Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Lefatšeng le Qaphalelitsoeng ke Mali
“Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa oona.”—GENESE 9:6.
1. Ke liphetoho life tsa lefatše ho tloha ka 1914 tse bakang ho ameha?
MALI a mangata haholo, a batho ba fetang limillione tse lekholo a tšolotsoe ntoeng ho tloha ka 1914. Joale tebello ea kamoso ke efe? Ho ripitloa hoa metse e ’meli ea Majapane ka 1945 ho nkile bophelo ba ba ka bang 200 000 ’me qetellong hoa isa thutong e ncha, e buuoang ke mebuso e matlahali ’me ka nepo e bitsoa “MAD” (Tiiso ea hore ho ka Timetsanoa). Hona ho entse hore mahlakore ka bobeli a tšabane ka ho tšoana motheong oa pokello ea libetsa tsa nuclear tse ka timetsang lefatše la rōna ka makhetlo a mangata. Likepe tse tsamaeang ka tlaase ho metsi li nkile libetsa tsena tse tšabehang ho li kenya maoatleng, ’me morao tjena tšabo ea ntoa ea sepaka-paka e ekelitse kotsi ena. Esita le hona ho tšabana hona, hona joale ho tsukutlehile le metheong ea hona. Na ho na le tsela ea ho tsoa bohlanyeng boo?
2. Jesu o ile a profeta eng mabapi le mehla ee, empa ka tiisetso efe ho Bakreste?
2 E, e teng. Empa e ke ke ea e-ba e khethoang ke lichaba. Jesu o profetile tjena ka tsieleho ea tsona ea hona joale: “Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng; hobane tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha.” Jesu a qetella boprofeta boo ka tiiso ea hore Bakreste ba ’lulang ba falimehile ba tla phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala.’—Luka 21:25, 26, 36.
Ho Phehella Khotso le Molimo
3. (a) Lichaba li sebeletsa lithahasello tsa “molimo oa lefatše” lee joang? (b) Jehova o tla lokisa tseko ee joang?
3 Lichaba, haholo-holo tse hlometseng ka libetsa tsa nuclear, li koaletsoe tlholisanong ea ho busa lefatše, e ka ’nang ea qetella ka timetso ea lefatše. Hona ho sebeletsa lithahasello tsa “molimo oa lefatše lena.” Lichaba li ‘bōkanetse ho tsohela Jehova le [Kreste] oa hae matla,’ eo hona joale a beiloeng teroneng maholimong. Ha Jehova a fana ka taelo, Kreste o tla thumakanya lichaba tseo joalokaha eka ke ka lere la tšepe. Joale ho tla phethahala tšepiso ena: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”—2 Ba-Korinthe 4:4; Pesaleme ea 2:2, 6-9; Baroma 16:20.
4. Re ka phehella khotso le Molimo joang? (1 Petrose 3:11)
4 Rōna, re lokela ho batla ho phehella khotso le Molimo oo. Re ka etsa joalo joang? Har’a tse ling, re lokela ho lakatsa ho ba le pono ea Molimo mabapi le ho halalela hoa bophelo ba motho le hoa mali a bophelo a bohlokoa a phallang methapong le methatsoaneng ea rōna.
5. Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova o phetetsa tšollo ea mali e sehlōhō?
5 Jehova ke ’Mōpi oa motho le oa molatsoana o babatsehang oa mali o tsamaisang limatlafatsi ’meleng oa motho, ho re boloka re ntse re phela. Molimo ha o’a ka oa rera le ka mohla hore mali a motho a lokela ho tšolloa ka sehlōhō. Kamor’a hore Kaine a etse polao ea pele, Jehova a bolela hore mali a Abele a ne a llela hore a pheteletsoe. Hamorao, e mong oa litloholo tsa Kaine, Lemeke, ea e-ba ’molai ’me ka bothothokisi a bolela hore haeba eena a ka bolaoa molato oo oa mali o lokela ho phetetsoa. Kamor’a nako, lefatše le senyehileng la tlala pefo. Jehova a rōmela moroallo ho tla timetsa lefatše leo la pele la batho. Ke lelapa la Noe ea ratang khotso feela, eo lebitso la hae le bolelang “Phomolo,” le ileng la pholoha.—Genese 4:8-12, 23, 24; 6:13; 7:1.
