Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/1 maq. 15-20
  • Matšeliso Bakeng sa Baboloki ba Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso Bakeng sa Baboloki ba Botšepehi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hopola Lebaka le Setšabelo
  • Baboloki ba Botšepehi Baa re Khothatsa
  • Matšeliso a sa Hlōloeng
  • Ho Tšelisoa ke Lentsoe la Molimo
  • Lula U Tšepile Molimo oa Matšeliso
  • Thabisa Pelo ea Jehova ka ho Boloka Botšepehi!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na U Tla Boloka Botšepehi ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Baboloki ba Botšepehi ba Lekholo la Bo20 la Lilemo Baa Bokana!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Botšepehi ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/1 maq. 15-20

Matšeliso Bakeng sa Baboloki ba Botšepehi

“U ntšehelitse ka lebaka la botšepehi ba ka.”—PESALEME EA 41:12, NW.

1. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba hloka ho tšelisoa?

LIPAKI tse bolokang botšepehi tsa Jehova li hloka ho tšelisoa hobane lia hlorisoa. Koana, li lokela ho lebella liteko tse joalo, hobane Jesu Kreste o itse ho balateli ba hae: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Ke hona joale haholo-holo moo batho ba Jehova ba hlokang matšeliso. Hobane’ng? Hobane Satane Diabolose, morobi oa pele oa botšepehi, o lihetsoe sebakeng sa lefatše, ’me nako ea hae ha e sa le ekae. Kahoo, o eme ka lekhetlo la ho qetela e le mohlabani khahlanong le Molimo le bahlanka ba Oona.—Tšenolo 12:7-9, 17.

2. Bakreste ba ikutloa joang ka mahlomola a balumeli bahabo bona?

2 Joaloka bahlanka ba Jehova, re rapella ka matla baena ba rōna le bo-khaitseli ba tlamehang ho sebetsa tlas’a thibelo kapa ba sokeloang le ba tlatlapuoang ke bahlorisi. (Liketso 12:1; 2 Ba-Thessalonika 1:4) Re babatsa Bakreste ba mamelletseng ka botšepehi lithohako tse tsoang ho bakoenehi le ba bang. (Mattheu 5:11) Re amehile ka lerato bakeng sa balumeli hammoho le rōna ba hanyetsoang ke beng ka bona kapa ba phelang malapeng a arohaneng bolumeling. (Mattheu 10:34-36) ’Me qenehelo ea rōna e tlohang botebong ba pelo e ho baboloki ba botšepehi ba likooa le liqhoala. Empa molato oa mahlomola aa oohle ke ofe? ’Me ho na le matšeliso afe bakeng sa banna le basali ba tšepahalang?

Hopola Lebaka le Setšabelo

3. Satane o sebelisa mahloriso ka boiteko ba ho etsa’ng?

3 E-bang ke ka batho kapa ke ka bademona, Diabolose o batla ho “harola” Bakreste. (1 Petrose 5:8) E, Satane o sebelisa mahloriso le mathata a mang ha a leka ho senya kamano ea rōna le Jehova Molimo, ho re etsa balotsana ba robang botšepehi. Empa ho sena sohle, na ha re na boitšireletso? Re na le bona ka sebele!

4. Ha ba talimane le mahloriso le litšenyo tse ling, baboloki ba botšepehi ba ka tiisa eng?

4 Jehova e tla ba Setšabelo sa rōna haeba ka thapelo re batla thuso ea hae. Ha re tlakiloe ke mahloriso le litšenyo tse ling, re ka hooa ho eena joaloka mopesaleme Davida: “Nkhauhele, Molimo, u nkhauhele! Hobane moea oa ka o ipatlela setšabelo sa oona ho uena, ke balehela moriting oa mapheo a hao, litšenyo tsena li be li fete.” (Pesaleme ea 57:1) Joaloka baboloki ba botšepehi, re ka tiisa hore, nakong ea teng, topollo e tla tsoa ho Jehova, Setšabelo sa rōna. ’Me re ka ba le tšepo e kang ea Davida ha a ne a re thapelong ho Molimo: “U ntšehelitse ka lebaka la botšepehi ba ka, ’me u tla mpea pel’a sefahleho sa hao ho fihlela ka nako e sa tsejoeng.”—Pesaleme ea 41:12, NW.

