Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/15 maq. 15-20
  • Keletso e “Nokiloeng ka Letsoai”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keletso e “Nokiloeng ka Letsoai”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nahana ka ‘Moeletsi ea Makatsang’
  • Sebelisa Lipapiso
  • Botsa Lipotso
  • Mamela ka Hloko
  • U Etse ka ’Nete
  • Baeletsi ba Bohlale—Tlhohonolofatso ho Baena ba Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na U Fana ka Keletso e Thabisang Pelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Kamehla Ua Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/15 maq. 15-20

Keletso e “Nokiloeng ka Letsoai”

“Le polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.”—BA-KOLOSSE 4:6.

1, 2. Ke hobane’ng ha e le hoa bohlokoa ka ho fetisisa hore keletso ea Bokreste e ‘nokoe ka letsoai’?

HISTORING eohle, letsoai le phethile karolo e khethehileng tokisong ea lijo. Le thusa lijo hore li se ke tsa senyeha le bile lea li natefisa, hoo lijo tse ngata ha li se na letsoai ho thoeng li thotse ’me ha li na tatso. Ka baka leo, ha Pauluse a ne a ngola hore lipolelo tsa Bakreste e be tse “nokiloeng ka letsoai,” o ne a bolela hore puo ea rōna e be e hahang, haesita le e amohelehang le e ipiletsang. (Ba-Kolosse 4:6) Hona ke ’nete ka ho khethehileng ha re fana ka keletso. Hobane’ng?

2 Morero oa ho eletsa hase feela ho fapanyetsana litaba. Mabakeng a mangata, ea eletsoang o se a ntse a tseba e meng ea melao-metheo ea Bibele e sebetsang boemong ba hae, empa e ka ’na eaba o na le khathatso ea ho e sebelisa kapa ho bona bohlokoa ba eona. Ka baka leo, phephetso ea sebele ea keletso ea Bokreste ke ho fetola tsela eo motho e mong a nahanang ka eona. (Ba-Galata 6:1; Ba-Efese 4:11, 12) Ke kahoo ho hlokahalang “letsoai.”

3. Jehova o fane ka thuso efe bakeng sa baeletsi ba Bakreste?

3 Ka ’nete, ho eletsa ke phephetso, ’me ho e khahlametsa, ho hlokahala hore moeletsi a be le tsebo le temoho. (Liproverbia 2:1, 2, 9; 2 Timothea 4:2) Ka thabo, Jehova o fane ka Bibele, e nang le tsebo e hlokahalang le mehlala e mengata ea keletso e fanoeng ke banna ba lemohang litaba ba Molimo. Ho hlahloba e meng ea eona ho tla re thusa hore re be baeletsi ba molemo haholoanyane.

Nahana ka ‘Moeletsi ea Makatsang’

4. Ha moholo oa Mokreste a fana ka keletso phuthehong, a ka etsisa Jesu Kreste joang?

4 Ka mohlala, nahana ka Jesu, “Moeletsi ea makatsang.” (Esaia 9:6) Bofelong ba lekholo la pele la lilemo, Jesu o ile a etsa hore ho romeloe mangolo a keletso liphuthehong tse supileng seterekeng sa Asia. Mangolo ana ke mohlala o motle bakeng sa baholo bao ho ka ’nang hoa hlokahala hore ba fane ka keletso liphuthehong tsa habo bona—’me melao-metheo e sebetsa ka ho tšoanang haholo ha ho eletsoa batho ka bomong. Mathata ao Jesu a buileng ka oona a ne a tebile, har’a a mang e ne e le: bokoenehi, tšusumetso ea “Jezebele,” ho ba foofo le lintho tse bonahalang. (Tšenolo 2:4, 14, 15, 20-23; 3:1, 14-18) Ka hona Jesu o buile ka mathata ana ka mokhoa o tobileng. Ho ne ho se pelaelo hore na o batla ho re’ng ho liphutheho tseo a neng a bua le tsona. Kajeno, ha baholo ba Bakreste ba fana ka keletso liphuthehong tsa habo bona, ba lokela ho noka keletso ea bona ka boikokobetso le ka mosa, ba etsisa Jesu. (Ba-Filippi 2:3-8; Mattheu 11:29) Ka lehlakoreng le leng, le teng e le ha ba etsisa Jesu, ho hlokahala hore ba tobe taba. Keletso ha e’a lokela hore e be e sa hlakang le e akaretsang hoo phutheho e sa utloisiseng moko-taba.