6. Molao oa Molimo ke ofe mabapi le mali, hona o tlama bo-mang?
6 Ka nako eo Jehova o ile a tsebisa Noe thato ea Hae e hlakileng mabapi le mali. O ile a qetella sena ka hore: “Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa oona.” (Genese 9:3-6) Batho bohle kajeno ke litloholo tsa Noe; ’me ka lebaka leo, molao ona oa bomolimo o hatisang tlhompho bakeng sa bophelo o tlama batho bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo. Molao oa botšelela ho e Leshome le oona o ne o re, “U se ke ua bolaea.” Molato oa mali o hloka bohato bo tšoanelehang le phetetso.—Exoda 20:13; 21:12; Deuteronoma 21:1-9; Ba-Heberu 10:30.
7. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho nepahetse hore Jehova a laele Iseraele hore e ee ntoeng? (b) Bakreste ba loana ntoeng efe kajeno?
7 Kaha ho tšolloa hoa mali ho ne ho thibetsoe ka ho hlakileng hakana, ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella a ba a laela, sechaba sa Iseraele ho kena ntoeng? Re lokela ho hopola hore ena e ne e le ntoa e halalelitsoeng eo ka eona Jehova, Moahloli oa lefatše lohle, a ileng a etsa hore lichaba tse rapelang bademona li felisoe. Ka mohlala, Bakanana e ne e le basenyi Lefatšeng la Pallo ’me ba ne ba latela mekhoa ea bophelo ea bodemona le ea boitšoaro bo bobe e neng e tla ntša batho ba halalelang ba Molimo kotsi. Jehova a etsa hore naha eo e ‘hlatse’ batho bao ba hlephileng sebakeng sa bona, a sebelisa ntoa ea puso ea Molimo ho e phethahatsa. (Levitike 18:1-30; Deuteronoma 7:1-6, 24) Hona ho lokafatsa ntoa ea moea ea Bakreste kajeno.—2 Ba-Korinthe 10:3-5; Ba-Efese 6:11-18.
8. Ke eng e bontšang hore Molimo ha o amohele ho tšolloa hoa mali a se nang molato?
8 Leha ho le joalo, Jehova haa ka a lumella taba ea hore mali a tšolloe ntle ho khethollo. Kahoo, ho ngotsoe tjena mabapi le morena oa Juda: “Hape, Manasse a tšolla mali a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka ’ona kahohle.” Le hoja Manasse hamorao a ile a baka ’me a ikokobetsa ka pel’a Jehova, molato oo oa mali o ile oa sala holim’a hae le lesikeng la hae. Setloholo sa Manasse se tšabang Molimo, Morena Josiase, se ile sa nka bohato bo nepahetseng ba ho hloekisa naha eo le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Empa o ne a ke ke a tlosa molato oo oa mali. Pusong ea mora Josiase Jojakime, Jehova a susumelletsa Nebukadnezare khahlanong le Juda, ho liha kahlolo khahlanong le sechaba seo. “Efela ka ’nete ke ka taelo ea Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pel’a hae, ka baka la libe tsohle tsee Manasse a li entseng; le ka baka la mali a se nang molato a tšolotsoeng ke eena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema ka mali a se nang molato; ’me Jehova ha a ka a rata ho ba tšoarela.”—2 Marena 21:16; 24:1-4; 2 Likronike 33:10-13.
