Armageddone—Na e Tsoa ho Molimo o Lerato?
“ARMAGEDDONE”—Lebitso lee la Bibele le hlalosa eng? Nako le nako le kenyellelitsoe ka leqephe le ka ntle le itlhalosang, ho tla ba le letoto la lihlooho tse nang le taba e nonneng e buang ka sena tse tla hlaha litokollong tse ’nè tsa Molula-Qhooa bakeng sa Pherekhong le TIhakola, 1985. Re na le tšepo ea hore puisano ena ea Mangolo e tla u tšelisa ka tsebo ea hore na ARMAGEDDONE e hlile ke eng.
HA U bona lentsoe “Armageddone” u nahana ka eng? Ho ba bangata le bolela toantšano e sehlōhō pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše. Ba bangata ba bona tlokotsi ea ho qetela—koluoa ea “nuclear” e fetolang lefatše lesupi, molora oa metsoako e kotsi ’me haeba ho ka etsahala, mahlatsipa a tla ba manyenyane. Empa, ho fapana le maikutlo a tloaelehileng joalo, hoo hase Armageddone ho hang.
Mohloli oa lentsoe Armageddone o ka Bibeleng. ’Me mono le hlaha hang feela—khaolong ea 16 ea buka ea Tšenolo. Hoba boprofeta bo bolele kamoo “marena a lefatše” a tla bokelloa hammoho ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,’ bo re: ‘Ea biletsa marena hammoho sebakeng se bitsoang, Armageddone, ka Seheberu.’—Litemana 13 ho ea ho 16, The Jerusalem Bible.
“Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle”! Ho hlakile hore Armageddone ke ntoa ea Molimo. Ke ’nete hore e ama marena, kapa lichaba tsa lefatše. Empa ha a ea phuthehela ho tla loantšana, empa ho loantša Molimo le makhotla a leholimo a etelletsoeng pele ke Morena ea khethiloeng, Jesu Kreste—ea tšoantšetsoang a kaletse pere e tšoeu. Ka pheletso efe? Tlaleho ea Bibele e baleha tjena: “Marena a lefatše, le makhotla a ’ona, a phuthehetse ho loana le ea kaletseng pere le makhotla a hae. . . . ’Me ba . . . bolaoa ka sabole e tsoang molomong oa ea kaletseng pere; ’me linonyana tsohle tsa khora linama tsa bona.”—Tšenolo 19:19-21.
Ntoa ea Tšollo ea Mali
Ntoa ea Armageddone e tla senya haholo hoo tšenyo ea eona e bapisoang le ho kotula “lefatše” ka sekele e bohale. “Lengeloi la akhela sekele ea Iona lefatšeng, la kotula merara ea lefatše, ’me la akhela litholoana tse kotutsoeng sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo. Sehatelo sa hateloa ka ntle ho motse, ’me ha tsoa mali sehatelong, ’me a phahama a ba a fihla litomong tsa lipere, sebaka sa ’ona se lekana listadia tse sekete se nang le makholo a tšeletseng.”—Tšenolo 14:15-20.
E, mali a tla phalla ka bongata tlas’a letsoho la makhotla a ahlolang a Molimo. Ho shoa ha ba limillione tse 69 lintoeng tse peli tsa lefatše e tla ba lefeela ha ho bapisoa le ba bolailoeng ntoeng ea Molimo ea Armageddone. Moprofeta Jeremia o ne a ngole ka bona: “Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.”—Jeremia 25:30-33.
Libetsa tse chesang, ho nesoa ha mollo le matla a mang a tlokotsi a tsamaeang le kahlolo ea Molimo li tla tšosa lipelo tsa batho lefatšeng lohle. Ka baka la ho ferekana, baahisani ba tla tsohelana matla, ha makhotla a ahlolang a Molimo a hlabaka a sa tsotelle lilemo kapa hore na motho o motona kapa o motšehali. Hobane Molimo o a laela hore a hloke mohau: “Le hlabake; mahlo a lōna a se ke a qenehela, le hloke mohau; bolaeang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le likharabe, le bana ba banyenyane, le basali.”—Ezekiele 9:5, 6; Zakaria 14:12, 13.
Empa ho tla joang hore ho be joalo? E be Molimo o lerato o ka ntša taelo e joalo joang? Kapa na ke molimo o lonya, o sa tsotelleng le o tletseng boiphetetso feela, o sa reng letho ka batho bao o ba bōpileng? Na Molimo o lerato o ka hla oa tlisa ntoa e joalo e kang ea Armageddone?