5. Bakreste ba hlorisoang ba hloka tšoaneleho efe, ’me re na le tšepo efe?

5 Leha ho le joalo, kaha liteko li ka ’na tsa nka nakoana, ho hlokahala hore re hlaolele mamello. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Baheberu ‘hore ba ’ne ba hopole mehla ea pele, eo ba hlileng ba mamella ntoa e kholo ea bohloko.’ A ngola ho ea pele: “Le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng.” (Ba-Heberu 10:32-36) Bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng, phethahatso ea tšepiso ea Molimo e tla tlisa moputso oa bophelo ba ho se shoe leholimong. Empa bakeng sa “bongata bo boholo,” ho na le tebello ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše. (Tšenolo 7:9; Luka 23:43) Ka sebele, ho bolokehela bophelo bo sa feleng ho bonolo bakeng sa bohle ba mamellang ho ea qetellong e le baboloki ba botšepehi.—Mareka 13:13.

6. Ke hobane’ng ha ba bang har’a Lipaki tsa Jehova ho hlokahala ka ho khethehileng hore ba be le mamello, ’me ba na le thuso efe?

6 Ka mashome a lilemo, Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling li ile tsa ‘hloka ho ba le mamello’ ka mokhoa o khethehileng. Hobane’ng? Hobane li ile tsa tlameha ho ntšetsa pele tšebeletso ea tsona e halalelang tšimong e thata kapa har’a mathata a fapa-fapaneng, a akarelletsang lithibelo tsa mebuso. Mohlomong uena ka bouena u lokela ho mamella ho kula kapa khanyetso ea lelapa telekisong ea hao ea Bokreste. Liteko tse joalo li ka thibela ba itšetlehileng ka matla a bona a botho feela, empa ha li thibele Lipaki tsa Jehova hobane ‘thuso ea bona e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.’—Pesaleme ea 121:1-3.

7. (a) Liteko tse tsoelang pele li re fa monyetla oa eng? (b) Ke hobane’ng ha re ka lumela se boletsoeng ke Pauluse ho Ba-Filippi 4:13?

7 Mohlomong maemo a mang a tla lokeloa ke hore a mamelloe ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. Empa liteko tse tsoelang pele li re nea monyetla oa ho paka botšepehi ba rōna ho Molimo le ho thabisa pelo ea oona. (Liproverbia 27:11) Ka nako e tšoanang, Jehova o fana ka matla a hlokahallang ho mamella ka botšepehi. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13) Mantsoe ao a tiisetso, u ka a lumela, hobane a ipaka hore ke ’nete nako le nako tabeng ea ‘banab’abo rōna bohle ba lefatšeng.’—1 Petrose 5:9, 10.

Baboloki ba Botšepehi Baa re Khothatsa

8. Bontša kamoo baboloki ba botšepehi malapeng a arohaneng ba ka ’nang ba hlohonolofatsoa.

8 Ke mohloli oa khothatso e khōlō ho bona ha ‘banab’abo rōna lefatšeng’ ba bolokile botšepehi. Ba bang ho bona ba putsitsoe haholo ka lebaka la ho boloka botšepehi ba bona ho Jehova malapeng a arohaneng. Ka mohlala, ha ho qalisoa thuto ea Bibele le mosali e mong oa Mok’hatholike oa Ireland, monna oa hae o ile a bontša khanyetso e bohale ’me a tšosa mosali ka hore o tla mo hlala. Leha ho le joalo, mosali a tsoela pele ka thuto ea hae, ’me ka letsatsi le leng a fa monna oa hae kopi ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Monna o ile a khahloa ke ho hlaka hoa eona, ho toba hoa eona le litšoantšo tse ntle. Monna a phakisa a ithuta Bibele ka thuso ea buka ena. A tlohela ho tsuba, ’me nakoana kamorao ho moo banyalani bana ba itokolla Kerekeng e K’hatholike ’me ba senya litšoantšo tsa bona tseo ho thoeng ke tse halalelang. Kamor’a nakoana, mosali a kolobetsoa ’me o ne a kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang, ha monna oa hae a ne a tsoela pele hantle tšebeletsong. Liphihlelo tse joalo e ka ba khothatso ea sebele ho ba malapeng a arohaneng ba phehelletseng e le baboloki ba botšepehi.—1 Ba-Korinthe 7:12-16.