Tekanyetso bakeng sa Bakreste
9. Jesu o ile a beela Bakreste tekanyetso efe mabapi le ho tšolla mali?
9 Re ne re tla lebella hore Jesu, Mothei oa Bokreste, a beele Bakreste tekanyetso mabapi le ho tšolla mali. Na o ho entse? Hang kamor’a hore a thee Sehopotso sa lefu la hae, Jesu o ile a etsa hore barutuoa ba hae ba be le lisabole tse peli. Ka morero ofe? Bakeng sa ho thea molao-motheo oa bohlokoa, oo ho neng ho tla hlokahala hore Bakreste bohle ba o boloke. Ha lebotho la masole le ne le tlil’o tšoara Jesu Gethsemane, Petrose ea befileng a tsokotsa sabole ’me a tlosa tsebe ea lehlakore le letona ea Malkuse, mohlanka oa moprista e moholo oa Sejode. Na kahoo e ne e se ntho ea bohlokoa ho loanela Mora oa Molimo? Jesu ha a ka a nahana joalo. O ile a folisa tsebe ea mohlanka eo ’me a hopotsa Petrose hore Ntate oa Hae oa leholimo o ne a ka khona ho romella lilegione tse 12 tsa mangeloi ho tla thusa Jesu. Mono Jesu a bolela molao-motheo oa bohlokoa: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Matheu 26:51-53; Luka 22:36, 38, 49-51; Johanne 18:10, 11.
10. (a) Ke molao-motheo ofe oa bohlokoa o theiloeng ho Johanne 17:14, 16, le 18:36? (b) Ke tsela efe e felletseng ka ho pholoha hoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
10 Bakreste ba lekholo la pele la lilemo hamorao ba ne ba tla hopola thapelo e matla ea Jesu ho Jehova, eo ho eona a itseng ka barutuoa ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Ba ne ba tla hopola karabelo ea Jesu e hlalosang ho Ponse Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Johanne 17:14, 16; 18:36) Matsatsing ao, lihlopha tsa Sejode li ne li loantšana, ka mantsoe le ka ho tšolla mali. Empa barutuoa ba Jesu ha baa ka ba kenella liphutuhelanong tseno tsa bofetoheli. Ka lilemo tse ka bang 30 ba ile ba lula Jerusalema. Eaba joale ba mamela pontšo ea Jesu ea boprofeta ka ‘ho balehela lithabeng.’ Ho se nke lehlakore ha bona le paleho ea bona ha fella ka hore ba pholohe.—Mattheu 24:15, 16.
11, 12. (a) Kornele le Sergiuse Pauluse ba ile ba lokela ho etsa qeto efe ha ba fetoha balumeli? (b) Ba ne ba ka fumana thuso hokae e le hore ba ka etsa qeto e nepahetseng? (c) Hoo ho re bontša eng kajeno?
11 Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Ho thoe’ng ka Kornele, molaoli oa lekholo, le Sergiuse Pauluse, molaoli ea neng a tšehelitsoe ke sesole Cyprus? Na banna baa ba ne ba sa amane le sesole?’ E, nakong eo ba neng ba amohela molaetsa oa Bokreste. Leha ho le joalo, Mangolo ha a re bolelle hore na Kornele le ba bang ba ile ba etsa eng kamor’a hore ba sokolohe. Ha ho pelaelo hore Sergiuse Pauluse, eo e neng e le monna ea bohlale ea bileng a “makalitsoe ke thuto ea Morena [Jehova],” ka pele o ne a tla hlahlobisisa boemo ba hae ba boipheliso leseling la tumelo ea hae eo a e fumaneng bocha ’me a etse qeto e nepahetseng. Kornele o lokela a be a entse ka ho tšoanang. (Liketso 10:1, 2, 44-48; 13:7, 12) Ha ho na tlaleho ea hore barutuoa ba ile ba ba bolella hore na ba tlameha ho nka bohato bofe. Ba ne ba ka iponela hoo ka ho ithuta Lentsoe la Molimo.—Esaia 2:2-4; Mikea 4:3.
12 Ka ho tšoanang, Bakreste kajeno ha ba lokela ho laela ba bang mabapi le hore na ba tlameha ho nka boemo bofe litsekong tse amanang le ho se nke lehlakore hoa Bokreste. E mong le e mong o tlameha ho iketsetsa liqeto tsa letsoalo la hae tumellanong le kutloisiso ea hae ea melao-metheo ea Bibele.—Ba-Galata 6:4, 5.