5, 6. Ke thuto efe e tsoelang pele eo moholo oa Mokreste a ka ithutang eona melaetseng ea Jesu ho liphutheho tse supileng?

5 Hape, hlokomela hore qalong, neng le neng ha ho ne ho hlokahala Jesu o ne a babatsa liphutheho ka matla ’me a qetella keletso ea hae ka khothatso e hahang. (Tšenolo 2:2, 3, 7; 3:4, 5) Baeletsi ba Bakreste, le bona ba lokela ho noka keletso ea bona ka pabatso le khothatso. Joalokaha moholo e mong ea nang le phihlelo a ile a bolela: “Ka sebele, ha u finyelle ho hongata haeba u omanya baena feela.” Ha baholo ba fana ka keletso e matla, ha baa lokela ho siea baena ba ikutloa ba nyelisehile, empa, ho e-na le hoo, ba ikutloe ba matlafalitsoe ’me ba ikemiselitse ho etsa hamolemo kamoso.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 1:1-4.

6 Qetellong, ho thoe’ng ka melaetsa ea Jesu ho liphutheho tsa Smyrna le Filadelfia? Ho ne ho se letho leo a nyatsang baena bana ka lona. Empa kaha ba ne ba le litekong tse matla, a ba khothatsa hore ba ’ne ba mamelle. (Tšenolo 2:8-11; 3:7-13) Balebeli ba Bakreste, le bona ba lokela hore ba se ke ba fana ka keletso feela ha ho hlokahala khalemelo empa kamehla ba falimehele ho babatsa baena bakeng sa mesebetsi ea bona e metle le ho ba khothaletsa ho mamella.—Ba-Roma 12:12.

Sebelisa Lipapiso

7, 8. (a) Keletso ea Jesu ho balateli ba hae e ne e ‘nokiloe ka letsoai’ joang? (b) Ke hobane’ng ha lipapiso e le tsa bohlokoa ha re fana ka keletso?

7 Nako e ’ngoe eo Jesu a ileng a fana ka keletso ka eona ke ha barutuoa ba hae ba ne ba amehile ka hore na ke mang eo e tla ba oa pele ’Musong oa maholimo. A ka be a ’nile a omanya balateli ba hae ka matla ka ho ameha ka sena. Ho e-na le hoo, a ‘noka mantsoe a hae ka letsoai.’ A bitsa ngoana, a re: “E mong le e mong ea ikokobetsang joale ka ngoana enoa, ke eena eo e leng e moholo ’musong oa maholimo.” (Mattheu 18:1-4; Luka 9:46-48) Keletso e ne e hlakile, empa e le mosa, e haha. Ka ho bontša hore ’Muso oa maholimo o ne o fapane ho hang le mebuso ea lefatše lena, Jesu a khothalletsa balateli ba hae hore ba ikokobetse, ’me ba leke ho felisa sesosa sa komang ea bona.

8 Hape, hlokomela phello ea mokhoa oa ho ruta oo Jesu a o sebelisitseng tabeng ena. Mohlala oa ntho e phelang—ngoana e monyenyane! Baeletsi ba bohlale hangata ba noka mantsoe a bona ka lipapiso, kaha li ka hatisa botebo ba taba kapa li ka thusa ea eletsoang hore a nahane ’me a talime bothata leseling le lecha. Hangata lipapiso li thusa ho theola ho imeloa kelellong.