9. Baboloki ba botšepehi ba likooa ba ka thusa ba bang joang?

9 Baboloki ba bang ba botšepehi ba ipakile ba tšepahala ho sa tsotellehe bokooa. Brithani, Mokreste e mong ea holofetseng eo leha ho le joalo a tlamehang ho sebelisa setulo se mabili, o fumana ho phethahala ho hong tšebeletsong ea hae. O ile a ngola: “Le hoja ke bile ea ke keng a sebetsa mosebetsi oa boipheliso ho tloha ka 1949, Jehova o khahliloe ke ho ntšebelisa ka nako ena eohle. Ka hona lilemo li feta ka potlako. Ke ithutile hore le motho ea holofetseng haholo a ka sebeletsa ba bang haholo. ’Na le mosali oa ka re bile ba kang litšiea bakeng sa ba fapa-fapaneng ka phuthehong. Ka lebaka la maemo a rōna, re teng kamehla, ’me re fumaneha kamehla.” E, ho se be Mokreste oa sekooa ea nyahamang, hobane e ka ba mohloli oa khothatso ho ba bang.

10. Ka ho se inehele mahlorisong, baboloki ba botšepehi ba ka thusa balumeli ba bang joang?

10 Baboloki ba botšepehi ha ba inehele mahlorisong. Moena e mong ha a ne a kentsoe litlamong ka lebaka la ho se nke lehlakore hoa Bokreste, o itse: “Lichapo . . . ea e-ba karolo ea kamehla ea bophelo ba ka, li eketseha ka palo le ka matla. Ke ne ke tšerema letsatsi le leng le le leng, kaha ba ne ba atisa ho ntima lijo. Nako le nako ke ne ke rapela Jehova, ’me nka re ha a ka a ntahla. Ha ba ntse ba nchapa haholoanyane, eaba ke ntse ke sa ho utloe haholoanyane.” Le hoja paki ena ea Jehova e ne e ahloletsoe nako e fetang lilemo tse peli, e ile ea boloka ho se nke lehlakore hoa eona. (Esaia 2:2-4; Johanne 15:19) Baboloki ba bang ba bangata ba botšepehi ba nkile boemo bo tšoanang. Ka sebele, ho boloka botšepehi ho joalo ho fana ka mohlala o khothatsang o ka susumelletsang balumeli ba bang hore ba tšepahale.

Matšeliso a sa Hlōloeng

11. Ke tiiso efe ea Mangolo ea matšeliso eo Bakreste ba nang le eona?

11 Liphihlelo tsena ke tse seng kae feela har’a tse ngata tse pakang hore Jehova o na le batho ba hae ba tšepahalang. Ke “Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.” (2 Ba-Korinthe 1:3, 4) E, “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisang litsietsing.” (Pesaleme ea 46:1-3) Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore o tla re matlafatsa le balumeli bahabo rōna mahlomoleng ’ohle a rōna.

12. Tsela ea Pauluse ea ho boloka botšepehi e ile ea ama Bakreste bahabo joang?

12 Re khothatsoa ke ho bona barapeli bahabo rōna ba Jehova ba mamella e le Bakreste ba tšepahalang ho sa tsotellehe mathata a fapa-fapaneng. Ke sona se etsahetseng ha ba bang ba hlokomela botšepehi ba moapostola Pauluse. O ngotse: “Tse ntlhahetseng li thusitse haholo ho ntšetsa Evangeli pele. Ho tlangoa ha ka . . . ho bile ha tuma hohle . . . ’me joale, ba bangata ho banab’abo rōna Moreneng ba ekelelitsoe matla a ho bolela lentsoe la Molimo, ba se na tšabo.”—Ba-Filippi 1:12-14.

13. Ho boloka hoa rōna botšepehi ho ka ba le phello efe?

13 E, ha re tseba hore lipaki tse ling tsa Jehova li boloka botšepehi ho eena har’a mahloriso, re matlafatsoa hore re ’ne re tšepahale. Ka lehlakoreng le leng, ha rōna ka borōna re boloka botšepehi tlas’a teko, re khothaletsa ba bang hore ba bue lentsoe la Molimo ba sa tšabe. ’Me ka sebele re ka khotsofalla ho tseba hore ho tšepahala hoa rōna ke mohloli oa khothatso le tlhohonolofatso ho bona.

