Na U Tlotlisa Jehova ka Moruo oa Hao?
“Baena ba Ratehang: Le phela joang? Ke rata ho ba moromuoa ha ke hōla. Ke kopa hore le sebelise dolara ena ho thusa baromuoa.” Ho ngolile joalo Shelley ea lemo li tharo. Mongolo oa hae oa bongoana o ile oa hlalosoa ke ’m’ae karolong e tlase ea lengolo la hae.
Stephen o ngotse ka mokhoa o lokolohileng haholo: “Bible and Tract Society e Ratehang. Ke lemo li 8. Ke lula ’Mileng oa 89. Ke tšepa hore le ntse le itjella monakalali oa keboleloa moo. Ke le nea dolara e le ’ngoe bakeng sa letlole la Holo ea ’Muso. Nthomelleng lengolo kapele.”
KE HOBANE’NG ha bacha bana ba ngolletse ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watchtower? Ke hobane ba batla ho rorisa Jehova ka ho sebelisa seo ba nang le sona ho ntšetsa thoriso ea hae pele. Ba latela mantsoe a Bibele: “Tlotlisa Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng.”—Liproverbia 3:9.
Ka sebele Jehova o tšoaneloa ke ho tlotlisoa tjena. Ha ho ea ka bapisoang le eena. Joalokaha Tšenolo 4:11 e bontša: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” Hase feela hore “ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng,” empa hape o re nehile tse molemohali. (Liketso 17:28) Joalokaha mongoli oa Bibele Jakobo a re hopotsa, Molimo ke Monei oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.”—Jakobo 1:17.
Leha ho le joalo, hase bohle ba ananelang taba ea hore ba lokela ho tlotlisa le ho rorisa Jehova. Ha e le hantle, batho ba limillione ha ba e-s’o ithute lebitso la hae! Ba bangata ba rapela tse bōpiloeng, “ba furaletse ’Mopi.” (Ba-Roma 1:25) Batho ba pelo li tšepahalang ba hloka ho neoa tsebo. Ba hloka ho tseba hore haufinyana Jehova o tla nka bohato. Ka puso ea Mora oa hae, o tla felisa batubi lefatšeng le mokhoa oa bona oa ho tuba, a khutlisetse lintho phethehong, le ho khutlisetsa paradeise le matla a motho a ho phela ka ho sa feleng bophelong bo phethahetseng. (Daniele 2:44; Tšenolo 21:1, 3, 4) Bophelo ba batho ba batlang ho loka bo itšetlehile ka ho fumana tsebo le ka ho e sebelisa.—Sofonia 2:3; Johanne 17:3.
Ho Hlokahala Boithaopo le Kananelo
Na u rata ho kenya letsoho mosebetsing ona o pholosang bophelo? Ho hloka ho hongata ho tsebahatsa hohle “litaba tse molemo” tsa ’Muso “lefatšeng lohle le ahiloeng.” (Mattheu 24:14, NW) Basebetsi ba baithaopi ba lokela ho rutoa, ho hlomeloa, le ho romeloa ho ea bolela. Ho thabisa hakaakang ho bona batho ba ka holimo ho 2 800 000 ba tlotlisa Jehova ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle! Ba bangata ba sebetsa ka nako e tletseng, ba bang ba fallela libakeng tseo ho nang le tlhoko e khōlō. Baromuoa ba likete-kete ba se ba rometsoe ho ea bula maliboho mosebetsi oa boboleli linaheng tse ling, ’me lenane la bona le ntse le eketseha.
Ho lebela, ho hlokomela, le ho tšehetsa mosebetsi ona ’ohle ho hloka hlophiso e khōlō ka sebele. Mehaho e mecha ea makala le mahae a baromuoa lefatšeng lohle a ile a hahuoa le ho atolosoa. Libaka tsa borapeli tseo ho kopaneloang ho tsona—Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano—li hahuoa ka lebelo le phahameng hona joale. Ho hlile ho thabisa pelo ho bona ka tsela eo batho ba Jehova ba arabelang kateng, ba bontša hore ba itokiselitse ho sebelisa sohle seo ba nang le sona tšebeletsong ea Jehova. (Pesaleme ea 110:3) Empa ‘ho potlaka’ ha mosebetsi o profetiloeng oa ho bokella mehleng ena ea qetello ho hloka moea o eketsehileng oa boithaopo bakeng sa ho tlotlisa Jehova ka moruo oa rōna. (Esaia 60:22) Re lokela ho etsa eng?
Kananelo e-ea hlokahala—ho ananela sohle seo Jehova a re neileng sona. E, phahlo ea rōna ke limpho tse tsoang ho Jehova. Moapostola Pauluse o botsitse: “U na le eng eo u sa kang ua e fuoa?” (1 Ba-Korinthe 4:7) ’Me ke hobane’ng Molimo o re neile lintho tsee? Hore re sebelise lineo tseo tlotlisong ea hae!—1 Petrose 4:10, 11.
