Kamoo U ka Lebohang Seo Jesu a U Etselitseng Sona
LIKETSO li bua haholo ho feta mantsoe ana, “Kea u leboha.” Haeba u ananela seo Jesu a u etselitseng sona, u tla rata ho sebelisa tumelo ho eena e le Mopholosi. Bonneteng, ke ka ho etsa sena feela u ka tšepang ho kotula molemo sehlabelong sa Jesu. Na u sa hopola polelo ena, “ea sebelisang tumelo,” e fumanoang ho Johanne 3:16 ho ea ka New World Translation? Mantsoe ao a bolela ho fetang ho lumela le ho amohela ka mohopolo hore o u shoetse. Empa e akarelletsa ho sebeletsa ho seo u se lumelang.
Mamela litaelo tseo Petrose a li neileng bamameli ba hae ba Bajode kapele kamor’a Pentakonta ea 33 C.E.: “Bakang ke hona, ʼme le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe.” (Liketso 3:19) Sena se bontša mefuta e ʼmeli ea ketso. Oa pele, re hanela litšekamelo tsa sebe likelellong tsa rōna le ʼmeleng ea rōna. Ea bobeli, re kōpa Molimo ho re tšoarela libe tsa rōna motheong oa sehlabelo sa Jesu.—1 Johanne 2:1, 2.
Etsisa Mohlala oa Jesu
Colin, eo e bileng Mokreste ea kolobelitsoeng ka lilemo tse 24, o ile a botsoa lebaka le etsang hore a lebohe seo Jesu a mo etselitseng sona. A araba: “Ke ananela sehlabelo sa hae sa topollo, empa mohlala oa hae o nthusitse haholo. Bophelo ba hae bo sebeletsa e le mohlala oo ke tlamehang ho o etsisa.”
Haeba ka ʼnete re leboha, na re ke ke ra rata ho latela mohlala oa Jesu oa boikokobetso, ho ipea ka fatše, le lerato la ho intša sehlabelo? Haeba ka molomo u re, “E!” boitšoaro le liketso tsa hao li arabela joang? Ka mohlala, batho ba bangata ba ka itšoara joang ha ba neoa kabelo e hōlisang borapeli ba ʼnete empa e hloka boikokobetso le ho intša sehlabelo ka tsela e itseng, joaloka ho koropa lifuluru tsa sebaka se sebelisetsoang liboka tsa Bokreste? U ne u tla itšoara joang? Na ka baka la kananelo ea hao ka Jesu le ka Ntate oa hae oa leholimo, u ne u tla ithaopela ho amohela kabelo eo le hoja ba bangata ba ne ba tla e talima e le e nyatsehang le e sa thabiseng? Jesu o ile a ikokobetsa ka ho etsetsa ba bang mosebetsi o kang oo.—Johanne 13:2-17; Ba-Filippi 2:7, 8.
A ke re nahane ka mohlala o mong. Ho se utloisisane pakeng tsa batho hangata ho hlahisa mantsoe a hlabang le maikutlo a bohloko. Batho ba bangata ba ne ba tla etsa eng haeba ba le ka kamoreng e tletseng batho empa ho na le e mong ea ba khopisitseng haholo? U ne u tla etsa eng? Na ka baka la ho leboha Jesu le Jehova, u ne u tla ithaopela ho nka mohato oa pele ho lokisa phapang le ea u khopisitseng, ka moea o khutsitseng le o bonolo? Jesu le Ntate oa hae oa leholimo ba entse joalo bakeng sa batho ba baetsalibe.—Ba-Roma 5:6-10; 1 Johanne 4:9-11.
Ho phaella tabeng ea hore Jesu o tetse khanya ea hae ea leholimo ka hore a fetohe motho le ho nehela bophelo ba hae lefatšeng e le Molopolli oa batho lefatšeng, o etselitse batho tšebeletso e ke keng ea lekanngoa ka thuto ea hae. Ha ho na motho ea bileng le tšusumetso e matla ho batho bakeng sa molemo joaloka Jesu Kreste. E bile tichere eo ho se nang e tšoanang le eona. O rutile batho ka lebitso la Molimo, botho, merero, le thato ea oona bakeng sa libopuoa tse batho.—Johanne 7:45, 46.