Mehleng ea Kajeno
13. Liithuti tsa Bibele li ile tsa tsoella joang ha li leka ho qoba molato oa mali Ntoeng ea I ea Lefatše?
13 E ne e le ka 1914 ha ntoa e akaretsang e futuhela lefatše ka lekhetlo la pele. Mehloli eohle ea lichaba, ho akarelletsa le matla a batho ba tsona, li ile tsa neheloa ntoeng. Ba bangata ba Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo, ba ile ba etsa boiteko bo babatsoang ho qoba molato oa mali. Ba ile ba hlorisoa hampe, feela joalokaha Jesu a itse ba ne ba tla hlorisoa.—Johanne 15:17-20.
14, 15. (a) Jehova o ile a fana ka tataiso joang Ntoeng ea II ea Lefatše? (b) Lipaki tsa Jehova li ile tsa nka boemo bofe bo hlakileng ka nako eo? (c) Hoo ho ile hoa fapana joang le ho neng ho etsoa ke balumeli ba lefatše?
14 Ha ntoa ea lefatše e boetse e qhoma ka 1939, Jehova a fana ka tataiso e hlakileng bakeng sa bahlanka ba hae. Ka nako ea likhoeli tse peli ho phatlalalitsoe ntoa, tataiso ena ea hlaha ka sebopeho sa taba e ithutoang e reng “Ho se Nke Lehlakore” tokollong ea The Watchtower ea la 1 Pulungoana, 1939. Ea qetella ka polelo ena: “Bohle ba ka lehlakoreng la Morena ba ke ke ba jela paate lichabeng tse loanang, ’me ka ho feletseng le kaofela e tla ba ba ’MUSI e moholo le Morena oa hae.”
15 Phello e bile efe? E le boena ba lefatše lohle, Lipaki tsa Jehova tsa tsitlallela ho ikhula ho tšolleng mali a batho ba se nang molato, ho akarelletsa banab’abo bona ba linaheng tse ling. Ha Mak’hatholike, Maprostanta, Mabuddha le ba bang ba ne ba bolaeana, barutuoa ba ’nete ba Jesu ba ne ba mamela molao oa hae o mocha: “Joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.”—Johanne 13:34.
16. (a) Lipaki tsa Jehova li ile tsa ipontšahatsa e le baahi ba lokileng joang? (b) Lipaki li ile tsa phehella ho neha Molimo lintho tsa Molimo joang, ’me ka linako tse ling e le ka liphello life?
16 Bakreste bana ba ile ba tsoela pele ho neha Sesare lintho tsa Sesare. Ba ile ba utloa melao ea naha joaloka baahi ba lokileng. (Mattheu 22:17-21; Ba-Roma 13:1-7) Empa habohlokoahali, ba ile ba neha Molimo lintho tsa oona, ho akarelletsa bophelo ba bona bo inehetseng le borapeli ba Bokreste. Ka hona, ha Sesare a batla ho ba le lintho tsa Molimo, ba ile ba itšoara tumellanong le melao-metheo e boletsoeng ho Liketso 4:19 le 5:29. Ho sa tsotellehe hore na tseko e ne e le ho tšolla mali, mosebetsi oa sesole empa o sa amane le ho loana, tšebeletso ea boikhethelo, kapa ho lumelisa setšoantšo se kang folaga ea sechaba, Bakreste ba tšepahalang ba ile ba nka boemo ba hore ha ho na sebaka se bohareng. Mabakeng a mang ba ile ba bolaoa ka lebaka la boemo bona.—Mattheu 24:9; Tšenolo 2:10.
Ha Baa ka ba Sekisetsa
17. (a) Ho latela buka e ’ngoe, Manazi a ile a tšoara Lipaki tsa Jehova joang? (b)Bakeng sa ho tobana le khanyetso, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fapana le ba bang joang?