Lineo tsena li akarelletsa matla a rōna a ’mele, kelello, moea, le phahlo e bonahalang—e, bophelo ka bobona. ’Me Jehova e bile Monei e motle hakaakang ho e mong le e mong oa rōna! Ke mohlala o tsotehang hakaakang oo a re behetseng oona oa ho fana! Ha re se re amohetse lintho tse ngata hakaale ho Jehova sena se lokela ho re susumetsa ho bontša kananelo ka litokisetso tse joalo. Na ha re susumetsehe ho mo tlotlisa ka seo re nang le sona?
Mohlomong u ikutloa u haella linthong tseo u ka li etsang. Ke ’nete hore hase e mong le e mong ho rōna ea ka sebeletsang e le moromuoa libakeng tse hōle kapa ea ka inehelang tšebeletsong ea nako e tletseng. Kapa leha e le hore ba bangata ho rōna ba na le matla kapa lichelete tsa ho ea libakeng tseo ho hahuoang ho tsona kapa ho thusa ka matsoho. Hape maemo a motho ka mong a sitisa ba neng ba ka nehela bophelo ba bona ho sebetsa liofising tsa makala moo lingoliloeng tsa bohlokoa, tse kang makasine ’ona, li hatisoang teng. Empa e mong le e mong oa rōna a ka latsoa thabo e khōlō e tlisoang ke ho fana. (Liketso 20:35) ’Me e mong le e mong oa rōna a ka sebelisa bophelo ba hae le lipuo tsa hae ka litsela tse thabisang Molimo le ho mo tlisetsa tlotliso le thoriso.—Ba-Kolosse 3:23
Kamoo Sena se ka Etsoang
Le hoja Shelley le Stephen e sa le bana, ba fumane tsela ea ho etsa sena. Ba hlokometse hore moneelo oa bona Mokhatlong oa Watchtower o tla sebelisetsoa ho ntšetsa mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle pele. ’Me monehelo oa bona o ananeloa ka sebele, ho sa natsoe boholo kapa bonyenyane ba ’ona. Stephen a amohela lengolo le lebohang moneelo oa hae. Le Shelley e monyenyane ka ho tšoanang. Taba ea bohlokoa hase boholo ba chelete kapa bonyenyane empa ke boikutlo boo e fanoang ka bona, kahobane mpho e amoheloang e lokela ho fanoa ka moea o ratang. (2 Ba-Korinthe 9:7) Jehova o khahlisoa ke menehelo ea rōna, ho sa natsoe hore na e moholo kapa e menyenyane, ha feela e ntšoa ka moea ’ohle bakeng sa hae.—Luka 21:1-4.
Kananelo e lateloa ke ketso. Na re hlahlobile phahlo ea rōna e ka sebelisetsoang ho tlotlisa Molimo? Bophelo ba rōna, ka matla ao re nang le oona, bo bohlokoa haholo ’me ha re batle ho bo senya ka ho phehella lintho tsa lefeela. Na re sebelisa nako e ngata kamoo re ka khonang ho haha le ho matlafatsa kamano e haufi le ea botho le Jehova? Na re mo tlotlisa ka ho bolela ka lebitso la hae le ka molaetsa? (Ba-Heberu 13:15, 16) Bana ke phahlo ea bohlokoa eo re e neiloeng ke Jehova. (Pesaleme ea 127:3) Na re ba khothalletsa ho nehela bophelo ba bona tšebeletsong ea Molimo?
Joale ho na le letlotlo la sebele la gauta, silevera, kapa phahlo e ’ngoe ea chelete. Menehelo ea mefuta ena e tšehetsa liphutheho tsa sebaka sa rōna ho akarelletsa ho hlokomeloa ha Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano tse sebeletsang e le litsi tsa thupelo ea Bibele le mesebetsi ea boboleli metseng ea rōna. Ha menehelo ena e romeloa ntlokhōlō ea Mokhatlo oa Watchtower kapa ofising ea lekala e naheng e itseng, e thusa ho ntšetsa mosebetsi oa boboleli pele lefatšeng lohle. Ho ka ’na ha ngoloa hore le lakatsa ha limpho tse joalo li thusa hokae. Shelley e monyenyane, eo sepheo sa hae e leng tšebeletso ea boromuoa, o ne a rata ha thuso ea hae e ka neoa baromuoa. Ha Stephen a utloa hore ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ngata ’me li ne li tla hloka chelete e ngata, o ne a lakatsa ha monehelo oa hae o ka kenngoa Letloleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. Menehelo e meng e ka etsoa bakeng sa litlhoko tse khethehileng, tse kang mosebetsi oa phallelo linakong tsa koluoa.
