leo, Morena ’Musi Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka ’nģa tsohle ho lefatše! Se tla liha khanya ea hao, matlo a hao a borena a phahloe.’ “Sera” sena ke mang? Morao koana mehleng ea Amose “sera” e ne e le ’Muso oa lefatše oa Assyria. Lebotho le matla la Assyria le ne le sebelisoa ke Jehova ’me a le sebelisa e le “thupa” ea tšoantšetso ho liha kahlolo holim’a Samaria ea bokoenehi, joalokaha ho hlalositsoe ho Esaia 10:5, 6: “Ho malimabe Assyria, thupa ea bohale ba ka, leha ke beile molamu oa khalefo ea ka matsohong a hae! Ke mo rometse ho loantša sechaba se khopo, ke mo laetse ho ea loantša sechaba see ke se halefetseng, a tle a hape lintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele joale ka liretse tsa ’mila.”
16. (a) Tšenolo 17 e hlalosa khohlano e tšoanang joang kajeno? (b) Ke liphetoho life tse bontšang hore tšenyeho ea Bojakane e haufi?
16 Ka ho tšoanang, Jehova o tla tlisa Assyria oa kajeno ea hlometseng haholo e le “thupa” ea hae le “selepe” sa hae ho ahlola Bojakane bo koenehileng. Ka sebele, ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo, ka nako eo o tla timetsoa ke “linaka” tse lonya—mebuso ea lipolotiki e hlometseng eo le hona joale e leng lichaba tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng. (Esaia 10:15; Tšenolo 17:5, 16, 17) Ho korotla ha khohlano eo e haufi ho utluoa hangata litabeng tsa letsatsi. Ka mohlala, U.S.News & World Report haufinyane e sa tsoa tlaleha sena: “Hase Poland feela moo Bak’hatholike le Bokomonisi li bonahalang li lebile khohlanong. Europa Bochabela, likamano pakeng tsa kereke le mebuso ea Bokomonisi li hohlana ka ho eketsehileng esale John Paul II ea tsoaletsoeng Poland e e-ba Mopapa ka 1978. Ntoa e ncha e totobetse har’a babishopo ba Roma K’hatholike linaheng tsa Soviet. . . . Ho tšehetsa ha Mopapa tsela ea K’hatholike ho phaelletse moeeng oa khohlano. . . . Mebuso ea Bokomonisi ha e pate lipelaelo tsa eona ka Mopapa.”
17. Buka ea Amose, hammoho le boprofeta bo bong, li re’ng ka ho tlatlapuoa ha bolumeli ba bohata?
17 Kahoo ho tla etsahala feela joalokaha Jehova a boletse ho Amose 3:15: “Matlo a khabisitsoeng ka manaka a tlou a tla timela, ho felisoe le matlo a mangata: ho itsoalo ke Jehova.” Matlotlo le lintho tse bonahalang tsa Bojakane li tla felisoa, le tsohle tsa sebaka sa bolumeli ba bohata.—Ezekiele 7:19; Tšenolo 18:15-17.
18. (a) “Assyria” e tla nka bohato bofe bo latelang ba boikhohomoso? (b) Hoo ho tla hlahisa eng, hona e le ka phello efe ho batho ba Jehova?
18 Leha ho le joalo, na hoo ho tla bolela tokoloho ea ka pele ho bahlanka ba Jehova ba tšepahalang—hore ba se nyefoloe ba se hlorisoe, ba lokolohe likhatellong tseo lefatše la Satane le ba imetsang ka tsona? Che! Hobane “Assyria” e sekametseng lipolotiking—“thupa” le “selepe” tseo Jehova a li sebelisang ho liha kahlolo holim’a Bojakane bo koenehileng—ka boikhohomoso e tla iphahamisetsa Jehova ka ho retelehela ho lipaki tsa hae tse khabane mona lefatšeng. Empa e tla hlōleha! (Esaia 10:15-19) Joalokaha moapostola Johanne a ho bone ponong, “marena a lefatše,” mebuso ea lipolotiki ea “sebata” sa Machaba a Kopaneng a tla bokana ho tsohela ho loantša “Morena oa marena le ’Musi oa babusi” ea beiloeng teroneng ke Molimo. Hoo e tla ba pontšo ea Harmagedone, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” E tla felisa makhotla oohle a Satane lefatšeng ’me o pholose “mang le mang ea rapelang lebitso la Morena [Jehova].”—Tšenolo 16:14, 16; 19:11, 16, 19-21; Ba-Roma 10:13.
19. Mohlala oa Amose le ho phethahala ha boprofeta ba hae khahlanong le Samaria li lokela ho re fa tšepo efe?
19 Joale, u tobana joang le mehla ee ea pefo? Ka sebele ka tšepo e tiileng ea hore Jehova o tla tsebahatsa Lentsoe la hae la boprofeta! ’Me e le ka botšepehi bo kang ba Amose, ea neng a bolela molaetsa o sa rateheng oa timetso ho batho ba koenehileng! Empa uena u ka pholohela le ho thabela Tsamaiso eo e Ncha e khōlō eo Morena ’Musi Jehova a e lokiselitseng ba mo ratang joang? Sehlooho se latelang se tla arabela potso eo.
Lipotso tsa Hlahlobo:
◻ Amose e ne e le mohlala o motle joang ho rōna bakeng sa ho tobana le mehla e befileng?
◻ Re filoe tokelo efe ea ho ‘bolela’ ‘taba ea lekunutu’ hona joale?
◻ Ke ka litsela life Samaria oa boholo-holo a tšoantšetsang Bojakane?
◻ Mehla ee ea pefo e tla fela joang, hona ho bontšang hore hoo ho haufi ke eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bakeng sa Babylona e Moholo, kahlolo e se e lihuoe