17 Buka ea haufinyane tjena e reng Of Gods and Men e boletse hore nakong ea Puso ea Boraro ea Jeremane ea Hitler, Lipaki tsa Jehova e ne e le sona sehlopha sa bolumeli se neng “se hanyetsoa ka ho fetisisa.” Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa sekisetsa. Ba malumeli a mang Jeremane ba ile ba latela baruti ba bona ba sesole, kahoo ba etsa tšebeletso ea bolumeli naheng ea Jeremane ’me ba amohela “letšoao” la sebata sa bopolotiki “letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona.” (Tšenolo 13:16) Hona hoa tšehetsa sehlopha sa bopolotiki sa Jeremane haholo ’me ba hlakisa boemo ba bona ka ho phahamisa Hitler le ho lumelisa folaga ea swastika.
18. (a) Ke tlaleho efe e bontšang hore na Lipaki tsa Jehova ‘li ne li sa nke lehlakore “lipolotiking”’ kapa che? (b) Tlaleho ee ea histori e lokela ho re ama joang kajeno motho ka mong?
18 Bakreste ba ’nete moo ba ile ba nka boemo bofe? Phuputso e boletsoeng ka holimo e’a bolela: “Ke Lipaki tsa Jehova feela tse ileng tsa hanyetsa ’muso. Li ile tsa loana kahohle ’me ka lebaka leo halofo ea palo ea tsona e ile ea kenngoa litlamong ’me karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea bolaoa. . . . Tsona, ha li bapisoa le [malumeli a mang] hase tsa lefatše ka kutloisiso ea hore ha li batle thoriso kapa meputso ea lefatše la lintho tse bonahalang ’me ha li inke e le litho tsa lona. Ha li ‘nke lehlakore’ lipolotiking kaha e se e ntse e le tsa lefatše le leng—la Molimo. . . . Ha li batle ho sekisetsa kapa hona ho amohela tlhahiso ea ho etsa joalo. . . . Ho sebeletsa sesoleng, ho vouta, kapa ho lumelisa Hitler ka mokhoa oa teng ho ne ho tla be ho bolela ho hlokomela lentsoe la lefatše lena e le lona la ho qetela ho e-na le la Molimo.” Ho phehella khotso le ho hloka pefo hoa Lipaki tsa Jehova ho bile hoa hlokomeloa le likampong tsa mahloriso. Joang? Ka hore “e ne e le Lipaki feela tse lumelletsoeng ho kuta balebeli ba S.S. litelu li sebelisa mahare a bohale, kaha ke tsona feela tse neng li ka tšepeloa hore li ke ke tsa bolaea.”
19. Lipaki tsa Jehova li latetse mohlala o sebete oa Jesu joang, hona ka phello efe?
19 Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fetoha mohlala o totobetseng oa ho se nke lehlakore hoa Bokreste. Ka ho phehella, ho pota lefatše li ile tsa latela ka sebete mohlala oa Jesu ‘ka ho se be ba lefatše’; li ile tsa hlōla lefatše lena le molato oa mali joalokaha Jesu a entse.—Johanne 17:16; 16:33; 1 Johanne 5:4.
Ho Fumana Setšabelo Molatong oa Mali
20. (a) Ke hobane’ng ha ho potlakile ho baleha bolumeling ba bohata? (b) Ke hokae feela moo ho ka fumanoang setšabelo sa ’nete kajeno?