Hangata batho ba rata ha ofisi ea lekala e sebelisa chelete ea bona ka tsela eo ofisi e ratang ka eona, kaha baena ba tseba likarolo tseo chelete e joalo e hlokahalang haholo ho tsona. E mong ea rometseng monehelo o ngotse: “Ka hare mona le tla fumana cheke hore Mokhatlo o e sebelise moo o bonang ho loketse ho ntšetsa mosebetsi oa boboleli pele. Re thaba haholo ho bona keketseho ka baka la mosebetsi oa batho bohle ba Jehova le tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing.” Lengolo le leng le itse: “Morao tjena ke sa tsoa tlohela mosebetsi, ’me ke amohetse chelete e ngata haholo e le monehelo oa feme eo ke e sebelelitseng ka nako e telele. Ka botšepehi ’na le mofumahali re lakatsa hore karolo ea chelete ena e sebelisetsoe ho ntšetsa boboleli ba ’Muso pele. Re kōpa hore le amohele cheke e kentsoeng kahare mona lebitsong la rōna le bana ba rōna. E se e ka Jehova a ka hlohonolofatsa kamoo le rerang ho sebelisa chelete ena hamolemo kateng.”
Jehova o khahlisoa ke ho bona boithaopo bo joalo ha re mo tlotlisa ka moruo oa rōna. ’Me o tsoela pele ho phethahatsa pallo ea hae: “’Me meliko ea hao e tla tlala, e phanye-phanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.” Joaloka Iseraeleng oa boholo-holo, kajeno Jehova o putsa haholo moea o joalo oa ho fana. Ha motho a sebelisa moruo oa hae ho mo tlotlisa ha ho etse hore a fele empa a eketseha kahobane Jehova o hlohonolofatsa mofani!—Liproverbia 3:9, 10.
Ke tokelo e khōlō hakaakang eo re nang le eona ho tlotlisa Jehova le ho hlahella ka mahetla re fapane “har’a moloko o senyehileng, o khopo”! ’Me hape ke tokelo e khōlō hore re kopanele ho bolela ka ’Muso, e leng mosebetsi oo a abetseng hore o etsoe pele tsamaiso ena e khopo ea lintho e fela. (Ba-Filippi 2:15; Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ka pele pono e bululetsoeng e tla phethahatsoa ha “libopuoa tsohle,” ho sa tsotellehe hore li hokae, li tlang ho isa thoriso e sa feleng, khanya, le matla ho Jehova. (Tšenolo 5:13; 7:12) A re tlotliseng Jehova ka moruo oa rōna, esita le hona joale.
[Lebokose le leqepheng la 22]
“Le Tšehetsa Mosebetsi oa Lōna ka Chelete Joang?”
Ba bangata ba botsa potso ena. Ba makatsoa ke ha Lipaki li eta matlung a bona empa li sa kōpe menehelo. Ba bang baa makala ha ba fihla kopanong ea Lipaki kapa ba etela Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele, empa ba sa bone ho etsoa koleke. Mosebetsi oa bopaki o tšehetsoa joang ka chelete? Karabo ke ena: ka meneelo ea boithatelo ea ba ratang ho tlotlisa Jehova ka moruo oa bona. Sena se etsoa ka litsela tse ling tse latelang.
Limpho: Meneelo ea chelete e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo naheng ea lōna. Moneelo oo o be le lengolo le ngotseng ka bokhutšoane hore chelete ke ea moneelo. Phahlo eo motho a nang le tokelo ea eona e ka neheloa.
Litokisetso tsa Menehelo e Fanoang Tlas’a Maemo a Itseng: Chelete, phaello, chelete ea tšireletso, le phahlo li ka neoa Mokhatlo ’me ho boleloe hore haeba motho a li hloka li tla khutlisetsoa ho ea faneng ka tsona. Mokhoa ona o thusa ho qoba tšenyehelo kapa ho se tiisehe ka thato ea mofu mabapi le tšebeliso ea leruo la hae, ho tiisa hore Mokhatlo o tla amohela phahlo eo ha a e-shoa.
Tšireletso: Ho ka ’na ha ngoloa hore Watch Tower Society e be eona e fumanang molemo oa tšireletso ’me e tsebisoe ka sena. Ka ho tšoanang, lichelete tse beiloeng bankeng li ka ngoloa lebitsong la Society.
Thato ea Mofu Kabong ea Phahlo ea Hae: Phahlo kapa chelete e ka neoa Watch Tower Society ka tumello e entsoeng ka molao. Lengolo la tumello e joalo le romeloe Mokhatlong.
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng kapa keletso ngolla ho Watch Tower Bible and Tract Society, Office of the Secretary and Treasurer, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201 kapa ofising leha e le efe ea lekala sebakeng seo u leng ho sona.