Boprofeta ba Daniele Litoro Tse U Amang
“U’a tseba ke’ng, ke ee ke retelehele ho baprofeta ba lōna ba boholo-holo ka Testamenteng ea Khale le lipontšong tse profetang Harmagedone, ’me ke iphumane ke ipotsa hore na e be ha re moloko o tla e bona ha e e-tla. Ha ke tsebe hore na e be u kile ua hlokomela bo bong ba boprofeta boo morao tjena, empa nkholoe, ruri bo hlalosa mehla eo re leng har’a eona.”—Presidente Ronald Reagan oa U.S.
HASE Presidente Reagan feela motho ea ’nileng a ipotsa hore na e be mehla eo re phelang ho eona ke eona e boletsoeng e sa le pele boprofeteng ba Bibele. Ba bang ba limillione le bona ba ’nile ba nahantšoa ke tsela eo maemo a hona joale a lefatše a lumellanang le boprofeta ba Mangolo ka eona. Leha ho le joalo, boprofeta bona ha bo profete feela nako eo ho seng e kileng ea tšoana le eona ea matšoenyeho empa bo profeta le tsamaiso ea lintho e ncha ea ho loka e tla latela hang kamorao ho moo.
Sehlooho sena se qalisa letoto la lihlooho, le kolokisang litokollo tse ’nè tsa Molula-Qhooa, tse reretsoeng ho u tloaetsa moprofeta e mong ea joalo oa boholo-holo, ea neng a bitsoa Daniele. Mohlomong u tseba ka eena. E ne e le Mojode oa lelapa la borena. E sa le mocha, Daniele o ile a isoa botlamuoeng Babilona, moo a ileng a rutoa ka lekhotleng la Nebukadnezare, morena oa bobeli oa ’Muso o Mocha oa Babilona. Hona ho etsahetse qetellong ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., pele ho timetsoa Jerusalema. Daniele o lutse botlamuoeng ho fihlela ha Babilona e e-oa ka 539 B.C.E., ’me kamor’a moo a sebeletsa lekhotleng la babusi ba pele ba Medo-Persia. Ha a ntse a le botlamuoeng o ile a hlalosa litoro ’me a ba le lipono tse bululetsoeng tse amang mehla ea rōna. E, uena le lelapa la hau lea ameha ho seo Daniele a se profetileng.
Litoro le Lipono tsa Boprofeta
Ha e le hantle, litoro le lipono tsa buka ea Daniele, ke boprofeta ba nakoana le ba nako e telele. Ke histori ea lefatše e ngotsoeng e sa le pele. Li fana ka lipono tsa ho loanela puso hoa batho, masika a bona a borena le mebuso ea bopolotiki ho tloha mehleng ea Daniele ho theosa le histori ho tla fihlela “mehleng ea qetello.”—Daniele 8:17, 19.
Phethahatso ea boprofeta ba nakoana e lokela ho susumetsa tšepo ea rōna boprofeteng ba nako e telele bo theosang ho tla fihlela mehleng ea rōna. Bo bong ba boprofeta bona ba nakoana bo profeta eng?
Bo bong e ne e le toro e buang ka sefate se seholo se ileng sa rengoa eaba se tlangoa ka ‘megoaha e supileng,’ pele se lumelloa hore se hlomele hape. (Daniele 4:10-17) Phethahatsong ea bona ea nakoana, boprofeta bona bo sebelitse ho Morena Nebukadnezare ea ileng a lora toro eo. Selemo se le seng feela hamorao, ’musi enoa a ‘rengoa,’ ka ho totobetseng a rengoa ka lefu la kelello. Ka lilemo tse supileng a itšoara joaloka sebatana sa naha. Joale, “ho feleng ha motsotso” o profetiloeng, Nebukadnezare a boelloa ke kelello ea hae le terone ea hae. (Daniele 4:28-37) Ho latela The International Standard Bible Encyclopedia, mehloli ea boholo-holo e bontša hore Nebukadnezare o fetse a kula ho ea qetellong ea puso ea hae. Empa toro ena le eona e ne e e-na le phethahatso ea nako e telele, joalokaha sehlooho sa moraonyana letotong lena se tla bontša.
Boprofeta bo bong ba nakoana bukeng ea Daniele bo fanoe ka mongolo oa mohlolo leboteng la holo ea mekete moo Belshatsare, setloholo sa Nebukadnezare le mahosana a hae ba neng ba tšoaretse mokete teng. (Daniele, khaolo 5) Ba ne ba silafatsa lijana tse halalelang tse neng li nkiloe tempeleng ea Jehova Jerusalema. Tlas’a pululelo, Daniele a hlalosa molaetsa oo oa kahlolo ea bomolimo. Phethahatsong, “ka bona bosiu boo” Babilona ea oa ’me “Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa,” joalokaha ho tiisitsoe ke rahistori oa Mogerike Xenophon. (Daniele 5:30) Empa kajeno ho na le mongolo leboteng bakeng sa tsamaiso ea joale e khopo ea lintho. Le oona o tla hlalosoa sehloohong sa letoto lena.
E Tla Senoloa “Nakong ea Bofelo”
Ho ea qetellong ea buka ea hae ea boprofeta, Daniele o ngotse molaetsa ona oo a o fumaneng ka lengeloi: “Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla e bala, ’me tsebo e tla eketseha.”—Daniele 12:4.
Ka sebele kajeno ‘tsebo ea ’nete’ ea phethahatso ea boprofeta ba Bibele e atile. Kutloisiso ena e eketsehileng e kholisitse ba limillione ho liithuti tse hloahloa tsa Bibele hore ka sebele re phela “nakong ea bofelo” le hore ’Muso oa Molimo oa ho loka o haufi. (Daniele 2:44) Ha Soncino Books of the Bible e bontša hore buka ea Daniele e loketse mehleng ea rōna ntlheng ena, e re: “Taba ea sehlooho ea Daniele ke hore ho hlōla ho feletseng hoa toka ho tla tlisoa ka ho hlongoa hoa ’Muso oa Molimo.”
Na u lebelletse hore “ho loka ho tla qetella ho hlōtse”? Haeba ho joalo, litoro le lipono tsa boprofeta tsa Daniele ke tsa bohlokoa haholo ho uena. Sehlooho se latelang se tla u tloaetsa tse ling tsa tsona ’me se tla fana ka bopaki bo pakang hore Daniele ke buka ea ’nete ea boprofeta.