9. Mehlala e meng ea Mangolo ke efe ea tšebeliso ea lipapiso ha ho fanoa ka keletso?

9 Ha Jehova a lemosa Kaine hore o kotsing e khōlō ea ho etsa sebe se tebileng, a hlalosa sebe ka ho hlakileng joaloka phoofolo e hlaha. Molimo oa re: “Sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena.” (Genese 4:7) Ha Jonase a ne a halefile haholo hobane Jehova a ne a bolokile Baninive ba bakileng, Molimo oa mo melisetsa monyaku hore o mo sireletse. Joale, ha semela se omella ’me Jonase a belaela, ka mokhoa o matla empa o le molemo, Jehova a re: “Uena, u qenehetse monyaku . . . ’Me ’na, u re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekholo le nang le mashome a mabeli a likete”? (Jonase 4:5-11) Keletso e matla ka sebele!

10. Moeletsi oa Mokreste oa kajeno o sebelisitse papiso joang ho thusa mocha e mong ho utloisisa hamolemo sepheo sa batsoali ba hae?

10 Ka ho tšoanang, ha mocha e mong a ne a utloile bohloko hobane batsoali ba hae ba mo khethela metsoalle, molebeli ea tsamaeang a leka ho mo thusa ka ho sebelisa papiso ena: “U rata ho rōka, na ha ho joalo? Nahana ha u ka senya nako e ngata u rōkela motsoalle mose o motle. Empa kamor’a hore u mo fe oona, u fumane hore o phumula ka oona fatše. U ne u tla ikutloa joang?” Ngoanana a lumela hore o ne a tla utloa bohloko. Ka hona mosebeletsi a tsoela pele: “Batsoali ba hau le bona ba e talima joalo. Ba sentse nako e ngata ho u hōlisa, ’me ba motlōtlō ka uena. Kahoo, ba batla hore o tloaelane le batho ba tlang ho u tšoara ka mokhoa o loketseng, e seng batho ba tla qetella ba u ntšitse kotsi.” Papiso ea thusa ngoanana hore a ananele seo batsoali ba hae ba ne ba leka ho se etsa.

Botsa Lipotso

11. Jehova o sebelisitse lipotso hamolemo joang ha a eletsa Jonase?

11 Ha Jehova a ne a bua le Jonase ka khalefo ea hae e se nang mabaka, mohlomong u hlokometse hore o boetse a botsa lipotso. Ha Jonase, a halefetse hore Ninive ha e’a timetsoa, a kōpa hore a shoe, Jehova a re: “Na ke hantle ha u hloname na?” Jonase ha a ka a arabela. Kahoo, Jehova a melisa monyaku ’me oa ba oa shoa. Eaba Jonase o hlonama ka ho fetisisa. Kahoo Jehova a mo botsa: “A u etsa hantle, ha u hlonamile ka baka la monyaku na?” Ka lekhetlo lena Jonase a arabela: “Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shoeng.” Ha joale moprofeta a arabile Jehova, A tsoela pele ho bapisa boikutlo ba Jonase ka semela feela tjee le boikutlo ba Hae ka Ninive, a botsa potso ena e khaolang khang: “’Na, . . . ke se ke ka qenehela Ninive”? (Jonase 4:4, 9, 11) Kahoo Jonase a eletsoa hore a etsise boikutlo ba Jehova ho Baninive ba bakileng.

12. Bohlokoa ba lipotso ke bofe keletsong? Bontša.

12 E, lipotso li thusa moeletsi hore a fumane se nahanoang ke motho ea hlokang ho eletsoa. Hape li thusa hore motho eo a hlokomele ka ho hlakileng haholoanyane mathata a hae le lipheo tsa hae. Ka mohlala, motho a ka ’na a tsitlella hore o na le tokelo eohle ea ho noa pele a khanna koloi ho ea lapeng. A ka ’na a ikutloa ka ’nete hore ‘Joala ha bo ntlhōle’! Motsoalle a ka ’na a leka ho beelana mabaka le eena, a re: ‘Empa ha re re mohlomong u amehile kotsing eo e neng e se phoso ea hau. Mapolesa a ne a tla nahana eng ha a hlokomela hore u noele? Hape ha re re, joala boo bo fela bo amme liketso tsa hau le haeba e le hanyenyane feela. Na ka sebele u rata ho khanna koloi ea hau ha karabelo ea hao ho se etsahalang tseleng e sa fella hantle? Na u ka iteketletsa kotsing feela ka lebaka la ho re tsoara hanngoe feela?’