Mohlala o totobetseng haholo oa thuto ea hae e bile Thuto ea Thabeng. Thutong eo Jesu o boletse polelo e fetohileng molao o moholo: “Kamehla u tšoare ba bang joaloka ha le uena u ka rata ba u tšoara.” (Mattheu 7:12, The New English Bible) hape o boletse melao e ’meli e meholo: ‘Ho rata Jehova Molimo ka pelo eohle ea hao, moea, mohopolo, le matla, le ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’ (Mareka 12:29-31) Hape thuto e ʼngoe e sa lokelang ho tlōlisoa mahlo ke boprofeta ba hae, boo ho phethahala ha bona ho bontšang ka ho hlakileng nako eo re leng ho eona lenaneong la Molimo la ho bala nako.—Mattheu, likhaolo 24 le 25.
Jesu o tšehelitse thuto ea hae ka liketso, a fana ka mohlala o phethehileng oo re ka o latelang. O qalile tšebeletso ea hae ka ho inehela ka ho feletseng ho etsa thato ea Ntate oa hae le ho tšoantšetsa seo ka ho kolobetsoa metsing. Jehova o mo rometse lefatšeng, haholo-holo ho tla fana ka bopaki ba ’nete. Pele Jesu a e-shoa, a re ho Ntate oa hae: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ʼneile oona hore ke o etse,” le “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u neileng bona lefatšeng.”—Johanne 17:4, 6.
Sepheo sa Jesu e ne e le hore ba bang ba etsise mohlala oa hae. Sena se totobala mantsoeng a hae le a ba bang. “Ntateleng,” le “Ntatele,” Jesu o boletse seo ho Mattheu 4:19 le 19:21. “Hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng,” “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste,” ho ngotse baapostola Petrose le Pauluse.—1 Petrose 2:21; 1 Ba-Korinthe 11:1.
Haeba u tsoela pele ho itloaetsa lithuto tsa hae, u tla bontša hore u leboha seo Jesu Kreste a u etselitseng sona e le Tichere e Moholo le Mohlala. Sena se tla u hloka hore u ithute Lentsoe la Molimo kamehla, haholo-holo Mangolo a Bakreste a Segerike, ao re fumanang lithuto tsa Jesu ho oona. Erekaha u tla hloka thuso ho utloisisa le ho ananela seo u se balang, ho ka ba bohlale hore u iphumanele lithuso tsa ho ithuta Bibele tse hatisitsoeng ka morero ona.a Hape, leka ka hohle ho sebelisa seo u ithutang sona bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi. E, liketso tse nepahetseng lia hlokahala. Jesu o hlokometse: “Hase bohle ba reng ho ʼna: Morena! Morena! ba tlang ho kena ʼmusong oa maholimo’ empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Mattheu 7:21; 4:17; Luka 4:17-21.
Etelletsa Borapeli ba Jehova Pele
Kajeno batho ba kaholimo ho 1 056 000 000 ba ipolela hore ke Bakreste. Empa teboho ea bona ka seo Jesu a ba etselitseng sona e fokola haholo! Ho bonahala ba bangata ba ikutloa hore ho lokile ha ba ea kerekeng habeli ka selemo, matsatsing a maholo a phomolo a Bokreste-ʼmotoana. Ba bang ba re, ‘Ke rata Molimo kahobane ke lumela Melaong e Leshome.’ Empa ke ba bakae ba e bolokang? Molao oo o phethahetseng, o kileng oa tlama sechaba sa boholo-holo sa Baiseraele, o ne o etelletsa borapeli bo nepahetseng ba Jehova Molimo pele, haholo-holo melao ea pele Melaong eo.—Exoda 20:1-11, NW.
Ke batho ba bakae ba ipolelang hore ke Bakreste bao ka ʼnete-nete ba etsisang mohlala oa Jesu ka ho sebelisa metheo ea Melao e Leshome bophelong ba bona ba letsatsi ka leng? Na ba nea Molimo “borapeli bo khethehileng,” kamoo ho neng ho hlokahala kateng molaong oa bobeli? Joaloka Jesu, na ba senola lebitso la Molimo ka tsela e nepahetseng, karolo e neng e hatelloa ke molao oa boraro? Bakreste ba ʼnete hase batho ba molemo feela empa hape ba etelletsa borapeli ba Jehova pele bophelong ba bona.—Mattheu 6:33.