20 Mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli e ’nile ea tlerefatsa maqephe a histori ka ho kopanela ho tšolleng mali a se nang molato ka lintoa tsa bolumeli, lintoa tse “halalelang” le ka lipolao tse sehlōhō. E ’nile ea etsa litumellano le bahatelli ba nyoretsoeng mali. E ile ea lumela ha bahatelli bana ba akhela Lipaki tsa Jehova lichankaneng le likampong tsa mahloriso, moo tse ngata li shoeletseng teng. E ne e ithaopela ho tšehetsa bo-führer (baeta-pele) ba ileng ba bolaea Lipaki ka ho li thunya le ho li poma lihlooho. Litsamaiso tsena tsa bolumeli li ke ke tsa pholoha kahlolo e lokileng ea Jehova. E ke ke ea lieha. Leha e le hore morati ofe kapa ofe oa toka o lokela ho lieha ho tsoa bolumeling ba bohata—“Babylona e moholo” ea qhaphalelitsoeng ke mali—le ho batla setšabelo mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Tšenolo 18:2, 4, 21, 24.
21. Ke eng e neng e tšoantšetsoa ke tokisetso ea Molimo ea metse ea setšabelo?
21 Ba bangata ho rōna, pele re ithuta Lentsoe la Molimo, e ka ’na eaba re ile ra tšolla mali a batho kapa re ne re le litho tsa mekhatlo ea bolumeli kapa ea bopolotiki e molato oa mali. Ho sena re ka ’na ra bapisoa le ’molai eo e neng e se oa ka boomo Iseraeleng. O ne a ka balehela ho o mong oa metse e khethiloeng e tšeletseng moo a neng a ka fumana setšabelo ’me a qetella a lokolotsoe ha moprista e moholo oa Iseraele a e-shoa. Kajeno, hona ho bolela ho amohela le ho lula tlas’a melemo ea tšebeletso e mafolo-folo ea Moprista e Moholo oa Molimo, Jesu Kreste. Ka ho lula moo kamanong le batho ba Molimo ba tlotsitsoeng, re ka bolokoa re phela ha “mophetetsi oa mali” oa kajeno, Kreste Jesu, a liha kahlolo ea Molimo holim’a ba molato oa mali. “Bongata bo boholo ba batho” boo hona joale bo balehelang mokhatlong oa Molimo o hlophisitsoeng bo tlameha ho lula setšabelong seo ho fihlela Kreste, boemong ba hae e le Moprista e Moholo, a ‘e-shoa’ mabapi le ho phetha mosebetsi oa hae oa topollo.—Numere 35:6-8, 15, 22-25; 1 Ba-Korinthe 15:22-26; Tšenolo 7:9, 14.
22. Mabapi le Esaia 2:4, lichaba tsa Machaba a Kopaneng li fapana joang le sechaba se halalelang sa Molimo?
22 Leboteng la mohaho oa Machaba a Kopaneng, New York, U.S.A., u ka ’na ua bala mantsoe a latelang a qotsitsoeng ho Esaia 2:4: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Empa ke bo-mang ba itšoarang tumellanong le mantsoe ao kajeno? Ha ho le se seng sa litho tsa ho bitsoang Machaba a Kopaneng se phethahatsang mantsoe ao. Ke feela “sechaba” se phehellang khotso lefatšeng sa Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse tharo tse bontšitseng ka ho hlaka kamoo ho se nke lehlakore hoa Bokreste ho ka bolokoang kateng lefatšeng le qaphalelitsoeng ke mali.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Re ka phehella khotso le Molimo joang?
◻ Jehova o talima tšollo ea mali ka sehlōhō joang?
◻ Ho boleloa eng ka ho se nke lehlakore hoa Bokreste?
◻ Re na le mehlala efe e metle ea botšepehi?
◻ Re ka fumana setšabelo sa pholoho joang?
[Lebokose le leqepheng la 21]
Tlaleho ea Tumelo, Sebete le Botšepehi
Buka New Religious Movements: A Perspective for Understanding Society e etsa tlhaloso ena e tsoelang pele ka botšepehi ba Lipaki tsa Jehova ha li tobane le mahloriso a Nazi:
“Ha li hana ho inehela, Lipaki tsa Jehova tsa phephetsa maikutlo a bohatelli a tsamaiso e ncha, ’me phephetso ena, hammoho le ho phehella hoa eona hore e ’ne e be teng, ka ho totobetseng e ile ea tšoenya baqapi ba tsamaiso e ncha. Ha Lipaki li ne li hlorisoa haholoanyane, li ne li phephetsa maikutlo haholoanyane. Mekhoa ea tlhoriso, tlhokofatso, ho kenngoa teronkong le ho songoa e neng e hlomphuoa hobane e ne e le khale e sebelisoa, e ne e sa sokollele Lipaki leha e le life Bonazing ’me ha e le hantle e ne e hlanohela bahlohlelletsi ba eona. Manazi a ne a tlakasela ke karabelo ena e neng e sa lebelloa.”