13. Ke ka tsela efe moeletsi e mong a ileng a sebelisa Bibele hammoho le lipotso, ho fana ka keletso? Ke hobane’ng ha hona ho bile molemo?

13 Keletso ea Bokreste kamehla e theiloe Bibeleng. ’Me moo ho ka khonehang, baeletsi ba Baeletsi ea ba Bakreste ba hlile ba sebelisa Bibele ha ba fana ka keletso. Ke thuso e matla. (Ba-Heberu 4:12) Mohlala: Moholo ea nang le phihlelo o ne a leka ho thusa motho e mong ea neng a se a se mafolo-folo mosebetsing oa boboleli. Moholo a hlokomelisa ka setšoantšo sa Jesu sa monna ea neng a e-na le bana ba babeli, a ba kōpile ka bobeli hore ba ee ba eo sebetsa tšimong ea hae ea merara. Oa pele a re o tla ea empa a se ke a ea. Oa bobeli a re a ke ke a ea empa hamorao a etsa qeto ea hore o tla ea. (Mattheu 21:28-31) Joale moeletsi a botsa: “Hona joale u etsisa ofe ho bana baa ba babeli?” Mohoeletsi a utloisisa taba kapele, haholo ha moeletsi a tsoela pele: “U nahana hore Jehova, Mong a tšimo ea merara, o talima boemo ba hau joang?”

14. Maemo a mang ao ho oona lipotso e ka bang kofuto ea bohlokoa ha ho fanoa ka keletso ke afe?

14 Ho joalo leha ho lekoa ho thusa ba nang le lipelaelo, ba nang le mathata a lenyalo kapa a lelapa, ba nang le liphapang le batho ba bang, kapa ba maemong a mang a lekang.a Lipotso tse bohlale li thusa ba eletsoang hore ba nahane, ba itlhahlobe ’me ba fihlele liqeto tse nepahetseng.

Mamela ka Hloko

15. (a) “Batšelisi” ba bararo ba Jobo ba ile ba hlōleha ho etsa’ng? (b) Ho mamela ho tla thusa moeletsi oa Mokreste joang?

15 Leha ho le joalo, hopola hore ho botsa lipotso ho fana ka maikutlo a hore u batla ho utloa likarabelo. (Liproverbia 18:13) Baeletsi ha baa lokela ho oela lerabeng le ileng la tšoara “batšelisi” ba bararo ba Jobo. Jobo o buisane le bona, empa ha baa ka ba hla ba mamela. Ba ne ba se ba entse qeto likelellong tsa bona hore Jobo o hlokofala ka lebaka la boetsalibe ba hae. (Jobo 16:2; 22:4-11) Empa ho fapana le bona, moeletsi oa Mokreste o lokela ho mamela ka hloko. Kahoo, a ka ’na a hlokomela khefu kapa ho khitlela hoa lentsoe hoa bohlokoa ho bontšang hore taba ha e s’o felle. Mohlomong potso e tlatsetsang e tla ntša maikutlo ao motho eo a a koetlileng kelellong.—Bapisa Liproverbia 20:5.