Bakreste ba bangata ba joalo ba seli ka hore ho bokana hammoho ke karolo ea borapeli ba Molimo. Na u kile ua nahana ka taba ea ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste e le pontšo ea ho leboha? Moapostola Pauluse o ne a ikutloa joalo. Khaolong ea 10 ea lengolo la hae le eang ho Baheberu o bontšitse hore o ne a ikutloa joalo. Hape a senola kotsi ea ho iphapanya liboka tsa Bokreste. Boikutlo bo joalo bo ka etsa hore Mokreste a nyahame le ho nyopa mesebetsing e molemo ea tumelo. Athe ba bang, kananelo ea bona ka tsela ea Molimo ea poloko ka Kreste e-ea fokotseha. ʼMe haeba ba sa alose tumelo ea bona, ho ka fella ka hore ba etse sebe sa ka boomo, esita le bokoenehi. Hona e ne e tla ba ho tšoara mpho ea Molimo e le “ntho feela,” kapa ntho e tloaelehileng, nyeliso ho Jehova le Jesu.—Ba-Heberu 10:23-31.
Hlokomela temoso ea Pauluse ka ba sa nyeliseng feela liboka empa hape ba latola mpho ea Molimo ea poloko. “Ea neng a nyelisa molao oa Moshe, o na a bolaoa, ho se mohau ka polelo ea lipaki tse peli, leha li le tharo; ha le bona, eo e leng ea hataketseng Mor’a Molimo ka maoto, ea entseng mali a selekane ao a hlatsoitseng ka ʼona ntho feela, ea nyefotseng Moea oa mohau, eena o tla lekanngoa hoba o tšoaneloa ke kotlo e fetisang hakakang!”—Ba-Heberu 10:28, 29.
Molao e ne e le mpho ea Molimo ka Moshe. Ka hona Pauluse o hopotsa babali ba hae hore haeba banyefoli ba sa bakeng ba Molao o fanoeng ke Molimo ba ne ba bolaoa, kotlo e tla ba khōlō haholo ho ba nyefolang mpho e khōlō haholo ea Molimo ka Jesu Kreste, Moshe e Moholo. Ba nyefolang Mor’a Molimo ea fanoeng e le Mopholosi oa bona ʼme ba nyelisa sehlabelo sa hae ba tšoaneloa ke “lefu la bobeli”—kotlo e bohloko eo ho se nang tšepo ea tsoho ho eona.—Tšenolo 21:8; Deuteronoma 13:6-10; 17:2-7.
Pauluse o bontša seo motho ea se nang teboho oa moetsalibe oa ka boomo kapa mokoenehi a fetohileng sona. Motho ea joalo o nyefotse ka litsela tse tharo. Ea pele, ‘o hataketse Mor’a Molimo ka maoto.’ O talima Jesu e le sera sa hae, hobane bahlōli ba boholo-holo ba ne ba hatakela melala ea lira tsa bona tse hlōtsoeng ka maoto, kapa o talima Jesu ka nyefolo, hobane batho ba hatakela ka maoto seo ba se nyelisang. (Bapisa Mattheu 7:6.) Ea bobeli, ‘o entse mali a selekane ao Jesu a hlatsoitsoeng ka “ʼona ntho feela.” O nyefola ntho eo a hloekisitsoeng ka eona (mali a Kreste). O talima mali ao, a tiisang selekane se secha, a sa fete le hanyenyane a batho ba sa phethahalang, e le ntho e sa halaleleng. Ea boraro, ‘o nyefotse moea oa mohau.’ O nyefotse matla a Molimo a sebetsang, ka boomo o hanyetsa tšusumetso ea Jehova, a bolela hore ke ntho feela ʼme ha e na thuso ho eena.—Ba-Efese 4:30.
Liketso tse joalo tsa nyeliso li ka qojoa haeba kamehla re hlonepha mpho ea Molimo ea poloko. Liboka tsa Bokreste ke tsela e tla re thusa ho boloka hlompho e nepahetseng. Erekaha Jehova le Jesu ba teng libokeng tseo ka tsela e sa bonahaleng, Bakreste ba nang le teboho ba ke ke ba ba nyelisa, joalokaha ho etsa bakoenehi, empa ho e-na le hoo ba tla etsa sohle se khonehang hore ba be libokeng tseo kamehla.—Bapisa Malakia 3:16; Mattheu 18:20.
Ka hona, leboha seo Jesu a u etselitseng sona. Sebelisa tumelo ea sebele sehlabelong sa topollo sa hae. Etsisa mohlala oa hae litšebelisanong le ba bang. Etelletsa borapeli ba Ntate oa hae Jehova Molimo pele bophelong ba hao. Ka tsela ena u ka re: “A re leboheng Molimo ka mpho ea hae e ke keng ea lekanngoa” ea mosa oa hae o sa tšoanelang ka Jesu.—2 Ba-Korinthe 9:15, TLP.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, re buella buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantso se leqepheng la 6]
Litsela tseo u ka bontšang hore u leboha Jesu