“Pakeng tsa lira tsena tse peli tse neng li tseka botšepehi, ntoa e ne e tšabeha, ho bile joalo haholoanyane kaha Manazi a likhoka, ka litsela tse ngata a ne a sa nepisise hakaalo, a sa tiea hakaalo tumelong ea oona, a sa kholiseha hakaalo ka pholoho ea puso ea oona ea lilemo tse 1 000. Lipaki li ne li sa belaele semelo sa tsona, hobane tumelo ea tsona e ile ea totobala ho tloha mehleng ea Abele. Ha Manazi a ne a lokela ho pata khanyetso le ho kholisa batšehetsi ba oona, hangata a alima puo le likhopolo ho mekha ea bokhelohi ea Bokreste, Lipaki li ne li kholisehile ka botšepehi bo feletseng le bo sa tenyetseheng ba litho tsa tsona, esita le ho isa lefung.”
Ka sebele e tla ba letsatsi le thabisang mohla ho phethoang tlhōlo ena ea botšepehi ba Bokreste. (Ba-Roma 8:35-39) Joale, tlas’a puso ea ’Muso ea “Morena oa khotso,” Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, ho tla ba le ’puso ea bohosana le khotso e sa feleng.’—Esaia 9:6, 7.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Baboloki ba Bacha ba Botšepehi
Se latelang se qotsitsoe bukeng e sa tsoa phatlalatsoa ke molebelli e mong naheng e ’ngoe ea Europe. E bontša kamoo Lipaki tse nyenyane li ileng tsa tobana le tseko ea ‘ho se be karolo ea lefatše’ ka sebete kateng.—Johanne 17:14.
‘1945, la 12 Tlhakubele: Ho ne ho e-na le linyeoe tsa molao oa sheshe. Ho qosoa Bajehova ba babeli ba banyenyane. Qoso: ho hana tšebeletso ea sesole (ho latela moea oa bolumeli ba bona). E monyenyane, ea e-song ho be le lilemo tse 20, o ile a ahloleloa lilemo tse 15 teronkong e khōlō. Leha ho le joalo, e moholoanyane o ile a ahloleloa lefu, ’me ka potlako o ile a tlisoa hahabo ho tla bolaeloa moo phatlalatsa e le mohlala oa temoso. Ke phofu ea bo14 mona. E se eka a ka phomola ka khotso. Taba ena e nkamme ka ho teba. U ke ke ua tšoara Bajehova ka tsela e joalo. Ka moshanyana enoa, ha baa ka ba etsa mohlala o lemosang empa ba entse moshoela-tumelo. E ne e le moshanyana ea koenneng. Ke mo utloela bohloko.
‘Thapama, re ile ra ithuta boitsebiso bo qaqileng ba polao ea mohlankana enoa, e etsahetseng ka pel’a batho ba bangata lebaleng la motse. E mong oa masole a emeng moleng o ile a ithunya ka lebaka la lihlong pele ho polao. Hona ke hobane mokoronele o ne a batla hore a thuse ’molai. Empa o ne a sa utloisise ho etsa joalo. O ne a ka mpa a felisa bophelo ba hae. Mohlankana eo ena a shoa ka sebete. Ha a ka a re letho.’
Tsohong, bacha ba joalo ba tla thaba hakaakang hore ebe ba ile ba khetha ho latsoa tsenene ea lefu ho e-na le ho lahla sebaka tsamaisong ea lintho e ncha ea Jehova!—Bapisa Hosea 13:14.