Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Katoloso ea Puso ea Molimo Venezuela
HO NE ho le matsatsi mocheso e le o tabolang hlooho. Ba fetang ka tsela ba ne ba hlolloa ke ho bona banna ba sebetsang har’a letsatsi le chesang ka ho fetisisa ha batho ba bang ba ne ba ka mpa ba ikhethela ho khatholoha moriting kapa matlong a hatselitsoeng. Butle-butle, sebopeho sa mohaho o mocha sa qala ho bonahala. Ka likhoeli tse tharo le halofo, banna ba ne ba phethile mohaho oa mekato e mene—keketso e ncha mohahong oa lekala oa Watch Tower Society La Victoria, Venezuela.
Hantle-ntle lena e ne e le lekhetlo la bobeli leo ka lona lekala la Venezuela le neng le atolosoa ho tloha ha le theoa ka 1946, ha ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 13 feela naheng eo. Ka 1977 palo ea bona e ne e phahametse ho ba fetang 13 000. Ka baka leo, mohaho o mocha oa lekala o ile oa phethoa oa ba oa khakoloa La Victoria hona selemong seo. Ho tloha ka nako eo, palo ea Lipaki tsa naha eo e ’nile ea imena ho feta habeli. E ne e le nako ea hore ho atolosoe hang hape.
Katoloso e ncha (e ka letsohong le letona morao setšoantšong), sebaka sa eona fatše ke limithara tse 1 900 tse lekanang kahohle (20 000 sq ft), se nka ho fetang habeli kakaretso ea boholo ba lekala. Tsela ea makoloi e ho elella haholo ka letsohong le letona e isa karacheng ea makoloi a 15 e ka tlaase ho mohaho. Khatiso e tlositsoe mohahong oa 1977 (mohaho o molelele o hare) ho isoa mohahong o ka tlaase oa keketso e ncha, moo ho nang le libaka tsa botei le bobetli le liofisi tse ling. Karolo e saletseng ea mohaho o mocha ke sebaka sa bolulo bakeng sa lelapa la Bethele.
Mohaho o mocha o hlomelletsoe ka tanka ea oona ea metsi le mochine o fehlang motlakase bakeng sa haeba o ka tima, kaha likhaello tsa metsi le ho tima hoa motlakase li tloaelehile karolong ena ea lefatše. ’Me hore ba rue molemo oa letsatsi le khanyang kamehla le moea o pholileng, sebaka sa ho hlatsoetsa se ka holimo mohahong.
Batho ba moo ba na le maikutlo afe ka mohaho oo o mocha? Le hoja ba bang ba llela ho senngoa hoa serapa se setle se neng se le moo, ba bangata ba ikutloa hore mohaho o ekelitse ponahalo e hlomphehang sebakeng seo. Moetsi e mong oa lipolane ea tsebisahalang, ea ileng a utloa ho buuoa haholo ka mohaho ona, hoo a bileng a tla ho tla ichebela oona, o itse ho baena: “Ona ha ho pelaelo hore ke mohaho o motle ka ho fetisisa o entsoeng La Victoria.” Ea ileng a khahloa ka ho tšoanang, ke moenjiniere oa ’m’asepala, eo ka thabo a ileng a ntša tumello ea hore mohaho o ka sebelisoa, ’me a re: “Ke tlotla ho fana ka tumello ea ho sebelisa mohaho o kang ona.”
Lipaki tsa Venezuela li ile tsa thaba ka la 21 ’Mesa, 1985, ha ba 15 802 ho bona ba bokana Valencia e haufi le moo bakeng sa ho khakola, ’me ba 38 059 ba bokana metseng e meng e mehlano ho mamela lenaneo ba hokahantsoe ka mehala. Palo eo ea ba bileng teng, e feta hole palo-khōlō ea bahoeletsi ba naha. Ba leboha ba bile ba thabetse tokisetso ena ea Molimo eba hlomellang hamolemo bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka ho phethahetseng pele ho e-tla bofelo ba tsamaiso ena.—Mattheu 24:14.