Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
’Nete ea Bibele e Tlisa Bonngoe le Thabo Lelapeng
BANYALANI India e ne e le Iitho tsa kereke ea Bokreste-’motoana empa leha ho le joalo ba tsekisana kamehla. Hangata monna o ne a otla mosali. Ba leka ho bolaeana! Ka letsatsi le leng mosali a pheha ghee (botoro) ’me a e tlisetsa monna oa hae e se e ka ke tee empa a mo tšela ka eona sefahlehong. Qetellong, mosali a rera ho ipolaea.
Na ho na le ntho e neng e ka tlisetsa banyalani bao bonngoe le thabo? Ba bangata ba ka hana. Empa pele mosali a ipolaea, a etela morali oa hae le mokhoenyana oa hae. Ba ne ba le thutong ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Eaba o’a mamela, ’me pelo ea hae ea angoa haholo ke seo a se utloileng. Kamor’a thuto, a bolella Lipaki mathata a hae. Ba ’montša Bibeleng boikarabelo ba hae joaloka mosali. Ba teana le monna oa hae ’me thuto ea Bibele ea qalisoa le eena. Litholoana e bile life? Ha monna le mosali oa hae ba sebelisa metheo ea Bibele, mathata a bona a lelapa a fela. Joale banyalani bana ba entse tsoelopele e ntle haholo hoo joale ba nehetseng bophelo ba bona ho Jehova, le ho kolobetsoa.
Banyalani ba bangata ba fumane hore Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le na le tharollo mathateng a lelapa. Ka ho sebelisa keletso ea lona, e kang e fumanoang ho Ba-Kolosse 3:12-14 le Ba-Efese khaolo ea 5, ba hlōla mathata ana ’me ba fumana bonngoe le thabo.
◻ Mohlala o mong oa kamoo ’nete ea Bibele e ka kopanyang lelapa o tsoa Lebanone. Ka 1973 e mong oa Lipaki tsa Jehova a qala ho ithuta Bibele le lelapa motsaneng o itseng. Banana ba babeli, likhaitseli, motsaneng oo ba fihla thutong. Ha moruti oa moo a hanyetsa thuto, lelapa la khaotsa ho ithuta. Banana ba babeli ba tsoela pele ba ithuta ka mangolo, ba sebelisa aterese ea molamo oa bona. Kamor’a hore ba ithute lithuto mangolong a Paki, ba nka mangolo ’me ba a balisa molamo, le hoja monna oa hae a ne a hanyetsa haholo nakong eo. Lipotso tsa bona ba ne ba li botsa Paki ka lengolo.
Leha ho le joalo, khaitseli ea bona ea tsoela pele e ba hanyetsa. Ea tabola libuka tsa Bibele tsa bona le tsa mosali le ho chesa Libibele tsa bona. Empa ho sa tsotellehe thibelo ea lelapa, moruti, le ba bang motsaneng, banana ba tsoela pele ba ithuta. Hamorao, ba kolobetsoa. Seng sa bona sa qala ho ithuta Bibele le ho kolobetsoa. Khaitseli e neng e ba hanyetsa ea ithuta ’nete le ho kolobetsoa. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang phuthehong, ’me ke pula-maliboho oa kamehla. Qetellong ea 1985, litho tse 23 tsa lelapa lena li ne li ithutile ’nete le ho kolobetsoa!
Likhaitseli tseo tse peli li thabile hakaakang hore e be li ile tsa khomarela ’nete ho sa tsotellehe khanyetso! E bile thabo e khōlō hakaakang ho bona bonngoe le thabo lelapeng la bona ka baka la ho amohela ’nete ea Bibele! Sena se tiisa mantsoe a mopesaleme: “Ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15, NW.
◻ Phihlelo e ’ngoe e hlaha Motseng oa New York, U.S.A. Monna o qalile ho sebelisa lithethefatsi a le lemo li 13 ’me a fetoha lekhoba la tsona hoo a neng a hlōleha ho ja ha a sa tsuba marijuana! Temallo ea hae ea cocaine e ne e mo hloka R200 ka letsatsi. ’Me nakong eo a rekisang lithethefatsi o ne a tšoara lithunya tse peli tsa letsoho. O ile a nyala ’me a ba le bana ba bane. Ha mosali oa hae a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo hanyetsa haholo. Empa qetellong a tenoa ke mokhoa oa hae oa bophelo oa ho lula a hlasimolotsoe ke lithethefatsi le bohlola.
Ka khothatso e sa khaotseng ea mosali oa hae le thuso e lerato ea baholo, a lumela ho ithuta Bibele kamor’a selemo mosali oa hae a kolobelitsoe. Sena sa mo thusa ho hlōla bothata ha ’mele o nyoretsoe lithethefatsi, ho akarelletsa le lipono tse hlahisoang ke tsona. O ile a etsa tsoelopele e ntle ho fihlela a kolobetsoa ’me hona joale o thabela ho bona lelapa la hae le kopane, ’me bana ba hae ba bane ba etsa tsoelopele e ntle ’neteng. Mosebetsi oa hae oa boipheliso ha o nke nako ea hae e ngata ’me o fumana chelete e ntle, eena le mosali oa hae ba talimile pele ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 21]
“Ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15