16. Ho hlokoa eng ho moeletsi ha ho le thata ho mamela lipolelo tsa Mokreste oa habo ea ferekaneng maikutlong?

16 Ke ’nete, hona ho ke ke hoa e-ba bonolo kamehla. Motho ea tšoenyehileng a ka ’na a phasoloha: “Ke hloile batsoali ba ka!” kapa, “Nke ke ka hlola ke phela le monna oa ka!” Ho’a ferekanya ho mamela lintho tse joalo. Empa hopola hore Jehova o ile a utloisisa ho mamela ha Asafe a belaela hore ho bonahala botšepehi ba hae e le lefeela. (Pesaleme ea 73:13, 14) Hape, Molimo oa mamela, ha Jeremia a re o thetsitsoe. (Jeremia 20:7) Habakuke o bonahetse a belaela hore ba babe ba hatella ba lokileng, le hore Jehova o ne a sa bone le ho bona. (Habakuke 1:13-17) Baeletsi ba Bakreste ba lokela hore ka ho tšoanang ba lokele ho mamela. Haeba batho ba hlile ba e-na le maikutlo ana, ke moo ho hlokahalang hore moeletsi a tsebe ka hona e le hore a ka thusa. O lokela ho qoba hore a se ke a phehella motho ea eletsoang ka bolotsana hore a bolele maikutlo ao eena a nahanang hore motho eo o lokela ho ba le oona ho e-na le ao a hlileng a nang le oona. Moeletsi o lokela hore hape a qobe ho itšoara ka mokhoa o matla kapa oa boahloli, mohlomong kahoo a bile a nyahamisa motho eo hore a ka phetla pelo ea hae ho ea pele.—Liproverbia 14:29; 17:27.

17. Ho mamela bana babo rōna feela ka linako tse ling ke tsela ea matšeliso joang ho bona?

17 Ka linako tse ling, karolo e khōlō ea keletso ea rōna ke ho mamela, ho lumella motho eo hore a ntše bohloko ba hae, masisa-pelo a hae kapa ho hlomoha maikutlo hoa hae. Ha Naomi a khutla masimong a Moabe, basali ba Iseraele ba mo lumelisa ka mantsoe ana: “Na enoa hase Naomi na?” Empa Naomi ka masoabi a arabela: “Se mpitseng Naomi (ea khahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etsoe Ea matla ’ohle a nkentse ka mokhoa o babang haholo. Ke ile ke tletse, ’me Jehova o nkhutlisitse ke le feela; le sa mpiletsa’ng Naomi, athe Jehova o nkotlile ’me Ea matla ’ohle o ntšoabisitse!” (Ruthe 1:19-21) Basali ba Baiseraele ba koaleha melomo. Empa, hangata, ho iketsa ea fumanehang ho mamela ka lerato ha ba bang ba ntša bohloko ba maikutlo a bona ho ka tlatsetsa ho phekoleheng hoa bona.b

U Etse ka ’Nete

18. (a) Likarabelo tse ling keletsong e tsoang ho Jehova le Jesu Kreste ke life? (b) Ke tšoaneleho efe eo baeletsi ba Bakreste ba lokelang ho e hlaolela?

18 Ha e le hantle, karabelo keletsong ha e tšoane. Jonase ka ho totobetseng o ile a arabela hantle keletsong ea Jehova. Moprofeta a hlaphoheloa hantle tlhonamong ea hae le khalefong ea hae hoo a ngotseng liphihlelo tsa hae hore ba bang ba ka ithuta ka tsona. Ho ile hoa nka nako hore balateli ba Jesu ba ithute boikokobetso. E, bona bosiu ba pele ho lefu la Jesu, ba boetse ba ngangisana ka hore na e be e moholo har’a bona e ka ba ofe! (Luka 22:24) Kahoo, ba fanang ka keletso ho hlokahala hore ba be sebete. (Moeklesia 7:8) Motho ea nang le boikutlo bo fosahetseng bo metseng ka metso, hangata a ke ke a fetola tsela ea hae ka lebaka la mantsoe a seng makae feela a moholo. Mathata a khale pakeng tsa balekane ba lenyalo a ke ke a nyamela ka ho buisana hanngoe feela le Mokreste ea holileng tsebong. Ho kula ho tebileng ho ka nka likhoeli ho ho phekola, ’me ho ba joalo ka mathata a tebileng a moea. ’Me ba bang ba ke ke ba mamela keletso e utloahalang. Ho sa tsotellehe ho eletsoa ke Jehova ka boeena, Kaine o ile a tloha ’me a bolaea moen’ae.—Genese 4:6-8.

19. Phutheho e ka thusa ba nang le maqeba a maikutlo joang?

19 Ba nang le mathata a maholo ba lokela ho bua ’nete ka hore na ba lebelletse eng phuthehong. Mokreste oa heno a ke ke a tlosa ho tepella ho matla kelellong, kapa maikutlo a bohloko ao mohlomong a bakiloeng ke kotsi kapa phihlelo e bohloko. Ha motho a kula ’meleng, hangata sohle seo ngaka e se etsang ke ho mo tšelisa ha nako e le eona e sebetsang ho phekola ’mele. Ka ho tšoanang, ha Mokreste a hlokofetse maikutlong, phutheho e ka leka ho mo tšelisa, e mo rapella le ho rapela le eena, e fana ka lentsoe la khothatso neng le neng ha ho khoneha, ’me e fana ka thuso leha e le efe eo ba ka e khonang. Joale, hangata nako le moea oa Jehova ke tsona tse phekolang. (Liproverbia 12:25; Jakobo 5:14, 15) Kahoo, e mong ea kileng a kopanela liphate le motho ea tsoalanang le eena haufi o ile a ngola: “Le hoja ho kopanela liphate le motho eo u tsoalanang le eena haufi e ka ba boikutlo bo imelang, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o etsa ho hongata ho u tšehetsa, ’me ka thuso ea Mangolo le ka tšehetso ea baena le bo-khaitseli, u ka hlōla.c

20. Keletso e phetha karolo efe ha bohle re leka ho ’na re sebeletsa Jehova?

20 E, Bakreste ba na le boikarabelo ba ho thusana. Baholo haholo-holo, empa hape bohle ba ka phuthehong, ba lokela ho ameha ka katleho ea bohle le ho fana ka keletso e mosa le ea Mangolo ha ho hlokahala. (Ba-Filippi 2:4) Ha e le hantle, keletso e joalo ha e’a lokela hore e be ea bompoli kapa e thata. Leha e le hore e lokela ho fana ka maikutlo a ho leka ho laola bophelo ba motho e mong. Ho e-na le hoo, e lokela ho theoa Mangolong ’me ‘e nokoe ka letsoai.’ (Ba-Kolosse 4:6) E mong le e mong o hloka thuso nako le nako, ’me keletso e nakong, e nokiloeng ka mosa le khothatso, e tla re thusa bohle hore re tsoele pele tseleng e isang bophelong bo sa feleng.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho eletsa banyalani, bona sehlooho “Tsela e Atlehang ea ho Eletsa,” khatisong ea Tsoha! ea la 8 Pherekhong, 1984.

b Bakeng sa litlhahiso tsa kamoo ho ka thusoang Bakreste ba mahlomoleng a ho tepella, bona lihlooho “Le Tšelise ba Pelo li Tepeletseng,” tsa Molula-Qhooa oa la 1 Mphalane, 1982, le “Leleme le Rutehileng—‘Le Khothatsang ba Khathetseng,’” tokollong ea la 15 Pulungoana, 1982.

c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho thusa ba hlomohileng ke maqeba a maikutlo, bona lihlooho “Tšepo bakeng sa ba Tsietsoeng” le “Ba Batla ho Thusa,” ho Molula-Qhooa oa la 15 Pherekhong, 1984, le “Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona,” tokollong ea la 1 ’Mesa, 1984.

Na U-ua Hopola?

◻ Ke litšobotsi life tsa keletso ea Jesu ho liphutheho tse supileng tse ka thusang baholo kajeno?

◻ Ke mehlala efe ea Mangolo e teng ea ho sebelisa lipapiso ha ho fanoa ka keletso?

◻ Ho moeletsi oa Mokreste, molemo oa sebele oa lipotso ke ofe?

◻ Moeletsi ea bohlale a ka sebelisa Bibele joang?

◻ Ke hobane’ng ha motho ea fanang ka keletso le eena a lokela ho ba hlokolosi ho mamela?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha Jesu a sebelisa ngoana ho tšoantšetsa taba ea hae, o neile barutuoa be hae keletso e hlakileng, e mosa le e hahang

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jonase o ne a hloname a bile a halefile, empa ho bonahala a ile a arabela hantle keletsong ea Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela