Bibele le Bokamoso ba Hao
KE HOBANE’NG ha Mongoli oa Bibele, Jehova Molimo, a ka profeta bokamoso ka nepo ha motho a sitoa? Ka mabaka a mabeli. Jehova o matla ’ohle. Hape o tseba tsohle. Motho ha a joalo.
Jehova o itse ho Abrame (Abrahama) lilemo tse ka bang 4 000 tse fetileng, “Ke ’na Molimo o matla ’ohle.a Tsamaea pel’a ka, u be khabane; ’me ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le uena, ke u atise haholo-holo.” Ha Abrahama a le lilemo tse 99 ’me mosali oa hae ea senang bana Sara a le ka tlaase ho eena ka lilemo tse 10, Jehova a profeta hore Abrahama e tla ba “ntat’a letšoele la lichaba.” (Genese 17:1-4) A le matla ’ohle—ea phahametseng tsohle—Jehova a sebelisa matla a hae ho hlōla bothata bofe kapa bofe bo neng bo ka sitisa phethahatso ea tšepiso ea hae ho Abrahama, a etsa hore mopatriareka eo e be ntat’a Isaaka. Kamor’a nakoana, Abrahama ea fela ea e-ba motsoali oa Baiseraele le ba bang.—Genese 21:1-3; 25:1-4.
Jehova o boetse o tseba tsohle, o bohlale bohle—o chatsi linthong tsohle. A ka bonela pele eng kapa eng eo a lakatsang ho e bona e sa le pele. Ka eena ho thoe: “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heberu 4:13.
Matla a maholohali a Molimo le tsebo ea hae e phahameng ka ho fetisisa li mo thibela ho fosa. Kamehla o profeta bokamoso ka nepo. Ka lebaka leo, o ne a ka re: “Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.” (Esaia 14:24) A re ke re hlahlobeng bo bong ba boprofeta bo bongata ba Bibele bo seng bo phethahetse.
Boprofeta bo Phethahetseng Nakong e Fetileng
Babilona e ne e kile ea busoa ke ’Muso o moholohali oa Assyria. Leha ho le joalo, ho e ka bang lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., motse o moholo oo o ne o fetohile motse-moholo o neng o bonahala o ke ke oa haptjoa oa ’Muso o moholo oa Babilona. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ka oona? “Babylona . . . o tla ba joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo. A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta.” Lentsoe la Molimo le ile la profeta joalo lilemo tse ka bang 100 pele Babilona e fetoha ’muso o matla oa lefatše le lilemo tse ka bang 200 pele e lihuoa ke Bamede le Bapersia. Ha ho motho le ea mong kajeno ea ka hanyetsang phethahatso ea mantsoe ao. Ka makholo a mangata a lilemo, motse o moholo oa Babilona e bile feela lesupi la mekolokotoane ea majoe. Babilona ha e sa le eo.—Esaia 13:19, 20.
Jerusalema oa lekholo la pele la lilemo C.E. e ne e le sebaka seo ho sona tempele e khanyang e neng e hahetsoe borapeli ba Jehova. Leha ho le joalo, Bibele e tlaleha mantsoe ana a Jesu Kreste ka Jerusalema le ka moloko oo o neng o mametse mantsoe a hae: “Hobane matsatsi a tla u oela holimo, ao bao e leng lira ho uena ba tla cheka lengope [“ba tla haha lekhoakhoa la lithupa tse motsu,” NW], ba u teele hare ka lona, ba u thibelle ka nģa tsohle; ba tla u lihela fatše, uena le bana ba hao ba ho uena, ’me ba ke ke ba lesa ha hao lejoe holim’a lejoe le leng.” (Luka 19:43, 44) Jesu o buile joalo ka 33 C.E., empa ha e’a ka ea e-ba pele ho 66 C.E. ha mabotho a Roma a likaliketsa Jerusalema. Le hoja ho ne ho bonahala hore ba tla hlōla, Baroma ba checha ba sa lebelloa ’me ba khutlela moo ba tsoang. Leha ho le joalo, ka 70 C.E., lebotho la Roma la boetse la teela motse hare, oo ka nako eo o neng o phethesela ka batho ba tlileng moketeng oa Paseka, ’me la o likaliketsa ka lekhoakhoa la lithupa tse motsu. Likhoeli tse ka bang hlano hamorao, Jerusalema ea sala e entsoe lesupi ’me ho nkoa hore ho bolailoe baahi ba eona ba ka bang 1 100 000.
Boprofeta bo Ntseng bo Phethahatsoa
Na u ka thabela mehlala ea kajeno ea boprofeta ba Bibele bo phethahalitsoeng? Jesu o profetile liketsahalo tse neng li tla tšoaea nako e neng e tla tsejoa e le ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1) Boprofeta bona bo etsa “pontšo” e rarahaneng—pontšo ea mehla ea qetello ea tsamaiso ea kajeno e khopo ea lintho. (Mattheu 24:3) Bopaki ba phethahatso ea boprofeta ba Jesu bo ’nile ba tota ho tloha ka 1914. Bonneteng, u bone phethahatso eo ka bouena. Mona ho latela litšobotsi tse ’maloa feela tse totobetseng tsa “pontšo” eo.
Bokamoso ba Lefatše—Na U tla ba Teng Ho Bona?
Ke eng e larileng ka pele? Bibele e sa na le boprofeta bo bong bo sa ntsaneng bo tla phethahatsoa. Har’a bona ke bo bong bo buang ka lefatše le tlositsoeng bokhopo ’me le siuoe le khanya toka. Na bokamoso bo joalo bo ea ipiletsa ho uena? Na u lumela hore Jehova o na le bohlale le matla a ho lokisa lintho naletsaneng ee? Haeba ho joalo, u tla rata ho nahana ka seo Bibele e se profetang bakeng sa bokamoso ba lefatše.
Bo Etse Bokamoso ba Hao
Hore hona e be bokamoso ba hao, u tšoanela ho nka bohato hona joale. Haufinyane, pele boprofeta bona bo boletsoeng bo phethahala ka ho feletseng, Jehova o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho Sofonia 2:3 Bibele e’a eletsa: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tsoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” Ka lebaka leo, sebelisa nako ea hao ka bohlale hona joale ho rua kutloisiso e nepahetseng ea Bibele le boprofeta ba eona e le hore u ka nka bohato molemong oa hao le oa baratuoa ba hao. Lipaki tsa Jehova li eme e le malala-a-laotsoe ho u thusa ho rua tsebo e eketsehileng ka bokamoso joalokaha bo senoloa ke Lentsoe la Molimo, Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolong a Seheberu, Jehova o bitsoa “Ea Matla ’Ohle” (Shad·daiʹ) ka makhetlo a 48, ho akarelletsa makhetlo a 7 moo a bitsoang “Molimo o Matla ’ohle” (’El Shad·daiʹ) ’me Mangolong a Segerike ka makhetlo a 10 o bitsoa “Ea Matla ’Ohle” (Pan·to·kraʹtor).
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Ntoa ea I ea Lefatše e qalile ka 1914 ’me qetellong ea kenyelletsa hoo e ka bang karolo ea 93 lekholong ea baahi bohle ba lefatše. Kajeno, mabotho a lefatše a sesole a 106 000 000, kapa lesole le le leng bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 43. Tlaleho e ’ngoe e itse: “Ha ho letho historing ea nako e fetileng le ka bapisoang le pokello ea kajeno ea matla a tšenyo lefatšeng, ’moho le tšokelo eo a e tlisetsang batho.”—World Military and Social Expenditures 1985.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea Lebotho la Sesole la U.S.
“Litlala li tla ba teng . . . ka nģa tse ngata.” (Mattheu 24:7) Ha e bua ka tlala, tlaleho ea 1985 e etselitsoeng Moifo o Itjereng Mathateng a Machaba a Boiketlo ba Batho e re: “Nakong ea tlala ea ho qetela ea boja-likata ea Afrika mathoasong a bo-1970, ho ne ho nahanoa hore Maafrika a limillione li mashome a robeli a ne a hlopshoa ke tlala e phehellang le khaello ea phepo e ntle. Palo eo joale ke limillione tse 100.”
[Tlhaloso ea Moo Setsoantso se Nkiloeng Teng]
Foto ea FAO/B. Imevbore
“Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:11) Sena se ipakile e le ’nete ho tloha ka 1914. Ka mohlala, tšisinyeho ea lefatše ea Kanto Japan e timelitse bophelo ba ba 142 800 ka 1923. Ho shoele ba ka bang 60 000 tšisinyehong e bileng teng Quetta, Pakistan, ka 1935. Tšisinyeho ea lefatše ea baka mafu a ba 66 700 Peru Leboea ka 1970. ’Me ka 1976 ba ka bang 800 000 ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše Tangshan, China.
“E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mareka 13:10) Ka 1985, Lipaki tsa Jehova li entse lihora tse ka holimo ho 590 000 000 li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse 205 le lihlopha tsa lihleke-hleke. Li khannile lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 2 379 000 ’me tsa siela batho ba thabelang libuka tse hlalosang Bibele le Libibele tse ka holimo ho 350 000 000.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
“Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla fana ka motheo bakeng sa pheliso e feletseng ea lihlomo lefatšeng. Khotso e tla rena!
“Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang, tsa moko, oa liveine tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.” (Esaia 25:6) Tlas’a taolo ea Molimo le tlhohonolofatso ea hae, lefatše le tla bea haholo. Tlala ha e sa tla ba teng!
“O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” “’Me ha ho motho ea ahileng . . . ea tla re: Ke bohloko!” (Esaia 25:8; 33:24) Ha ho lefu kapa bothata ba bophelo tse tla sita phekolo ea Molimo. O bile o rerile le ho ntša bafu bohle mabitleng. Ho tla thabisa ka sebele ho amohela baratuoa ba rōna!