14. Mekhoa e ’meli ho eo Jehova a re tšelisang ka eona ke efe?

14 Jehova o re boloka ka moea oa hae o halalelang. Ha e le hantle, joalokaha Petrose a ngotse, ‘ha re nyefoleloa lebitso la Kreste, re lehlohonolo; hobane Moea oa khanya, Moea oa Molimo, o lutse holim’a rōna.’ (1 Petrose 4:12-16) Molimo o boetse o re tšelisa le balumeli bahabo rōna ba mahlomoleng ka hore o arabele lithapelo tsa rōna. Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:6, 7) Na u na le tšepo e joalo ho “ea utloang merapelo”?—Pesaleme ea 65:2.

Ho Tšelisoa ke Lentsoe la Molimo

15. U ka bontša joang bonnete ba Ba-Roma 15:4?

15 Lentsoe le halalelang la Molimo le lona ke mohloli oa matšeliso a maholo. Joalokaha moapostola Pauluse a hlokometse: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ka mohlala, ha re bala ka topollo ea mohlolo ea Baiseraele Egepeta kapa ka ho bolokoa hoa Bajode mehleng ea Mofumahali Esthere, na hoo ha ho matlafatse tšepo ea rōna ho Jehova e le Molopolli eo ho seng ea kang eena? Ho thoe’ng ka tlaleho ea Jobo ea ho boloka botšepehi har’a litšitiso? Ka sebele, hona ho bontša kamoo bahlanka ba kajeno ba Jehova ba ka mamellang mahlomola ka matla a fanoang ke Molimo. “Ho tšelisoa ke mangolo” ka sebele ho ka tlatsa baboloki ba botšepehi ka tšepo le khothatso.

16. Ke tiiso efe e tšelisang e fumanoang ho 1 Petrose 5:6, 7 le 1 Ba-Korinthe 10:13?

16 Empa ho thoe’ng haeba mathata a rōna a re etsa hore re ikutloe re nyahame? Ka sebele, tiiso e tšelisang ea Mangolo e ka re etsa hore re ikutloe re sireletsehile tlhokomelong ea Jehova ’me e ka re thusa ho bebofatsa ho tepella hoa rōna. Moapostola Petrose o ngotse: “Le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lona holim’a oona; hobane oa le hlokomela.” (1 Petrose 5:6, 7) E, Jehova ‘oa u hlokomela.’ Ke khopolo e tšelisang hakaakang! Ha ho letho le ka etsahalang leo a sa le boneng kapa leo a ke keng a le laola. Ho feta moo, Pauluse o fane ka tiiso ena: “Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” (1 Ba-Korinthe 10:13) Joaloka motho ea ikemiselitseng ho ba ’moloki oa botšepehi, u ka itšetleha ka seo!

17. Ke litokisetso life hape tse teng bakeng sa ho re tšelisa?

17 Ho ithuta ka thapelo Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa Bokreste tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” e ka ba matšeliso linakong tsa ho tepella. (Mattheu 24:45-47; Pesaleme ea 119:105) Ho ka ba joalo le ka keletso e molemo ea Mangolo e tsoang ho baholo ba mosa ka phuthehong. Har’a lintho tse ling, ba biletsoa ho ‘tšelisa ba pelo li tepeletseng, ba tiise ba fokolang, ’me ba be le mamello ho bohle.’—1 Ba-Thessalonika 5:14.

18. Haeba re e-na le lintho tse nyenyane tse bonahalang, re na le matšeliso afe?

18 Empa re ka tšelisoa ke eng haeba matlotlo a rōna a bonahalang a le manyenyane? Ka sebele ke ho tšelisang ho tseba hore ho tla ba le matlo a matle, lijo tse ngata le mahlohonolo a mang a bonahalang Taolong e Ncha ea Molimo. (Pesaleme ea 72:16; 2 Petrose 3:13; bapisa Esaia 65:17-25.) Empa leha e le hona joale, bophelo ba Bokreste bo felisa ho senya chelete ka ho tsuba ho kotsi, botahoa, papali ea chelete, le tse joalo. Chelete e bolokiloeng ka tsela e joalo e ka sebelisetsoa ho ruisa lelapa la motho molemo. Ho latela Lentsoe la Molimo ho ka boetse hoa re thusa ho khotsofalla lintho tse seng kae tse bonahalang. Pauluse o ne a le joalo, hobane o itse: “Borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. Hobane ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:6-8; Ba-Filippi 4:11, 12) Ho bea likelello tsa rōna litokelong tsa rōna tšebeletsong ea Jehova, ho fella ka mahlohonolo a mangata a re etsang ba enneng ka sebele.—Liproverbia 10:22.

19. Ho kula ka nako e telele ho ka mamelloa joang?

19 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re tlameha ho mamella boqhoala? Hona ho ka mamelloa ka thuso ea Jehova le matšeliso a fanoang ka Lentsoe la hae. Ka mohlala, mopesaleme Davida o itse: “Ho lehlohonolo ea hlokomelang ea lesitsi! . . . Jehova o tla mo tšehetsa, ha a le liphateng tsa boloetse.” (Pesaleme ea 41:1-3) Ena hase nako ea lipheko tsa mohlolo. Empa Jehova o nea Bakreste ba kulang bohlale le matla tse hlokahallang ho sebetsana le ho kula hoa bona ha ba etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong.—Mattheu 6:33; 2 Ba-Korinthe 12:7-10.

20. Re ka loana ka katleho joang le mahlomola a ho shoa hoa moratuoa?

20 Re ka loana joang ka katleho le bohloko bo utluoang ka lefu la moratuoa? Matšeliso a ka fumanoa tšepong ea Bibele ea tsoho. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Kahoo, le hoja re soabisoa ke ho shoa hoa moratuoa, ha re ‘hlomohe joale ka ba se nang tšepo.’ (1 Ba-Thessalonika 4:13) Tšepo ea tsoho e tšelisa baboloki ba botšepehi hakaakang!

Lula U Tšepile Molimo oa Matšeliso

21. Mahloriso a mamelloang a atisa ho fella ka eng?

21 Kholiseha hore Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” a ke ke a lahla batho ba hae ba inehetseng le ba tšepahalang. (2 Ba-Korinthe 1:3; Pesaleme ea 94:14) Hape hoa thusa ho hopola hore mahloriso a mamelloang ke Bakreste a ka tlotlisa, kapa a rorisa Molimo. Tšoaro e joalo e etsa hore batho ba oona ba hlokomelehe le tšebeletso ea bona ea ho bolela ka ’Muso. ’Me hona ho atisa ho fella ka keketseho e khōlō palong ea barorisi ba Jehova.—Bapisa Liketso 8:4-8; 11:19-21.

22. Mabapi le botšepehi, re lokela bo ikemisetsa eng?

22 Kahoo, ka thuso ea Molimo, a re ikemisetseng hore re ke ke ra inehela manong a Satane a ho roba botšepehi ba rōna. Ka tumelo, e se eka re ka ’na ra tšepa Jehova. Le ka mohla re se hlokomolohe litsela tse ngata tseo a re hlohonolofatsang, a re tšehetsang, le ho re tšelisa ka tsona joaloka bahlanka ba hae. E se e ka re ka paka boinehelo ba rōna ho eena le melao ea hae e lokileng, re phahamisa borena ba hae. Hape, hopola hore ena ke taba ea botho haholo. Tsoela pele ho etsa thato ea bomolimo ha u sebetsa le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova mehleng ena ea bohlokoa. Thabela tokelo ea hao ea ho thabisa pelo ea Jehova ka ho lula u tšepahetse ho eena, ’me le ka mohla u se lebale hore ha a sitoe ho fana ka matšeliso ho baboloki bohle ba botšepehi.

Karabelo Ea Hao Ke Efe?

◻ Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba hloka ho tšelisoa ka ho khethehileng?

◻ Ke hobane’ng ha Satane a sebelisa mahloriso khahlanong le Bakreste?

◻ Baboloki ba botšepehi ba ka re khothatsa joang?

◻ Lentsoe la Molimo le ka re tšelisa joang?

◻ Petrose oa Pele 5:6, 7 le Ba-Korinthe 10:13 li re tiisetsa eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Satane o batla ho harola bahlanka ba Jehova, empa re na le boitšireletso

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jehova o arabela lithapelo tsa baboloki ba botšepehi. Na u rapela kamehla?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela